YouVersion Logo
Search Icon

DIPESALEMA 31

31
Ke bea moya wa ka matsohong a hao
1Pesalema ya Davida, e qapetsweng motsamaisi wa dibini.
2Ke tshabela ho wena Morena;
ke se ke ka hlajwa ke dihlong
le ka mohla.
Ako nnamolele
ka baka la ho loka ha hao.
3Ntshekehele tsebe,
o potlakele ho ntopolla.
O be lefika
leo ke tshabelang ho lona,
qhobosheane e mpholosang.
4Wena o lefika la ka
le qhobosheane ya ka;
ntsamaise, o ntataise
ka baka la lebitso la hao.
5Mphemise leraba
leo ke le tjhehetsweng,
hobane ke wena setshabelo sa ka.
6Ke bea moya wa ka
matsohong a hao;
o ntopolotse Morena,
Modimo ya tshepahalang.
7O hloile ba sebeletsang
medimo ya bohata,
athe nna ke tshepile Morena.
8Ke tla nyakalla,
ke thabele mohau wa hao,
hobane o bone ho hlopheha ha ka,
wa lemoha matshwenyeho a ka;
9ha o a ka wa nneella dira tsa ka,
empa o ntsamaisa ka bolokolohi.
10Nkgauhele Morena,
hobane ke matshwenyehong;
mahlo a ka a motela ke maswabi,
esita le moya wa ka, le mmele wa ka.
11Bophelo ba ka bo fedile,
bo fedile ke mahlomola,
dilemo tsa ka di ile ke ho fehelwa;
matla a ka a fediswa ke ho hlopheha,
le masapo a ka a kgathetse.
12Nna ke sekgobo
ho dira tsa ka tsohle,
haholoholo
ho bao ke ahisaneng le bona,
ke koko ho metswalle ya ka,
ba mponang ditseleng ba a mpaleha.
13Ha ke sa hopolwa;
jwalokaha eka ke mofu,
ke tshwana le ntho e lahlilweng.
14Ke utlwa ditshebo tsa ba bangata,
ke tshoswa ka nqa tsohle;
batho ba nkunuta ba le mmoho,
ba rera ho fedisa bophelo ba ka.
15Empa nna ke tshepile wena Morena,
ke re: “O Modimo wa ka!”
16Ditshiu tsa ka di matsohong a hao;
nnamolele diatleng tsa dira tsa ka,
o nnamolele le ho bahlorisi ba ka.
17Ako bontshe mohlanka wa hao,
o mmontshe sefahleho,
sefahleho se kganyang kgotso,
o mpholose ka mohau wa hao.
18Morena, ha ke ipiletsa ho wena
ke se ke ka hlajwa ke dihlong,
empa dihlong
di ke di hlabe ba kgopo,
ba kgutsiswe
ka ho theolelwa Nqalong ya Bafu.
19Ba buang leshano
ba fetohe dimumu,
baikakasi bana
ba buang hampe ka ya lokileng,
ba ikgohomosetsang yena,
ba mo nyedise.
20Morena, molemo wa hao
o mokaakang!
O o boloketse ba o tshabang;
pontsheng ya bana ba batho
o o etsetsa ba tshabelang ho wena.
21O ba pata ho wena ka sebele,
hole le merero e mebe ya batho;
o ba sireletsa motlotlwaneng wa hao,
hole le maleme a jalang diqabang.
22Ho bokwe Morena
ya mpontshitseng mohau,
ya mpontshitseng mohau o hlollang,
ha ke ne ke dikilwe, ke futuhetswe.
23Matswalong a ka, ka re:
“O ntahletse
hole le sefahleho sa hao.”
Empa wa utlwa thapedi ya ka,
ha ke ne ke o llela.
24Ratang Morena,
lona batshepuwa bohle ba hae;
Morena o baballa ba tshepahalang;
baikgohomosi bona
o ba nea se ba lokelang.
25Ebang sebete, le tiye dipelo,
lona bohle ba tshepileng Morena.

Currently Selected:

DIPESALEMA 31: SSO89SO

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in

YouVersion uses cookies to personalize your experience. By using our website, you accept our use of cookies as described in our Privacy Policy