YouVersion Logo
Search Icon

DIPESALEMA 119

119
Thoko ya Molao wa Morena
Alef
1Ho lehlohonolo
ba metsamao e se nang kodi,
ba tsamayang ka Molao wa Morena.
2Ho lehlohonolo
ba latelang ditemoso tsa hae,
ba mmatlang
ka pelo tsohle tsa bona;
3ba sa etseng tse sa lokang,
ba mpang ba tsamaya
ditseleng tsa hae.
4O re neile ditaelo tsa hao,
hore re di boloke ka ho tlala.
5Eka nka tiya metsamaong ya ka,
ka phetha thato ya hao.
6Nke ke ka hlajwa ke dihlong,
ha ke hlokomela melao yohle ya hao.
7Ke tla o boka ka pelo e hlwekileng,
ha ke se ke ithutile
dikahlolo tsa hao tse lokileng.
8Ke tla phetha thato ya hao,
o se ke wa ntahlela ruri.
Beth
9Mohlankana a ka hlwekisa
metsamao ya hae jwang?
Ka ho hahela lentswe la hao lesaka.
10Ke o batla ka pelo ya ka yohle;
se ntumelle ho kgeloha,
ho kgeloha melao ya hao.
11Ke bolokile tshepiso ya hao,
ka e boloka ka pelong ya ka,
hore ke se ke ka o sitelwa.
12Ho bokwe wena Morena;
ako nthute thato ya hao.
13Ka molomo wa ka
ke bolela dikahlolo tsohle
tse tswang molomong wa hao.
14Ke thabela
ho latela ditemoso tsa hao,
ho feta maruo wohle.
15Ke tla nahana ditaelo tsa hao,
ke imamelle ditsela tsa hao.
16Ke thabela
ho phetha thato ya hao,
nke ke ka lebala lentswe la hao.
Gimel
17Etsetsa mohlanka wa hao tse molemo,
ke tle ke phele,
ke mamele lentswe la hao ka hloko.
18Ntutubolle mahlo,
ke bone dimakatso tsa Molao wa hao.
19Ke mofeti mona lefatsheng;
o se ke wa mpatela melao ya hao.
20Moya wa ka o ngongorehela
dikahlolo tsa hao ka nako tsohle.
21O kgalemela baikgohomosi,
baikgohomosi ba rohakehileng,
ba kgelohang melao ya hao.
22Ako tlose sekgobo le nyediso ho nna,
hobane ke latela ditemoso tsa hao.
23Leha mahosana a kopane,
a kopanetse ho nthera,
nna, mohlanka wa hao,
ke nahana thato ya hao.
24E, ditemoso tsa hao di a nthabisa,
ke baeletsi ba ka.
Daleth
25Ke rapaletse leroleng;
ako nnee bophelo
ho ya ka lentswe la hao.
26Ke o boleletse metsamao ya ka,
wa nkaraba;
ako nthute thato ya hao.
27Nthute, ke utlwisise
tsela ya ditaelo tsa hao,
ke tle ke nahane
dimakatso tsa hao.
28Moya wa ka o lliswa ke maswabi;
ako mmatlafatse
ho ya ka lentswe la hao.
29Nqobise tsela ya leshano,
o nkgauhele
ka ho nthuta Molao wa hao.
30Ke ikgethetse tsela ya nnete,
dikahlolo tsa hao ke di hlokometse.
31Ke kgomaretse ditemoso tsa hao;
oho, Morena,
ke se ke ka hlajwa ke dihlong.
32Ke tla matha
tseleng ya melao ya hao,
hobane wena o ntokolotse.
He
33Morena, nthute ho tsamaya
ho ya ka thato ya hao,
ke tle ke e latele ho isa qetellong.
34Nnee kutlwisiso
ke tle ke hlomphe Molao wa hao,
ke o boloke ka pelo ya ka yohle.
35Ntsamaise tseleng ya melao ya hao,
hobane ke a e thabela.
36Ruta pelo ya ka ditemoso tsa hao,
ho ena le ho rata maruo.
37Faposa mahlo a ka,
a se ke a bona tsa mafeela,
o nnee bophelo tseleng ya hao.
