YouVersion Logo
Search Icon

DIPESALEMA 89

89
Ditshepiso tsa Modimo ho Davida
1Pesalema ya Etane wa Moesera, e nang le thuto.
2Ke tla bina tsa mohau wa Morena,
ke di bine kamehla,
ka molomo wa ka ke tla tsebisa
meloko yohle botshepehi ba hao;
3hobane o itse:
“Mohau wa ka
o hlola kamehla yohle,
botshepehi ba ka
bo theilwe mahodimong.
4“Ke entse selekane
le mokgethwa wa ka,
ke hlapanyeditse Davida,
mohlanka wa ka, ka re:
5‘Ke tla etsa hore leloko la hao
le hlole kamehla yohle,
ke tiise terone ya hao
melokong yohle.’ ”
6Morena, mahodimo a a boka,
a boka dimakatso tsa hao,
a bolela botshepehi ba hao
phuthehong ya bahalaledi.
7Ke mang, mahodimong,
ya ka lekanngwang le Morena?
Ke mang ya tshwanang le Morena,
hara bara ba Modimo?
8Phuthehong ya bahalaledi
Modimo o tshajwa haholo,
o hlomphuwa haholo
ke bohle ba mo teetseng hare.
9Morena, Modimo wa mabotho,
ke mang ya kang wena?
Morena, wena ya matla,
botshepehi ba hao ke kobo ya hao.
10Ke wena
ya busang lewatle le befileng,
ke wena
ya kgutsisang maqhubu a bilohang.
11Ke wena
ya qhemeditseng Rahaba,
wa moqhemetsa jwaloka setopo,
ka tsoho la hao le matla
o qhalakantse dira tsa hao.
12Mahodimo ke a hao,
le lefatshe ke la hao;
lefatshe le tsohle tse ho lona
ke wena ya di theileng.
13Leboya le borwa
ke wena ya di hlodileng,
Tabore le Heremone
di etsetsa lebitso la hao ditlatse.
14O sefea, letsoho la hao le matla;
letsoho la hao le letona le phahame.
15Ho loka le toka
ke motheo wa terone ya hao,
mohau le botshepehi
di o eteletse pele.
16Ho lehlohonolo setjhaba
se tsebang ho etsa mehoo ya thabo,
se tsamayang kganyeng
ya sefahleho sa hao, Morena,
17se thabelang lebitso la hao kamehla,
se phahamiswang
ka baka la ho loka ha hao.
18Ke wena matla
ao se ithorisang ka wona,
o re tsosa molota
ka ho rata ha hao.
19Thebe ya rona ke ya Morena,
kgosi ya rona
ke ya Ya Halalelang wa Iseraele.
20Wa na wa bua le batshepuwa ba hao,
wa bua le bona ka pono, wa re:
“Ke thusitse mohale,
ka phahamisa ya kgethilweng,
ya kgethilweng hara setjhaba.
21Ke fumane Davida,
mohlanka wa ka,
ka mo tlotsa
ka ole ya ka e halalelang.
22Seatla sa ka se tla mo tshehetsa,
letsoho la ka le mo matlafatse.
23Ha ho sera se tla mo tsometsa,
le ya kgopo a ke ke a mo hlola.
24Ba mo lwantshang
ke tla ba ripitla mahlong a hae,
ke fenye ba mo hloileng.
25Botshepehi ba ka le mohau wa ka
di tla ba le yena,
ka lebitso la ka o tla tsoha molota.
26Ke tla namisa mmuso wa hae
ho ya fihla Lewatleng,
le puso ya hae ho ya fihla dinokeng.
27O tla re ho nna: ‘O ntate,
wena Modimo wa ka,
lefika le mpholosang.’
28Nna ke tla mo etsa letsibolo,
a phahamele dikgosi tsohle,
kgosi tsa lefatshe.
29Ke tla mo hauhela kamehla,
selekane sa rona le yena
e tla ba se tiileng.
30Ke tla etsa hore leloko la hae
le hlole kamehla yohle,
le terone ya hae e be teng
ha mahodimo a ntse a le teng.
31“Haeba bara ba hae
ba furalla Molao wa ka,
ba sa latele dikahlolo tsa ka;
32ha ba tlola ditaelo tsa ka,
ba sa boloke melao ya ka;
33ke tla ba kgalemella ditlolo tsa bona,
ke ba kgalemelle tsona ka thupa,
le melato ya bona ka phafa.
34Feela Davida nke ke ka mo amoha,
ka mo amoha mohau wa ka,
ka kweneha botshepehing ba ka.
35Nke ke ka kwenehela selekane sa ka;
seo ke se buileng
nke ke ka se fetohela.
36Ke hlapantse hanngwe feela
ka lebitso la ka le halalelang:
Ha nka ke ka thetsa Davida.
37Leloko la hae le tla hlola kamehla,
terone ya hae e be teng
ha letsatsi le ntse le le pela ka;
38e hlole kamehla jwaloka kgwedi,
paki eo e tshepahalang
e mahodimong.”
39Leha ho le jwalo,
o halefetse motlotsuwa wa hao,
wa mo lahla, wa mo nyedisa.
40O hlakotse selekane sa hao
le mohlanka wa hao,
wa silafatsa mofapahlooho wa hae,
wa o silafatsa leroleng.
41O dihile metero yohle ya hae,
metse ya hae e haheleditsweng
wa e fetola masupi.
42Bo-mofetakatsela bohle
ba mo hapetse tsa hae,
a fetoha sesomo
ho bao a ahisaneng le bona.
43O matlafaditse matsoho
a ba mo lwantshang,
wa thabisa dira tsohle tsa hae.
44O thithibantse bohale
ba sabole ya hae,
wa se ke wa mo tshehetsa ntweng.
45O mo amohile lere la puso,
wa dihela terone ya hae fatshe.
46O kgutsufaditse matsatsi,
matsatsi a botjha ba hae,
wa etsa hore a aparelwe ke dihlong.
47Morena, o tla ipata ho fihlela neng?
Kgalefo ya hao
e tla tuka, e tuke jwaloka mollo
ho fihlela neng?
48Morena, ako hopole
bokgutshwanyane ba bophelo,
hopola hore batho bohle
o ba bopetse lefeela.
49Na motho o teng ya ka phelang,
mme a se ke a shwa,
ya ka itopollang
matleng a Nqalo ya Bafu?
50Morena, o kae mohau wa hao,
mohau wa hao wa pele,
oo ka botshepehi ba hao
o o hlapanyeditseng Davida?
51Ako hopole ho hlapaolwa
ha bahlanka ba hao, Morena!
Ke jere dinyediso tse ngata
tsa ditjhaba ka sefubeng sa ka.
52Morena, dira tsa hao di re hlapaotse,
di setse motlotsuwa wa hao morao
di ntse di mo hlapaola.
53Ho bokwe Morena kamehla yohle!
Amen. Amen.

Currently Selected:

DIPESALEMA 89: SSO89SO

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in

YouVersion uses cookies to personalize your experience. By using our website, you accept our use of cookies as described in our Privacy Policy