YouVersion Logo
Search Icon

DIPESALEMA 37

37
Moputso le kahlolo
1Pesalema ya Davida.
O se ke wa itlhonamisa
ka ba etsang bokgopo,
o se ke wa honohela
ba etsang tse sa lokang.
2Ba tla omella kapele jwaloka jwang,
ba tla pona jwaloka ditlama,
ditlama tse talana.
3Tshepa Morena, o etse botle,
o tle o iphelele lefatsheng ka kgotso.
4Thabela Morena,
mme o tla o nea tse lakatswang
ke pelo ya hao.
5Ipee matsohong a Morena;
o mo tshepe, ho tla sebetsa yena.
6O tla etsa
hore ho loka ha hao ho kganye,
ho kganye jwaloka lesedi,
le ditokelo tsa hao
di kganye jwaloka letsatsi,
motsheare o moholo.
7Kgoba matshwafo, o lebelle Morena;
o se ke wa itlhonamisa
ka eo tsohle di mo atlang,
e leng
ya phethang merero e kgopo.
8Kgaotsa ho halefa, o tlohele bohale;
o se ke wa itlhonamisa,
esere wa etsa bobe.
9Ba etsang bokgopo ba tla fediswa;
empa ba tshepang Morena
lefatshe e tla ba lefa la bona.
10Ho se ho se hokae:
Ya kgopo o tla be a nyametse;
leha o tadima tulong tsa hae,
o tla be a le siyo.
11Ba ikokobetsang,
lefatshe e tla ba lefa la bona,
ba thabele kgotso e phethehileng.
12Ya kgopo o rera ya lokileng,
o mo tsikitlanyetsa meno;
13empa Morena o tsheha ya kgopo,
hobane o bona hore
tsatsi la hae le a tla.
14Ba kgopo
ba tsomula sabole tsa bona,
ba hula diqha tsa bona,
ho fula bahlophehi le mafutsana,
ho bolaya ba metsamao e metle.
15Sabole tsa bona
di tla ba hlaba dipelo,
diqha tsa bona di tla robeha.
16Sejosenyane sa ya lokileng
se molemo
ho ena le kgora ya ya kgopo;
17hobane matla a ya kgopo
a tla fediswa,
athe Morena o tshehetsa ya lokileng.
18Morena o tseba ditshiu
tsa ba hlokang kodi,
lefa la bona e tla ba le sa feleng.
19Ba ke ke ba hlajwa ke dihlong
nakong tse mpe,
matsatsing a tlala ba tla kgora.
20Empa ba kgopo ba tla timela;
bao e leng dira tsa Morena
ba tla fela jwaloka botle ba makgulo,
ba nyamele jwaloka mosi.
21Ya kgopo o a adima,
empa ha a busetse;
ya lokileng o na le mohau, o a fana.
22Bao Morena a ba hlohonolofaditseng
lefatshe e tla ba lefa la bona;
bao a ba rohakileng ba tla fediswa.
23Morena ke yena
ya tiisang mehato ya batho,
mme o kgahlwa ke metsamao ya bona.
24Leha ba ka wa, ha ba tjapallele ruri,
hobane Morena
o ba nenesa ka letsoho.
25Nkile ka ba motjha,
kajeno ke tsofetse,
empa ha ke eso bone
ya lokileng a lahlilwe,
le ditloholo tsa hae di kopa bohobe.
26Kamehla ya lokileng o mohau,
o a adimana,
mme ditloholo tsa hae
ke tlhohonolofatso.
27Furalla bobe, o etse botle,
o tle o be le leaho kamehla.
28Morena o rata ho loka,
mme a ke ke
a furalla batshepuwa ba hae.
Ba kgopo ba tla timella ruri,
ditloholo tsa bona di tla fediswa.
29Ba lokileng
lefatshe e tla ba lefa la bona,
ba phele ho lona kamehla le mehla.
30Molomo wa ya lokileng
o bolela tsa bohlale,
leleme la hae le bua tsa ho loka.
31Molao wa Modimo wa hae
o ka pelong ya hae,
maoto a hae ha a thelle.
32Ya kgopo o laletse ya lokileng,
o batla ho mmolaya.
33Morena a ke ke
a mo tlohella matsohong a eo,
Morena a ke ke
a dumela hore a ahlolwe,
a fumanwe a le molato,
ha a qoswa.
34Tshepa Morena,
o tiye tseleng ya hae;
o tla o phahamisa,
lefatshe e tle e be lefa la hao,
mme o bone ba kgopo ha ba fediswa.
35Ke bone motho ya kgopo,
motho wa mohatelli,
a atleha sa fate sa leholela;
36ka boela ka feta,
ka bona a se a le siyo;
ka mmatla,
a se ke a hlola a fumanwa.
37Hlokomela ya phethehileng,
o tadime ya lokileng:
Motho wa kgotso
o tla ba le ditloholo;
38empa baetsadibe
ba tla timetswa ho hang,
le ditloholo tsa ba kgopo
di tla fediswa.
39Pholoho ya ba lokileng
e tswa ho Morena,
ke yena setshabelo sa bona
nakong ya tlokotsi.
40Morena o a ba thusa, o a ba lopolla;
o tla nne a ba lopolle ho ba kgopo,
a ba pholose,
hobane ba tshabetse ho yena.

Currently Selected:

DIPESALEMA 37: SSO89SO

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in

YouVersion uses cookies to personalize your experience. By using our website, you accept our use of cookies as described in our Privacy Policy