YouVersion Logo
Search Icon

DIPESALEMA 116

116
Teboho ya motho ya pholohileng
1Ke rata Morena,
hobane o utlwile thapedi ya ka,
2a ntshekehela tsebe,
mohla ke neng ke ipiletsa ho yena.
3Marapo a lefu a ne a ntlamile,
maraba a Nqalo ya Bafu
a ntshwasitse,
ka ba matswalong le maswabing.
4Yaba ke rapela lebitso la Morena,
ka rapela, ka re: “Oho, Morena,
ako pholose bophelo ba ka.”
5Morena o mosa, o lokile,
Modimo wa rona
o na le kutlwelobohloko.
6Morena o baballa ba hlokang mano,
a na a mpholosa ha ke ne ke fokola.
7Moya wa ka,
ako boele o kgatholohe,
hoba Morena
o o etseditse tse molemo.
8O mpholositse lefung,
a ntlhakola meokgo,
a mphemisa ho kgoptjwa;
9ke tla tsamaya
pontsheng ya Morena,
lefatsheng la ba phelang.
10Ke ne ke ntse ke tshepile, ha ke re:
“Ke tshwenyehile haholo.”
11Pherekanong ya ka ka ba ka re:
“Ha ho motho ya tshepahalang!”
12Ke tla buseletsa Morena kang,
bakeng sa melemo yohle
eo a nketseditseng yona?
13Ke tla nyehela ka mohope,
hobane ke pholositswe,
mme ke rapele lebitso la Morena.
14Ke tla phetha dikano tsa ka,
ke di phethe ho Morena,
pontsheng ya setjhaba sohle sa hae.
15Lefu la batshepuwa ba hae
ke ntho ya bohlokwa
mahlong a Morena.
16Ruri, Morena,
ke mohlanka wa hao,
mora wa lekgabunyane la hao;
o tlamolotse ditlamo tsa ka.
17Ke tla o nyehella
ka sehlabelo sa teboho,
mme ke rapele lebitso la Morena.
18Ke tla phetha dikano tsa ka,
ke di phethe ho Morena,
pontsheng ya setjhaba sohle sa hae,
19mabaleng a ntlo ya Morena,
bohareng ba hao,
wena Jerusalema.
Haleluja!

Currently Selected:

DIPESALEMA 116: SSO89SO

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in

YouVersion uses cookies to personalize your experience. By using our website, you accept our use of cookies as described in our Privacy Policy