YouVersion Logo
Search Icon

DIPESALEMA 34

34
Lehlohonolo la ya lokileng le bomadimabe ba ya kgopo
1Pesalema ya Davida; mohla a itlhantshang kapele ho Abimeleke; eo a mo tebela, yaba Davida o a itsamaela.
2Ke tla boka Morena ka nako tsohle,
ke nne ke mo rorise kamehla.
3Ke ithorisa ka Morena,
ba eisehang ba ke ba utlwe,
mme ba thabe.
4A re tlotliseng Morena re le mmoho,
a re phafeng lebitso la hae,
re le phafe hammoho.
5Ke ile ka batla Morena,
mme a nkaraba,
a ntopolla matswalong wohle a ka.
6Ba tadimang ho yena
ba kganya kgotso,
mahlong a bona dihlong ha di yo.
7Motho wa batho
ha a ipiletsa ho Morena,
Morena o a mo utlwa,
o mo pholosa
matshwenyehong wohle a hae.
8Lengeloi la Morena
le sireletsa kamahohle
ba mo tshabang,
mme le a ba namolela.
9Latswang, le utlwe
molemo wa Morena!
Ho lehlohonolo motho
ya tshabelang ho yena.
10Tshabang Morena,
lona bahalaledi ba hae,
hobane ba mo tshabang
ha ba hloke letho.
11Leha barui ba ka futsaneha, ba lapa,
ba batlang Morena ba ke ke ba hloka,
ba ke ke ba hloka letho le molemo.
12Tloong, bana ba ka, le mmamele,
ke tla le ruta ho tshaba Morena.
13Ke mang wa lona
ya lakatsang ho phela,
ya ratang ho bona matsatsi a thabo?
14Tshwara leleme la hao
le se bue tse mpe,
le molomo wa hao
o se bue leshano.
15Furalla bobe, o etse botle;
batla kgotso, o e pheelle.
16Morena o beile leihlo la hae
ho ba lokileng,
o sekehetse sello sa bona tsebe.
17Sefahleho sa Morena se sosobane,
se sosobanetse ba etsang bobe,
hore a ba hlakole lefatsheng,
ba se hlole ba hopolwa.
18Ha ba lokileng ba lla,
Morena o a ba utlwa;
o ba lopolla
matshwenyehong wohle a bona.
19Morena o haufi
le ba feletsweng ke tshepo,
o pholosa ba meya e tetebetseng.
20Mahlomola a ya lokileng a mangata,
empa Morena o mo lopolla
ho wona wohle.
21O baballa masapo wohle a hae,
ha ho le le leng la wona
le tla robeha.
22Bobe bo tla timetsa ya kgopo,
ba hloileng ya lokileng
ba tla ahlolwa.
23Morena o lopolla bophelo
ba bahlanka ba hae;
ho ba tshabelang ho yena,
ha ho le ya mong ya tla ahlolwa.

Currently Selected:

DIPESALEMA 34: SSO89SO

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in

YouVersion uses cookies to personalize your experience. By using our website, you accept our use of cookies as described in our Privacy Policy