YouVersion Logo
Search Icon

DIPESALEMA 55

55
Thapelo ya ho ikopela thuso
1Pesalema ya Davida. Thothokiso e nang le thuto. Taelo ho motsamaisi wa dibini: E binwe ka diletsa tsa dikgwele.
2Oho, Modimo, ako sekehe tsebe,
o sekehele thapelo ya ka tsebe,
o se ke wa furalla thapedi ya ka.
3Ako mmamele, o be o nkarabe:
Ke tsielehile, ke sisa pelo,
ke a fehelwa,
4ka baka la ho hlodiuwa
ke dira tsa ka,
le ka baka la ho hlapaolwa
ke ba kgopo.
Ba nneta ka bokgopo,
ba ntlhorisa ba halefile.
5Pelo ya ka e uba habohloko,
matswalo a lefu a mpupeditse.
6Ke kenwe ke letswalo,
ke a thothomela,
ke aparetswe ke tshabo.
7Ke bile ka re:
“Ke mang ya tla mpha mapheo,
mapheo a kang a leeba,
ke tle ke fofe, ke yo phomola?”
8E, nka be ke baleha, ke eya hole,
ke ilo iphelela lehwatateng.
9Ke ne ke tla potlakela
ho ya fumana tshireletso
meyeng ya ditsokotsane le ya difefo.
10Morena, lobokanya merero
ya ba kgopo,
o ferekanye maleme a bona,
hobane nna ke bona sehloho,
ke bona le diqabang motseng;
11di solla hodima marako a motse,
di solla teng motsheare le bosiu,
bokgopo le bobe di kahara wona.
12Hara wona ke timelo feela,
bomenemene le mano
di ke ke tsa sutha mabaleng a wona.
13Hoja ke sera se ntlhapaolang,
ke ne ke tla mamella;
hoja ya ntlhoileng
ke yena ya ikgantshetsang nna,
ke ne ke tla ipatela yena.
14Empa ke wena ya nkentseng jwalo,
wena o leng molekane wa Ka,
le thaka ka, le motswalle wa ka;
15wena eo
re neng re buisana hamonate,
re le sehlopheng
se yang tlung ya Modimo.
16Lefu le ke le ba kgaoletse,
ba ke ba theohele Nqalong ya Bafu,
ba theohele ba ntse ba phela,
hobane ba ahisane le bokgopo,
mme bo hara bona.
17Empa nna
ke tla ipiletsa ho Modimo,
mme Morena o tla mpholosa.
18Hoseng, motsheare le mantsiboya,
ke sisa pelo, ke a fehelwa,
mme o utlwa lentswe la ka.
19O mpholositse ntweng,
a mpha kgotso,
leha ba mphutuhetseng
ba ne ba le bangata.
20Modimo o tla utlwa, a ba kokobetse,
yena eo esaleng a ituletse
teroneng ya hae;
hobane ha ba sokolohe,
ha ba tshabe Modimo.
21Molekane wa ka o futuhetse
metswalle ya hae,
o robile selekane sa hae.
22Leleme la hae le ne le le monate,
empa bora bo ne bo le teng,
bo le teng ka pelong ya hae.
Mantswe a hae
a ne a thoba hamonate,
empa e ne e le disabole tse hlabang.
23Rolela morwalo wa hao ho Morena,
mme o tla o jarisa;
a ke ke a tlohella ya lokileng
hore a sisinngwe le ka mohla.
24Wena Modimo, o tla ba dihela,
o tla ba dihela mohohlong wa timelo,
batho bao ba ratang ho tsholla madi,
ba ratang le ho thetsa;
ba ke ke ba phela
leha e le halofo ya ditshiu tsa motho.
Empa nna ke tshepile wena.

Currently Selected:

DIPESALEMA 55: SSO89SO

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in

YouVersion uses cookies to personalize your experience. By using our website, you accept our use of cookies as described in our Privacy Policy