YouVersion Logo
Search Icon

MAELE 3

3
Keletso ho batjha
1Mora wa ka,
se lebale thuto ya ka,
pelong ya hao
melao ya ka o e boloke,
2o tlo lelefaletswe matsatsi a hao,
lemo tsa kgotso di tle di o atele.
3Eba le lerato, o be le botshepehi,
molaleng wa hao o itlame ka tsona;
o di ngole tlapeng la pelo ya hao.
4O tla ratwa ke Modimo le batho,
o iketsetse lebitso mahlong a bona.
5Tshepa Morena
ka pelo ya hao yohle,
o se ke wa tshepa bohlale ba hao.
6Kenya Morena mererong ya hao,
mo kenye ho yona yohle,
tsela tsa hao a tla di otlolle.
7O se ipone o le bohlale,
tshaba Morena, o sesefe bobe.
8O tla phela hantle mmeleng,
masapo a hao a tiye.
9Tlotla Morena ka maruo a hao,
le ka lopotsiya tsohle
tsa dijalo tsa hao.
10Disiu tsa hao
di tla sasamatswa ke tjhai,
merifi ya hao e kgaphatsehe veine.
11Mora wa ka,
se nyedise kgalemelo ya Morena,
se kgathale ha a o laya,
12hoba Morena o kgalema
eo a mo ratang,
sa ntata, ngwaneng eo a mo ratang.
13Ho lehlohonolo
ya iphumanetseng bohlale,
ya bileng a fihletseng kutlwisiso,
14hoba bo feta silefera ka bohlokwa,
ho bo fihlela
ke tlotlo le fetang kgauta;
15bo kgahleha
ho feta le mabenyane a bohlokwa,
ha ho letho
le ka bapiswang le bona;
16ka ho le letona
bo kakatletse bolelele ba bophelo,
ka ho le letshehadi
bo kakatletse maruo le tlotla.
17Tsela tsa bona di a kgahleha,
moo bo tsamayang teng
ho rena kgotso.
18Ho ba bo kgomarelang
ke fate sa bophelo,
ho lehlohonolo
ba itshwarellang ka bona.
19Ka bohlale
Morena o radile metheo ya lefatshe,
ka kelello
Morena a ala le mahodimo;
20ka tsebo ya hae a arohanya madiba,
maru a latsa phoka,
a e latsa hodima lefatshe.
21Mora wa ka,
boloka bohlale le tlhalohanyo,
di se tlohe mahlong a hao.
22Tsena ho wena e tla ba bophelo,
di qhake molala wa hao,
di o kgabise.
23O tla tsamaya o sireletsehile,
leoto la hao le ke ke la kgoptjwa.
24Ha o robala
o ke ke wa tshaba letho,
ha o robala
o tla kgaleha thuwe!
25Se tshabe tlokotsi
e o tlelang ka tsometso,
kapa timetso
e welang ba kgopo hodimo;
26hobane Morena
ke yena letshepa la hao,
leoto la hao
le ke ke la wela lerabeng.
27Fana ka tse molemo
ho ba di hlokang,
ha o ena le matla a ho etsa jwalo.
28O se ke wa re ho wa heno:
“Tsamaya o boele o kgutle,
ke tla o nea yona hosasa,”
empa o ntso ena le yona.
29O se ke wa rerela wa heno bokgopo,
empa yena a phela le wena
a o tshepile.
30Se qose motho ho se na lebaka,
ha yena a sa o senyetsa letho.
31Se kgahlwe ke motho
ya kgantshang bohanka,
se latele le e nngwe ya tsela tsa hae.
32Morena o hloile ya sothang nnete,
empa ya lokileng
yena o a mo tshepa.
33Morena o rohaka
malapa a ba kgopo;
o hlohonolofatsa a ba lokileng.
34Morena o soma baikakasi,
athe baikokobetsi o a ba hauhela.
35Ba bohlale bona o a ba tlotla,
athe lefa la dithoto ke ho tlontloloha.

Currently Selected:

MAELE 3: SSO89SO

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in

YouVersion uses cookies to personalize your experience. By using our website, you accept our use of cookies as described in our Privacy Policy