YouVersion Logo
Search Icon

TSHENOLO 10

10
Lengeloi le tshwereng bukana
1Yaba ke bona lengeloi le leng le matla, le theoha lehodimong, le aparetswe ke leru. Hloohong le ne le rwetse mookodi, sefahleho sa lona se le jwaloka letsatsi, mme maoto a lona a le jwaloka ditshiya tsa mollo. 2Ka letsohong la lona le ne le tshwere bukana e phetlilweng. Lengeloi leo la hata hodima lewatle ka leoto la lehlakore le letona, le hodima lefatshe ka la le letshehadi, 3mme la howa ka lentswe le leholo, jwaloka tau ha e puruma. Hoba le howe, ha thwathwaretsa matolo a supileng. 4Ha matolo ao a supileng a se a thwathwareditse, yare ke re ke a ngola, ka utlwa lentswe le tswang lehodimong, le re: “Molaetsa wa matolo a supileng e be pinyane, o se ke wa o ngola.”
5Lengeloi leo ke ileng ka le bona le hata hodima lewatle le hodima lefatshe, la phahamisetsa letsoho la lona le letona lehodimong, 6la hlapanya ka ya phelang kamehla le mehla, ya hlotseng lehodimo le tsohle tse ho lona, le lefatshe le tsohle tse ho lona, le lewatle le tsohle tse ho lona, la re: “Tieho ha e sa tla ba teng. 7Ha matsatsi a hore lengeloi la bosupa le bue a se a fihlile, etlare ha le qala ho letsa terompeta, e tla ba sephiri sa Modimo se phethahetse, jwalokaha a ne a bolelle bahlanka ba hae, baporofeta.”
8Lentswe leo ke ileng ka le utlwa le etswa lehodimong la boela la bua le nna hape, la re: “Eya, o yo nka buka e phetlilweng, e ka letsohong la lengeloi le emeng hodima lewatle le hodima lefatshe.”
9Ka ya ho lengeloi, ka le kopa hore le nnee bukana. La re ho nna: “E nke, o e je. E tla o babela ka maleng, empa ka hanong e tla ba monate jwaloka mahe a dinotshi.” 10Ka nka bukana eo e letsohong la lengeloi, ka e ja. Ka hanong e ne e le monate jwaloka mahe a dinotshi, empa yare hoba ke e kwenye, ya mpabela ka maleng. 11Yaba ho thwe ho nna: “O sa tshwanela ho ya bolela molaetsa kapele ho ditjhaba tse ngata, le mefuta e mengata, le ba dipuo tse ngata, le dikgosi tse ngata.”

Currently Selected:

TSHENOLO 10: SSO89SO

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in

YouVersion uses cookies to personalize your experience. By using our website, you accept our use of cookies as described in our Privacy Policy