YouVersion Logo
Search Icon

DIPESALEMA 30

30
Teboho ya ho pholoswa lefung
1Pesalema ya Davida. Sefela sa ho kgakola tempele.
2Ke a o tumisa, Morena,
hobane o mpholositse;
ha o a ka wa tlohela dira tsa ka
ho ithabisa ka nna.
3Morena Modimo wa ka, ka ipiletsa,
ka ipiletsa ho wena,
mme wa mphodisa.
4Morena, o nnyolotse
Nqalong ya Bafu,
wa nkgutlisa
ho ba neng ba theohela lebitleng.
5Rokang Morena,
lona batshepuwa bohle ba hae,
le boke lebitso la hae le halalelang.
6Kgalefo ya hae
ke ya motsotswana feela,
lerato la hae
ke la bophelo bohle ba motho.
Leha nka robala ka meokgo,
ha bo esa e se e le nyakallo.
7Ha ke ne ke sa iketlile, ka na ka re:
“Nke ke ka sisinngwa le ka mohla!”
8Morena, ka mohau wa hao
o ntshireleditse qhobosheaneng;
yare ha o mpatela fahleho sa hao,
ka tshoha haholo.
9Ka ipiletsa ho wena Morena,
ka etsa thapedi ho Morena, ka re:
10“O ka ruang ka madi a ka,
le ka ho theohela ha ka lebitleng?
Na bafu ba ka o boka,
kapa ba bolela botshepehi ba hao?
11Ako nkutlwe, Morena,
mme o nkgauhele;
Morena, ako be mothusi wa ka!”
12Bofifi ba ka o bo fetotse mohobelo;
o ntlhobodisitse thapo,
wa nkapesa seaparo sa thabo,
13e le hore moya wa ka
o tle o o roke o sa kgaotse;
Morena Modimo wa ka,
ke tla o boka kamehla le mehla.

Currently Selected:

DIPESALEMA 30: SSO89SO

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in

YouVersion uses cookies to personalize your experience. By using our website, you accept our use of cookies as described in our Privacy Policy