38Phethisetsa mohlanka wa hao tshepiso
eo o e etseditseng ba o tshabang.
39Ntlose sekgobo seo ke se tshabang,
hobane dikahlolo tsa hao di lokile.
40Ke lakatsa ditaelo tsa hao;
ako nnee bophelo ka ho loka ha hao.
Vaw
41Morena, ako ntshitse
ka mohau wa hao,
o mpholose ho ya ka tshepiso ya hao;
42ke tle ke tsebe
ho araba ba nnyefolang,
hobane ke tshepile lentswe la hao.
43Nthuse, ke bue nnete feela,
hobane ke tshepile dikahlolo tsa hao.
44Ke tla nne ke boloke Molao wa hao,
ke o boloke kamehla le mehla.
45Ke tla phela ka bolokolohi,
hobane ke thahasella ditaelo tsa hao.
46Ke tla bua ka ditemoso tsa hao,
ke bue ka tsona kapele ho dikgosi,
ke sa hlajwe ke dihlong.
47Ke thabela melao ya hao,
mme ke e rata haholo.
48Ke tla hlompha melao ya hao,
ke nahane thato ya hao.
Zayin
49Hopola lentswe leo o le buileng,
wa le bua ho mohlanka wa hao,
hobane le nneile tshepo.
50Ho hlopheheng ha ka
se ntshedisang ke sena:
Tshepiso ya hao e nnea bophelo.
51Baikgohomosi ba ntlaka haholo,
empa ha ke furalle Molao wa hao.
52Morena, ke hopola dikahlolo tsa hao,
kahlolo tsa hao tsa boholoholo,
mme ke a tshediseha.
53Ke halefiswa haholo ke ba kgopo,
ba furallang Molao wa hao.
54Thato ya hao
ke pina ho nna, fatsheng lena
leo ke leng mofeti ho lona.
55Bosiu ke hopola lebitso la hao,
lebitso la hao Morena,
mme ke boloka Molao wa hao.
56Lehlohonolo la ka ke lena:
Ke bolokile ditaelo tsa hao.
Heth
57Morena, ke itse kabelo ya ka
ke ho mamela mantswe a hao
ke a mamele ka hloko.
58Ke o rapela ka pelo ya ka yohle:
Ako nkgauhele
ho ya ka tshepiso ya hao.
59Ke hlahlobile metsamao ya ka,
mme ke kgutletse tseleng
eo o mpontshitseng yona.
60Ke ile ka potlaka, ka se ke ka dieha
ho boloka melao ya hao.
61Le hoja maraba a ntshwasitse,
maraba a ba kgopo a ntshwasitse,
ha ke a lebala Molao wa hao.
62Ke tsoha ka seroko ho o boka,
ka baka la kahlolo tsa hao,
kahlolo tse lokileng.
63Ke motswalle wa bohle
ba o tshabang,
le wa ba bolokang ditaelo tsa hao.
64Lefatshe lohle
le tletse mohau wa hao, Morena;
ako nthute thato ya hao.
Teth
65Morena, o entse tse molemo,
wa di etsetsa mohlanka wa hao,
ho ya ka lentswe la hao.
66Nthute bohlale le tsebo,
hobane ke tshepa melao ya hao.
67Pele ke eso kokobetswe
ke ne ke kgelohile;
jwale ke hlokometse tshepiso ya hao.
68Wena o molemo, o etsa tse molemo;
ako nthute thato ya hao.
69Le hoja baikgohomosi
ba nneta ka leshano,
ke tla boloka ditaelo tsa hao,
ke di boloke ka pelo ya ka yohle.
70Pelo tsa bona di tsherehane,
empa nna ke thabela Molao wa hao.
71Ke hantle ha ke ile ka kokobetswa,
ke tle ke ithute thato ya hao.
72Ho molemo ho nna
ho ba le Molao o tswang ho wena,
ho ena le ho ba le diketekete
tsa tjhelete ya kgauta le ya silefera.
Yod
73O mpopile ka matsoho a hao,
wa nnea sebopeho;
ako nnee kutlwisiso,
ke tle ke ithute melao ya hao.
74Ba o tshabang ba tla mpona,
ba mpone ba thabe,
hobane ke tshepile lentswe la hao.
