YouVersion Logo
Search Icon

DIPESALEMA 49

49
Bothoto ba ho tshepa maruo
1Pesalema ya bara ba Kora, e qapetsweng motsamaisi wa dibini.
2Mamelang, lona ditjhaba tsohle;
sekehang tsebe,
lona baahi bohle ba lefatshe,
3lona bafo le lona marena,
lona barui le mafutsana hammoho.
4Molomo wa ka o tla bua tsa bohlale,
pelong ya ka ke tla nahana
tse nang le kelello.
5Ke tla sekehela maele tsebe,
ke tla hlalosa selotho sa ka
ke ntse ke letsa harepa.
6Nka tshoha eng nakong tse mpe,
ha ke teetswe hare ke dira tse kgopo,
7e leng batho
ba tshepileng matlotlo a bona,
ba ithorisang
ka maruo a bona a mangata?
8Ha ho motho
ya ka lopollang ngwanabo,
leha e le ho mo lefella ho Modimo.
9Tefello ya bophelo ba motho
e feta matla a hae,
a ke ke a e lekana le ka mohla!
10Motho a ke ke a phela hoyahoile,
a se ke a tseba lebitla.
11O tla fela a bone
hore le ba bohlale ba a shwa,
sethoto le lewatla
ba timela ka ho tshwana,
ba siele ba bang matlotlo a bona.
12Mabitla a bona
ke matlo a bona a mehla yohle,
ke leaho la bona
ho isa melokong yohle,
le hoja dinaha di reeletswe ka bona.
13Motho ya phelelang leruo
o hloka kelello,
o tshwana le diphoofolo tse shwang.
14Ena ke yona tsela ya ba itshepileng,
ke pheletso ya ba kgotsofetseng,
ba kgotsofaletseng matlotlo a bona.
15Ba kgannelwa Nqalong ya Bafu
jwaloka dinku;
lefu e tla ba modisa wa bona.
Ba tla theohela lebitleng,
sebopeho sa bona se tla senyeha;
Nqalo ya Bafu e tla ba leaho la bona.
16Empa Modimo o tla ntopolla,
a nntshe diatleng tsa lefu.
17O se ke wa tshoha
leha motho a ka rua,
mme matlotlo a ntlo ya hae
a eketseha;
18hobane mohla a shwang
a ke ke a nka letho,
matlotlo a hae
a ke ke a mo sala morao.
19Le hoja ha a sa phela,
a ne a ikuka a le lehlohonolo,
kapa a ne a rorisetswa
katleho ya hae,
20o tla be a yo fihla
molokong wa bo-ntatae,
ba ke keng ba hlola ba bona lesedi.
21Motho ya phelelang leruo
o hloka kelello,
o tshwana le diphoofolo tse shwang.

Currently Selected:

DIPESALEMA 49: SSO89SO

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in

YouVersion uses cookies to personalize your experience. By using our website, you accept our use of cookies as described in our Privacy Policy