YouVersion Logo
Search Icon

DIPESALEMA 90

90
Boholo ba Modimo le bofokodi ba motho
1Thapelo ya Moshe, mohlanka wa Modimo.
Morena, o bile setshabelo sa rona
melokong yohle.
2Dithaba di eso be teng,
le lefatshe, le tsohletsohle
di eso hlahe,
haesale o le Modimo
ya se nang bofelo.
3O kgutlisetsa motho leroleng,
o re: “Kgutlang, bana ba batho.”
4Mahlong a hao dilemo tse sekete
di ka letsatsi la maobane
le seng le fetile,
di ka nakwana ya bosiu.
5O fedisa batho hanghang,
e be e ke ke toro,
ba ka jwang bo melang hoseng.
6Hoseng bo a mela, bo palese;
mantsiboya bo a pona, bo omelle.
7Re fediswa ke kgalefo ya hao,
re thothometswa ke bohale ba hao.
8Makgopo a rona o a a bona,
dibe tsa rona tse patehileng
wa di bea pontsheng ya hao.
9Ditshiu tsa rona tsohle
di a kgutsufala,
di kgutsufatswa ke bohale ba hao,
dilemo tsa rona
di feta jwaloka mofehelo.
10Ditshiu tsa ho phela ha rona
ke dilemo tse mashome a supileng;
ha re phela hantle,
di mashome a robedi.
Empa bongata ba tsona
ke ba ditsietsi le mahlomola;
di feta kapele, ebe re ile.
11Ke mang ya ka tsebang
matla a bohale ba hao,
le ho tshabeha ha kgalefo ya hao?
12Kahoo re rute
ho bala ditshiu tsa rona,
pelo tsa rona di tle di hlalefe.
13Ako boele o re hopole, Morena!
O tla dieha ho fihlela neng?
Qenehela bahlanka ba hao.
E sa le hoseng,
14re sitse ka mohau wa hao,
re tle re o etsetse ditlatse,
re thabe ka matsatsi wohle.
15Ako re thabise
ka matsatsi a lekanang
le ao o re hlokofaditseng ka wona,
le ka dilemo tse lekanang
le tseo re bileng madimabe,
ra ba madimabe ka tsona.
16Ako bonahatse mosebetsi wa hao
ho bahlanka ba hao,
le kganya ya hao
ho bana ba bona.
17Morena Modimo wa rona
a ke a be mosa ho rona,
a atlehise mosebetsi
wa matsoho a rona,
e, a atlehise mosebetsi
wa matsoho a rona.

Currently Selected:

DIPESALEMA 90: SSO89SO

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in

YouVersion uses cookies to personalize your experience. By using our website, you accept our use of cookies as described in our Privacy Policy