YouVersion Logo
Search Icon

DIPESALEMA 148

148
Tsohle di rorise Morena
1Haleluja!
Rorisang Morena,
lona ba mahodimong,
mo roriseng,
lona ba hodimodimo.
2Mo roriseng,
lona mangeloi a hae kaofela,
mo roriseng,
lona mabotho a hae wohle.
3Mo roriseng,
lona letsatsi le kgwedi,
mo roriseng,
lona dinaledi tsohle tse phatsimang.
4Mo roriseng,
lona mahodimo a hodimodimo,
le lona metsi
a kahodimo ho mahodimo.
5Tsohle di ke di rorise
lebitso la Morena,
hobane o ile a laela,
mme tsa hloleha.
6O entse hore di be teng
kamehla le mehla,
a di beela taelo
eo di ke keng tsa e tlola.
7Rorisang Morena,
lona ba lefatsheng,
lona dikganyapa tsa mawatle
le tsa madiba wohle;
8lona mollo le sefako,
lehlwa le mohodi,
moya wa sefefo
o phethang taelo ya hae;
9lona dithaba le maralla wohle,
difate tsa ditholwana
le tsa dikedare tsohle;
10lona diphoofolo tsa naha
le tsa hae tsohle,
dihahabi le dinonyana tse fofang;
11lona dikgosi tsa lefatshe
le lona merabe yohle,
mahosana le baahlodi bohle
ba lefatshe;
12lona bahlankana le lona barwetsana,
maqheku le lona ba batjha.
13Tsohle di rorise
lebitso la Morena;
ke lona feela
le lokelang ho tlotliswa,
botlotlehi ba hae bo phahame,
bo phahametse lefatshe,
bo phahametse le mahodimo.
14O tsositse setjhaba sa hae molota,
ke seo batshepuwa ba hae
ba ithorisang ka sona,
bana ba Iseraele,
setjhaba se leng haufi le yena.
Haleluja!

Currently Selected:

DIPESALEMA 148: SSO89SO

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in

YouVersion uses cookies to personalize your experience. By using our website, you accept our use of cookies as described in our Privacy Policy