YouVersion Logo
Search Icon

DIPESALEMA 58

58
Babusi ba kgopo ba otlwe ke Modimo
1Pesalema ya Davida. Taelo ho motsamaisi wa dibini: E binwe ka mmino wa sefela sa “O se ke wa senya”.
2Lona babusi, na ruri
le ahlola ka ho loka?
Na le ahlola batho ka toka?
3Tjhe, ka dipelong tsa lona
le rera tse kgopo,
lefatsheng le etsa tse sehloho,
le di etsa ka matsoho a lona.
4Ba kgopo ba senyehile
ho tloha popelong,
ba leshano ba kgelohile
ho tloha tswalong ya bona.
5Mahloko a bona
a tshwana le mahloko a noha;
ba ithibile ditsebe
sa marabe ya manganga,
6ya sa utlweng lentswe
la ya mo weweletsang,
la ya mo bobisang ka bohlale ba hae.
7Oho, Modimo,
pshatla meno a bona,
a pshatlelle ka mahanong a bona;
oho, Morena, motsula meno,
meno a mekwetsepe a ditawana.
8Ba ke ba nyamele
sa metsi a phallang,
ba ke ba omelle
sa jwang bo hataketsweng.
9Ba ke ba qhididihe
sa kgofu ha e ntse e tsamaya,
ba be jwaloka sefolotsana,
sona se sa boneng letsatsi.
10Etlare ba eso lemohe
a ba fothole sa hlabahlabane,
a ba fefole sa lehola ka kgalefo,
ka kgalefo ya hae e tukang.
11Ya lokileng o tla thaba
ha a bona phetetso,
o tla hlatswa maoto a hae
ka madi a ba kgopo.
12Batho ba tla re:
“Ruri, ya lokileng o newa moputso;
ruri, Modimo o teng,
o ahlola batho lefatsheng.”

Currently Selected:

DIPESALEMA 58: SSO89SO

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in

YouVersion uses cookies to personalize your experience. By using our website, you accept our use of cookies as described in our Privacy Policy