YouVersion Logo
Search Icon

DIPESALEMA 16

16
Ho tshepa Morena
1Pesalema ya Davida.
Ako mpaballe Modimo,
hobane ke tshabela ho wena.
2Ke re ho Morena:
“Ke wena Morena wa ka,
ha ke na lehlohonolo
ntle ho wena.”
3Ha e le medimo ya bohata
e lefatsheng,
ba kgahlwang ke yona
ba rohakehile.
4Ba mathang kamora yona
ba ipakela mahlomola;
nke ke ka e etsetsa nyehelo ya madi,
esita le ho bolela mabitso a yona,
ho a bolela ka molomo wa ka.
5Morena, ke wena lefa la ka
le mohope wa ka;
tseo ke nang le tsona
di tswa ho wena.
6Ke sehetswe kgubung,
ruri ke thabela lefa la ka.
7Ke tla boka Morena, moeletsi wa ka;
le bosiu pelo ya ka e a ntemosa.
8Kamehla
ke ntse ke hopotse Morena,
hobane o ka tsohong la ka
le letona,
nke ke ka sisinngwa.
9Kahoo pelo ya ka e thabile,
moya wa ka o nyakaletse,
le wona mmele wa ka o tla phomola,
o tla phomola o phutholohile;
10o ke ke
wa ntlohela Nqalong ya Bafu,
o ke ke
wa lesela motshepuwa wa hao,
wa mo lesella ho bolla lebitleng.
11O tla mpontsha tsela ya bophelo;
thabo e kgaphatsehang
e fumanwa ho wena,
ho ba ka tsohong la hao le letona
ke monyaka o sa feleng.

Currently Selected:

DIPESALEMA 16: SSO89SO

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in

YouVersion uses cookies to personalize your experience. By using our website, you accept our use of cookies as described in our Privacy Policy