75Morena, ke a tseba
hore dikahlolo tsa hao di lokile;
mme leha o nkokobeditse,
wena o a tshepahala.
76Mohau wa hao o ke o ntshedise,
ho ya ka tshepiso eo o e entseng,
wa e etsetsa mohlanka wa hao.
77Lerato la hao le ke le nketele,
ke tle ke phele,
hobane ke thabela Molao wa hao.
78Baikgohomosi ba ntubang,
ba ntubang ka mashano,
ba ke ba hlajwe ke dihlong,
empa nna
ke tla nahana ditaelo tsa hao.
79Ba o tshabang
ba ke ba kgutlele ho nna,
le ba tsebang ditemoso tsa hao.
80Pelo ya ka e ke e phethe
thato ya hao ka ho tlala,
ke tle ke se ke ka hlajwa ke dihlong.
Kaph
81Moya wa ka o ngongorehela
ho pholoswa ke wena,
ke tshepile lentswe la hao.
82Mahlo a ka a motela
ke ho lebella tshepiso ya hao,
ke re:
“Ekaba o tla ntshedisa neneng?”
83Le hoja ke le jwaloka lekuka,
lekuka le ka mosing,
ha ke a lebala thato ya hao.
84Mohlanka wa hao
o sa tla phela ho le hokae?
Bahlorisi ba ka
o tla ba ahlola neng?
85Baikgohomosi
ba ntjheketse mamena;
bona ba sa yeng ka Molao wa hao.
86Melao ya hao yohle ke ya nnete;
empa bona ba ntlhorisa ka mashano,
ako nthuse.
87Ba batile ba ntlosa lefatsheng,
empa ha ke a furalla ditaelo tsa hao.
88Ako nnee bophelo ka mohau wa hao,
ke latele ditemoso
tse tswang ho wena.
Lamed
89Morena, lentswe la hao
ke la mehla yohle,
le tiile jwaloka mahodimo.
90Botshepehi ba hao
ke ba meloko yohle,
o theile lefatshe, mme le tsitsitse.
91Ho ya ka dikahlolo tsa hao,
tsohle di ntse di tiile:
Dintho tsohle di a o sebeletsa.
92Hoja Molao wa hao
e ne e se thabo ya ka,
nka be ke timeditswe
ke ho hlopheha ha ka.
93Nke ke ka lebala
ditaelo tsa hao le ka mohla,
hobane ke ka tsona
o nneang bophelo.
94Ke wa hao, ako mpholose,
hobane ke thahasella
ditaelo tsa hao.
95Ba kgopo ba ntaletse
hore ba ntimetse,
empa ke hlokometse
ditemoso tsa hao.
96Ke bone
hore tsohle tse phethehileng
di na le bofelo,
empa Molao wa hao ha o na moedi.
Mem
97Molao wa hao ke o rata hakaakang!
ke o nahana letsatsi lohle.
98Molao wa hao
o ntlhalefisa ho feta dira tsa ka,
hobane ke na le wona kamehla yohle.
99Ke hlalefile
ho feta bohle ba nthutileng,
hobane ke nahana ditemoso tsa hao.
100Ke feta maqheku ka kutlwisiso,
hobane ke boloka ditaelo tsa hao.
101Ke qobisa maoto a ka
ditsela tsohle tse kgopo,
ke tle ke mamele
lentswe la hao ka hloko.
102Ha ke furalle dikahlolo tsa hao,
hobane ke wena ya nthutileng tsona.
103Ditshepiso tsa hao
di latsweha hamonate hakaakang!
Di feta mahe a dinotshi
ka hanong la ka.
104Ke na le kutlwisiso
ka baka la ditaelo tsa hao,
ka baka leo,
ke hloile ditsela tsohle tsa leshano.
Nun
105Lentswe la hao
ke lebone maotong a ka,
ke lesedi tseleng ya ka.
106Ke ikanne, ke eme ke tiile:
Ke tla ya ka kahlolo tsa hao,
kahlolo tsa hao tse lokileng.
107Ke kokobeditswe ka ho fetisisa;
oho, Morena, ako nnee bophelo
ho ya ka lentswe la hao.
