YouVersion Logo
Search Icon

DIPESALEMA 132

132
Thoko ya Ntlo ya Modimo le tshepiso ya Morena ho Davida
1Sefela sa ho nyolohela Jerusalema.
Morena, ako hopole Davida,
le ho hlopheha hohle ha hae,
2kamoo a neng a hlapanye,
a hlapanyetsa Morena kateng,
a ikana ho Ya Matla,
Modimo wa Jakobo,
3a re:
“Nke ke ka kena ka tlung ya ka,
kapa ka paqama diphateng tsa ka;
4mahlo a ka
a ke ke a fumana boroko,
le dintshi tsa ka
di ke ke tsa tutubala,
5ho fihlela
ke fumanela Morena sebaka,
ke fumanela Ya Matla Leaho,
Ya Matla, Modimo wa Jakobo.”
6Areka re e utlwetse Eferata,
ra e fumana masimong a Jaare.
7A re keneng ka Leahong la hae,
re itihele kapele ho yena.
8Tloo, Morena,
o ye sebakeng sa hao sa phomolo,
wena le areka
e bontshang matla a hao.
9Baprista ba hao ba apeswe ho loka,
batshepuwa ba hao ba etse ditlatse.
10Ka baka la mohlanka wa hao Davida,
o se ke wa furalla
Motlotsuwa wa hao.
11Morena o ile a hlapanyetsa Davida,
a ke ke a kwenehela tshepiso,
tshepiso ena ya nnete,
a re: “E mong
wa bana ba theka la hao,
ke tla mmea teroneng ya hao.
12Ha bara ba hao
ba ka boloka selekane sa ka,
ba latela ditemoso
tseo ke ba neileng tsona,
le bara ba bona ba tla dula teroneng,
teroneng ya hao kamehla.”
13Morena o ikgethetse Sione,
o ratile hore e be leaho la hae;
14a re: “Sena ke sebaka sa ka
sa phomolo sa kamehla,
ke tla aha mona
hobane ke ratile jwalo.
15Ke tla hlohonolofatsa Sione ka nala,
mafutsana a yona ke a fepe,
ke a fepe, a kgore.
16Baprista ba yona
ke tla ba apesa pholoho,
batshepuwa ba yona
ba etse ditlatse.
17“Teng ke tla bea setloholo sa Davida,
ke se bee hore e be kgosi e matla,
ke lokisetse
Motlotsuwa wa ka lebone.
18Dira tsa hae ke tla di apesa dihlong;
athe yena hloohong ya hae
ho tla kganya mofapahlooho wa hae.”

Currently Selected:

DIPESALEMA 132: SSO89SO

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in

YouVersion uses cookies to personalize your experience. By using our website, you accept our use of cookies as described in our Privacy Policy