YouVersion Logo
Search Icon

MAELE 31

31
Keletso ho dikgosi
1Tsena ke dipolelo tsa Lemuele, kgosi ya Masa, tseo a neng a di rutwe ke mmae:
2“Oho, ngwanaka!
Oho, ngwana popelo ya ka!
Wena eo ke mo filweng
ho arabela thapelo tsa ka,
3se qete matla
a bonna ba hao ka basadi,
se tjhediete
le basadi ba timeditseng dikgosi.
4“Ha ho lokele dikgosi, Lemuele,
ho nwa veine ha ho di lokele,
ho tjhatjhehela jwala
ha ho lokele mahosana,
5esere ha di nwele,
molao tsa o lebala,
bafumanehi ba ahlolelwa ka leeme.
6Ba kgatheng la ho shwa
ba nweseng jwala,
ba sithabetseng dipelo
le ba nwese veine.
7Ba tloheleng ba nwe,
ba lebale bofuma ba bona,
mahlomola a bona
ba se hlole ba a hopola.
8“Eba molomo
wa ba sa tsebeng ho ipuella,
o tseke tokelo
tsa bohle ba saretsweng.
9Ba buelle,
o ba ahlolele ka toka,
o emele nyewe tsa bafumanehi
le wona mafutsana.”
Mosadi ya kgabane
10Mosadi ya kgabane
a ka fumanwa ke mang?
Bohlokwa ba hae
bo feta le mabenyane a bohlokwa!
11Monna hae
o mo tshepa a sa kganane,
mme bofutsana
a ke ke be a bo tseba.
12Ke matsatsi wohle
a ho phela ha hae,
o etsetsa monna
tse molemo e seng tse mpe.
13O batla boya, a batle motsitla,
a sebetse ka matsoho a hae
ka mafolofolo.
14O tshwana le dikepe
tsa bo-rakgwebo,
dijo tsa hae o di tlisa di etswa hole.
15O tsoha bosiu e sa le ka matjeke,
a fepe bohle ba lelapa la hae,
makgabunyane a hae
a a abele mosebetsi.
16Ha a kgahlwa ke tshimo
eba o a e reka,
a e leme morara
ka tse sebeditsweng
ke matsoho a hae.
17Theka la hae o le tlama hathata,
a matlafatse le matsoho a hae.
18O lemoha hore kgwebo ya hae
e a mo atla,
bosiu bo sa
bone la hae le sa tingwe.
19Toloki o e tshwara
ka letsoho la hae,
tshwele a e tshware
ka monwana ha a e ohla.
20Bafumanehi o ba fepa a sa kganane,
bahloki le bona a ba atswe
ka tsoho le batsi.
21Ha lehlwa le kgetheha
letswalo ha a na lona,
bohle ba lapa la hae
ba apesitswe tse mofuthu;
22kallane tsa moalo o itohela tsona,
aparo tsa hae
ke tsa lene e ntle, e perese.
23Monna hae
o hlompheha le kgorong tsa motse,
ha a dutse teng le baholo ba naha.
24O roka diaparo tsa lene e ntle
a di rekise,
le wona maqhama
bahwebi ba a reka ho yena.
25Matla le seriti
ke tsona aparo tsa hae,
taba tsa kamoso tsona o a di teola!
26Ha a etswa molomo
o bua ka kelello,
thuto tsa mosa
di tswe lemeng la hae.
27O sedi tabeng tsa lelapa la hae,
hase mokotla o mahlo,
mohlohlwa-o-rapame.
28Bana ba hae
ba ema ba re o hlohonolo,
le monna hae a rialo,
a ba a mmabatse, a re:
29“Basadi ba bangata
ke basadi ba kgabane,
empa wena kaofela o a ba feta!”
30Leredi ke thetsane,
botle ke lefeelafeelane;
mosadi ya tshabang Modimo
ke yena ya tla roriswa.
31Mo nee moputso wa matsoho a hae,
mosebetsi wa hae
o mo rorise kgorong tsa motse.

Currently Selected:

MAELE 31: SSO89SO

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in

YouVersion uses cookies to personalize your experience. By using our website, you accept our use of cookies as described in our Privacy Policy