108Morena, amohela diteboho
tse tswang molomong wa ka,
o nthute dikahlolo tsa hao.
109Bophelo ba ka bo kotsing kamehla,
empa ha ke lebale Molao wa hao.
110Ba kgopo ba ntjhehetse leraba,
empa ha ke kgelohe ditaelo tsa hao.
111Ditemoso tsa hao
ke lefa la ka la mehla yohle,
ke thabo ya pelo ya ka.
112Ke rerile ka pelong ya ka
ho phetha thato ya hao kamehla,
ho e phetha ho isa qetellong.
Samek
113Ke hloile bo-temepedi,
ke rata Molao wa hao.
114O setshabelo sa ka le thebe ya ka,
ke tshepile lentswe la hao.
115Tlohang ho nna,
lona ba etsang bobe,
ke boloke melao ya Modimo wa ka.
116Mmatlafatse
ho ya ka tshepiso ya hao,
ke tle ke phele;
o se ke wa ntshwabisa,
hobane ke o tshepile.
117Nthuse, ke tle ke pholohe,
ke nne ke thabele
ho phetha thato ya hao.
118O nyedisa bohle
ba kgelohang thato ya hao,
hobane masene a bona ke lefeela.
119Bohle ba lefatshe ba kgopo
o ba tadima e le manya,
kahoo ke rata ditemoso tsa hao.
120Mmele wa ka
o thothomela ke ho o tshaba,
mme ke tshohile dikahlolo tsa hao.
Ayin
121Ke phethile toka le ho lokileng;
o se ke wa ntlohella
matsohong a bahatelli ba ka.
122Sireletsa mohlanka wa hao,
mohlanka wa hao a tle a atlehe,
baikgohomosi
ba se ke ba mo hatella.
123Mahlo a ka a motela
ke ho lebella ho pholosa ha hao,
le ho lebella tshepiso ya hao,
tshepiso ya hao e lokileng.
124Tshwara mohlanka wa hao hantle
ho ya ka mohau wa hao,
o nthute thato ya hao.
125Ke mohlanka wa hao,
ako nnee kutlwisiso,
ke tle ke tsebe ditemoso tsa hao.
126Morena, ke nako ya hore o sebetse,
hobane ba tlotse Molao wa hao.
127Ruri ke rata melao ya hao,
ke e rata ho feta kgauta,
le hona kgauta e hlwekisitsweng;
128kahoo ke latela ditaelo tsa hao tsohle,
ke hloile ditsela tsohle tsa leshano.
Pe
129Ditemoso tsa hao di a tsoteha,
ke ka hoo ke di latelang.
130Qaqiso ya mantswe a hao e a edisa,
ba hlokang mano
e ba nea kutlwisiso.
131Ke ahlamisa molomo wa ka,
ke sisa pelo
ke ho labalabela melao ya hao.
132Retelehela ho nna, o nkgauhele,
jwalokaha ho lokela
ba ratang lebitso la hao.
133Matlafatsa mehato ya ka
ho ya ka tshepiso ya hao,
o se dumelle hore ke buswe ke bobe.
134Ntopolle ho batho ba nkgatellang,
ke tle ke boloke ditaelo tsa hao.
135Ako bontshe mohlanka wa hao
fahleho se kganyang kgotso,
o nthute thato ya hao.
136Marameng a ka
ho keleketla dikeledi,
hoba ha ho ya bolokang
Molao wa hao.
Sade
137Morena, wena o lokile,
le dikahlolo tsa hao di nepahetse.
138Temoso tseo o faneng ka tsona
di lokile, di tshepahala haholo.
139Tjheseho ya ka e a nqeta,
hobane ba ntlhoileng
ba lebala mantswe a hao.
140Tshepiso ya hao ke ya nnetenete,
mohlanka wa hao o a e rata.
141Ke monyenyane, ke a nyediseha,
empa ditaelo tsa hao ha ke di lebale.
142Ho loka ha hao
ke ho loka ha kamehla,
Molao wa hao ke nnete.
143Ke fihletswe ke matshwenyeho,
ke fihletswe ke matswalo,
empa melao ya hao ke thabo ya ka.
