YouVersion Logo
Search Icon

TSHENOLO 12

12
Mosadi le kganyapa
1Jwale lehodimong ha hlaha pontsho e kgolo: Mosadi ya apereng letsatsi, kgwedi e le katlasa maoto a hae, a bile a ena le mofapahlooho wa dinaledi tse leshome le metso e mmedi hloohong. 2E ne e le moimana. A bokolliswa ke mahloko a pelehi. 3Ha hlaha pontsho e nngwe hape lehodimong. E ne e le kganyapa ya tonana, e kgubedu, e dihlooho tse supileng, le dinaka tse leshome, le mefapahlooho e supileng dihloohong tsa yona. 4Ka mohatla wa yona e ne e hulanya karolo e le nngwe ho tse tharo ya dinaledi tsa lehodimo, mme ya di lahlela lefatsheng. Kganyapa ya fihla ya ema kapele ho mosadi ya makgatheng a ho beleha, e le hore e tle e kwenye ngwana wa hae hang hoba a belehuwe. 5A beleha mora, ngwana e motona, ya tlang ho busa ditjhaba tsohle ka lere la tshepe. Yaba ngwana eo wa hae o nkelwa ho Modimo, teroneng ya hae. 6Mosadi yena a tshabela feelleng, moo Modimo a neng a mo lokiseditse sebaka teng, hore a tle a feptjwe ka matsatsi a sekete le makgolo a mabedi le mashome a tsheletseng.
7Yaba lehodimong ho qhoma ntwa: Mikaele le mangeloi a hae a lwana le kganyapa. Kganyapa le yona ya itwanela e ena le mangeloi a yona, 8empa ya hlolwa, mme ya tebelwa lehodimong le mangeloi a yona. 9Ya dihelwa fatshe kganyapa ya tonana, noha ya kgale, e bitswang Diabolosi le Satane, mokgelosi wa lefatshe lohle; ya dihelwa lefatsheng mmoho le mangeloi a yona.
10Lehodimong ka utlwa lentswe le phahameng, le re:
“Jwale tlholo, le matla, le puso,
e se e le tsa Modimo wa rona,
le borena ke ba Mesia wa hae,
hobane ho dihetswe fatshe
moqosi wa bana babo rona,
ya neng a ba qosa
kapele ho Modimo wa rona,
motsheare le bosiu.
11Bona ba mo hlotse
ka madi a Konyana,
le ka lentswe leo ba le pakileng,
mme ba ba ba eshwa
ba sa qenehele bophelo ba bona.
12Kahoo thabang, lona mahodimo,
le lona ba ahileng ho wona.
Ho madimabe
lona lefatshe le lewatle,
hobane Diabolosi
o theohetse ho lona
ka bohale bo boholo,
a tseba hore nako ya hae
e se e le kgutshwanyane.”
13Yare ha kganyapa e lemoha hore e dihetswe lefatsheng, ya lelekisa mosadi ya belehileng ngwana e motona. 14Empa mosadi a newa mapheo a mabedi a ntsu e kgolo, hore a tle a fofele setshabelong sa hae, feelleng, moo a tla feptjwa teng ka selemo se le seng, le ka dilemo tse pedi le halofo hape, hole le noha. 15Ka molomo wa yona, noha ya tshwela metsi a phallang kamora mosadi jwaloka a noka, hore a tle a mo nke. 16Empa lefatshe la thusa mosadi, la ahlama, mme la metsa noka eo kganyapa e e tshwetseng ka molomo wa yona. 17Kganyapa ya halefela mosadi, mme ya lwantsha ditloholo tsohle tsa hae, e leng ba bolokang ditaelo tsa Modimo, ba nang le bopaki ba Jesu. 18Yaba e ilo ema lebopong la lewatle.

Currently Selected:

TSHENOLO 12: SSO89SO

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in

YouVersion uses cookies to personalize your experience. By using our website, you accept our use of cookies as described in our Privacy Policy