YouVersion Logo
Search Icon

MAELE 8

8
Bohlale bo a roriswa
1Na ebe bohlale ha bo howe?
Kutlwisiso yona
ha e phahamise ntswe la yona?
2Bo eme tseleng tse phahameng,
bo eme mateanong a ditsela.
3Bo howeletsa
bo le kgorong tsa motse,
bo howeletsa
bo le monyako wa motse:
4“Banna, mamelang, ke bitsa lona,
ke ipiletsa ho batho bohle.
5Lona ba se nang tsebo
ithuteng bohlale!
Lona dithoto batlang kutlwisiso!
6Theang tsebe
ke le bolelle tsa bohlokwa,
ke le phatlalletse tse lokileng.
7Ke tla bua nnete feela,
hobane bokgopo ke bo hloile.
8Polelo tsohle tsa ka ke tsa nnete,
thetso le bomenemene
ha di yo ho tsona,
9di utlwahala tsohle
ho ya nang le kelello,
di nepahetse tsohle
ho ba nang le tsebo.
10Inkeleng thuto ya ka
ho ena le silefera,
ikgetheleng tsebo ho ena le kgauta.
11“Bohlale bo molemo
ho feta mabenyane a bohlokwa,
ha ho letho le ka bapiswang le bona.
12Nna, Bohlale, ke fana le ka masene,
tsebo le tlhalohanyo
le tsona ke di ruile.
13Ho tshaba Morena
ke ho hloya bobe,
ke hloile boikgohomoso,
ke hloile le boikakaso,
boitshwaro bo bobe le leshano
le tsona ke di hloile.
14Boeletsi le ho ba sedi
le tsona ke tsa ka,
kutlwisiso le matla le tsona ke tsa ka.
15Ke ka nna
kgosi di tsebang ho rena,
le babusi
ba etsang melao e lokileng.
16Ke ka nna mahosi le mahosana
a tsebang ho busa,
le baahlodi bohle
ba tsebang ho ahlola.
17Ba nthatang le nna ke a ba rata,
ba mpatlang
bona ba tla mphumana.
18Ho nna maruo le tlotla di teng,
maruo a sa feleng le hona ho loka.
19Tholwana ya ka
e kgahleha ho feta kgauta,
e feta kgauta e hlwekisitsweng,
tse fumanwang ho nna
di feta silefera e hlwekisitsweng.
20Ke tsamaya tseleng ya toka,
tsela ya ka ke tsela ya molao.
21Ba nthatang ke ba abela lefa,
matlole a bona ke a tlatse,
a be mohlohlo.
22“Morena o mpopile
qalehong ya mesebetsi ya hae,
pele ho mesebetsi ya hae,
mesebetsi ya kgalekgale;
23ke hlodilwe kgale,
pele ho mehla yohle,
ke hlodilwe tshimolohong,
fatshe le eso be teng.
24Ka tswalwa
pele mawatle a eba teng,
didiba tse kollang di eso ka di runya;
25ka tswalwa thaba di eso ka di thewa,
ka tswalwa le maralla a eso be teng,
26pele fatshe le eba teng
le masimo a lona,
pele role la lefatshe
le lona le eba teng.
27Ke ne ke le teng
ha a bea mahodimo bakeng sa wona,
a seha moedi wa loapi,
a o seha hodima mawatle;
28ha a etsa lenamola la maru,
a le etsa sepakapakeng,
a phunya mehlodi ya madiba
a e tsitsisa;
29ha a sehela lewatle moedi wa lona,
metsi a se ke a tlola taelo ya hae;
le ha a rala metheo ya lefatshe.
30Ke ne ke le tsoho la hae le letona,
ka matsatsi wohle ke mo thabisa,
ke nyakaletse ke le kapele ho yena;
31ke thabetse lefatshe e le la hae,
ke thabetse le batho a ba bopile.
32“Jwale, bana ba ka, mmameleng!
Ho lehlohonolo
ba tsamayang tseleng tsa ka.
33Mamelang thuto ya ka
le tle le hlalefe,
le se ke la hana ho e mamela.
34Ho lehlohonolo
motho ya mmamelang,
ya lebelang kamehla
menyakong ya ka,
ya kokomalang thuleng la ntlo ya ka.
35Ya mphumanang o fumana bophelo,
Morena o tla mo rekolohela.
36Ya sa mphumaneng o ipea kotsing,
bohle ba ntlhoileng
bona ba rata lefu.”

Currently Selected:

MAELE 8: SSO89SO

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in

YouVersion uses cookies to personalize your experience. By using our website, you accept our use of cookies as described in our Privacy Policy