YouVersion Logo
Search Icon

DIPESALEMA 45

45
Pina ya lenyalo la kgosi
1Thothokiso e nang le thuto, ya bara ba Kora. Pina ya lerato. Taelo ho motsamaisi wa dibini: E binwe ka mmino wa sefela sa “Mohaladitwe”.
2Pelong ya ka
ho tletse taba tse monate,
ke bolela
tseo ke di qapetseng kgosi,
leme la ka le ka lesiba la sengodi,
siba la sengodi se mahlahahlaha.
3O motle
ho feta bana bohle ba batho,
molomo wa hao o a kgahleha,
hobane Modimo
o o hlohonolofatsa kamehla.
4Wena mohale,
tlamella sabole ya hao qholong;
ka hlompho le ka botlotlehi ba hao,
5palama, o hlole, o lwanele nnete,
le boikokobetso, le ho loka.
Tsoho la hao le letona
le o etsetse diketso tse makatsang.
6Metsu ya hao e leotsehile,
ditjhaba di tla wela tlasa puso ya hao,
dira tsa kgosi di tla nyahama pelo.
7Terone ya hao, Modimo,
ke ya kamehla le mehla,
lere la hao la puso
ke lere la toko.
8O rata ho loka, o hloile bokgopo.
Kahoo Modimo, Modimo wa hao,
o o tlotsitse ka ole ya thabo,
ho ena le balekane ba hao;
9aparo tsa hao tsohle
di nonoditswe ka mmira,
le ka lekgala, le ka sente.
Matlung a kgabisitsweng
ka manaka a tlou
ho utlwahala harepa tse o thabisang.
10Kgosatsana di teng
hara mafumahatsana,
mafumahatsana a hao a lomphehang;
mofumahadi o eme
tsohong la hao le letona,
o eme a kgabile ka kgauta ya Ofire.
11Mamela, morwetsana;
bona, o sekehe tsebe;
tela tjhaba sa heno le lapa leno,
12hore kgosi e tle e tjhatjhehele botle,
e tjhatjhehele botle ba hao haholo.
Kahobane ke yona monga hao,
o itihe maotong a yona.
13Ba motse wa Tire
ba tla o nyehella ka dimpho,
barui ba baditjhaba
ba tla batla thuso ya hao.
14Kgosatsana e kena e le Seilatsatsi,
aparo tsa yona di homilwe ka kgauta;
15e iswa ho kgosi
e apere tse mahadihadi.
Baetsana ba barwetsana
ba tliswa ho kgosi.
16Ba tliswa ka thabo le nyakallo,
ba kena ka tlung ya kgosi.
17Tulong tsa bo-ntatao
ho tla dula bara ba hao,
o tla ba bea mahosana naheng yohle.
18Ke tla etsa hore bitso la hao
le hopolwe ke meloko yohle;
ka baka leo, tjhaba di tla o boka,
di o boke kamehla le mehla.

Currently Selected:

DIPESALEMA 45: SSO89SO

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in

YouVersion uses cookies to personalize your experience. By using our website, you accept our use of cookies as described in our Privacy Policy