YouVersion Logo
Search Icon

DIPESALEMA 99

99
Morena ke kgosi e ratang toka
1Morena ke kgosi,
ditjhaba di a thothomela;
o dutse hodima dikerubime,
lefatshe le a reketla.
2Morena o moholo, Sione,
o okametse ditjhaba tsohle.
3Ho bokwe lebitso la hao le leholo,
le a tshabeha, le a halalela.
4O kgosi e matla, e ratang toka;
ke wena ya theileng ho loka,
wa tlisetsa leloko la Jakobo
toka le ho loka.
5Phafang Morena, Modimo wa rona,
le itihele bonamelong
ba maoto a hae:
O a halalela.
6Moshe le Arone e ne e le
ba bang ba baprista ba hae,
Samuele e le e mong
wa ba rapelang lebitso la hae.
Ba ipiletsa ho Morena,
mme a ba araba,
7a bua le bona a le hara leru;
ba boloka ditemoso tsa hae,
le ditaelo tseo a ba fileng tsona.
8Morena Modimo wa rona,
o nnile wa ba araba,
wa ba Modimo ya ba tshwarelang,
ya mpang a ba otla
ka baka la bokgopo ba bona.
9Phafang Morena Modimo wa rona,
le mo kgumamele thabeng,
thabeng ya hae e halalelang;
hobane Morena Modimo wa rona,
o a halalela.

Currently Selected:

DIPESALEMA 99: SSO89SO

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in

YouVersion uses cookies to personalize your experience. By using our website, you accept our use of cookies as described in our Privacy Policy