144Ditemoso tsa hao di lokile kamehla;
ako nnee kutlwisiso, ke tle ke phele.
Koph
145Morena, ke a ipiletsa,
ke ipiletsa ka pelo ya ka yohle,
ako nkarabe;
ke tle ke phethe thato ya hao.
146Ke ipiletsa ho wena, ako mpholose;
ke tle ke latele ditemoso tsa hao.
147Ke tsoha
e sa le ka madungwadungwana,
ke lle ho wena,
hobane ke tshepile mantswe a hao.
148Ke lala ke fadimehile
ka nako tsa bosiu,
ke ntse ke nahana tshepiso ya hao.
149Morena, mamela lentswe la ka,
o le mamele
ka baka la mohau wa hao,
o nnee bophelo
ho ya ka kahlolo ya hao.
150Bahlorisi ba bolotsana ba a atamela,
bona ba holehole le Molao wa hao.
151Wena Morena, o haufi,
mme melao yohle ya hao ke nnete.
152Kgale ke tsebile
hore ditemoso tsa hao
o di tiisitse, e be tsa mehla yohle.
Resh
153Ako tadime ho hlopheha ha ka,
o nnamolele,
hobane ha ke a lebala Molao wa hao.
154Ako emele nyewe ya ka, o ntopolle;
o nnee bophelo
ho ya ka tshepiso ya hao.
155Pholoho e holehole le ba kgopo,
hobane ha ba batle thato ya hao.
156Lerato la hao le leholo, Morena;
ako nnee bophelo
ho ya ka dikahlolo tsa hao.
157Ba bangata ba ntlhorisang,
le ba ntwantshang ba bangata,
empa ha ke furalle ditemoso tsa hao.
158Ha ke bona bakwenehi ke a teneha,
hoba tshepiso ya hao,
ha ba e hlokomele.
159Morena, bona
kamoo ke ratang ditaelo,
ke ratang taelo tsa hao kateng!
Ako nnee bophelo
ho ya ka mohau wa hao.
160Nnete ke moko wa lentswe la hao,
dikahlolo tsohle tsa hao
ke tse lokileng, ke tsa mehla yohle.
Shin
161Mahosana a ntlhorisa ntle ho lebaka,
empa pelo ya ka
e tshoswa ke lentswe la hao feela.
162Ke thabela tshepiso ya hao,
jwaloka ya fumaneng kgapo,
kgapo e ngata.
163Leshano ke le hloile, ke a le nyonya;
Molao wa hao wona ke a o rata.
164Ke o rorisa hasupa ka letsatsi,
ka baka la kahlolo tsa hao,
kahlolo tse lokileng.
165Ba ratang Molao wa hao
ba na le kgotso e phethehileng,
ha ho na se ka ba kgopang.
166Morena, ke lebeletse
hore o mpholose,
ke tle ke phethe melao ya hao.
167Ke latela ditemoso tsa hao,
ke di rata haholo.
168Ke boloka ditaelo tsa hao,
le ditemoso tsa hao ke a di boloka,
hobane o bona metsamao ya ka yohle.
Taw
169Morena, sello sa ka
se ke se finyelle ho wena;
ako nnee kutlwisiso
ho ya ka lentswe la hao.
170Thapelo ya ka e ke e fihle ho wena;
ako nnamolele
ho ya ka tshepiso ya hao.
171Molomo wa ka
o bolela dithoko tsa hao,
hobane o nthuta thato ya hao.
172Leleme la ka
le ke le bine tsa tshepiso ya hao,
hoba melao yohle ya hao e lokile.
173Letsoho la hao le ke le nthuse,
hoba ke ikgethetse ditaelo tsa hao.
174Morena, ke lakatsa ho pholoswa,
ho pholoswa ke wena;
Molao wa hao ke thabo ya ka.
175A nke ke phelele ho o rorisa,
dikahlolo tsa hao di ke di nthuse.
176Ke lelera jwaloka nku e lahlehileng;
ako batle mohlanka wa hao,
hobane ha ke lebale melao ya hao.

Currently Selected:

DIPESALEMA 119: SSO89SO

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in

YouVersion uses cookies to personalize your experience. By using our website, you accept our use of cookies as described in our Privacy Policy