YouVersion Logo
Search Icon

DIPESALEMA 7

7
Thapelo ya motho ya batlang toka
1Kodi-ya-malla ya Davida eo a e binetseng Morena ka baka la mantswe a Kushe, Mobenjamine.
2Morena Modimo wa ka,
ke tshabela ho wena,
ke tshabela ho wena, ako mpholose,
o nnamolele
ho bohle ba ntlhorisang;
3esere ba mphamola jwaloka tau,
ba ntsekolla ho se ya nnamolelang.
4Morena Modimo wa ka,
haeba ke entse tsena:
ha ke sebeditse bokgopo
ka diatla tsa ka,
5ha ke entse mothusi wa ka hampe,
ha ke senyeditse sera sa ka
ho se lebaka,
6dira di ke di ntelekise, di ntshware,
di ke di nkgatakelle fatshe,
di mpolaye, di nkepele leroleng.
7Thusa, Morena, o ntse o halefile!
O tsohele dira tsa ka tse bohale,
o di tsohele matla;
tsoha Modimo wa ka,
wena ya dihang kahlolo.
8Phutheho ya ditjhaba
e ke e o bokanele;
wena o dule hodimodimo,
o e okamele.
9Morena o ahlola ditjhaba.
Nkahlolele, Morena,
ho ya ka ho loka ha ka,
le ho ya ka ho hloka kodi ha ka.
10Bobe ba ba kgopo bo ke bo fele,
mme o tiise ba lokileng,
wena ya hlahlobang moya le pelo,
wena Modimo ya lokileng.
11Thebe ya ka ke Modimo,
ya pholosang ba pelo di ntle.
12Modimo ke moahlodi ya lokileng,
ya ahlolang kamehla yohle.
13Ha motho a sa bake,
Modimo o tla leotsa sabole ya hae,
a hule seqha sa hae, a se tjhehe;
14a lokise dibetsa tse bolayang,
metsu ya hae
a e etse ditsenene tse malakabe.
15Bonang, e mobe
o emola tse manyala,
o emara bokgopo,
mme o tswala thetso.
16O tjhekile lemena, a le tebisa,
a wela hona lemeneng
leo a le tjhekileng.
17O jelwe ke bokgopo ba hae,
sehloho sa hae se mo wetse hodimo.
18Ke boka Morena
ka baka la toka ya hae,
ke roka lebitso la Morena
Ya Hodimodimo.

Currently Selected:

DIPESALEMA 7: SSO89SO

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in

YouVersion uses cookies to personalize your experience. By using our website, you accept our use of cookies as described in our Privacy Policy