YouVersion Logo
Search Icon

MAELE 29

29
1Motho ya nnileng a kgalengwa
empa a satalatsa molala,
hanghang o tla welwa ke kotsi,
pheko e be siyo.
2Ha ba lokileng ba ngatafala,
tjhaba se a nyakalla,
empa ha ba kgopo ba busa
tjhaba se a lla,
3Ya ratang bohlale o thabisa ntatae,
ya mathang le diotswa
o hafaka leruo la hae.
4Ha kgosi e thahasella toka,
puso e a tsitsa,
kgosi e kgethisang setjhaba haboima
e futsanehisa naha.
5Motho ya phoqang mohahabo
o itjhehela leraba ka boyena.
6Sebe sa ya kgopo
ke lemena ho yena,
empa ya lokileng
o bina a nyakaletse.
7Ya lokileng
o hlokomela tokelo tsa bafumanehi,
empa ya kgopo
yena ha a di natse ka letho.
8Basomi ba fehla moferefere,
ba o fehla kahara motse,
empa ba bohlale
ba kokobetsa kgalefo.
9Ha motho ya bohlale
a qosana le ya sethoto,
leha ya sethoto a ka halefa,
kapa a tsheha,
kgotso e ke ke ya eba teng.
10Ba nyoretsweng madi
ba hloile ba lokileng,
empa ba lokileng
ba boulela bophelo ba hae.
11Sethoto se hlatsa kgalefo ya sona,
empa ya bohlale yena o a e bipa.
12Ha mmusi a mamela mashano,
bahlanka ba hae bohle
ba tla ba kgopo.
13Mofumanehi le mohatelli
ba tshwana ka sena:
Morena o tutubolla mahlo,
mahlo a bona bobedi.
14Kgosi e ahlolelang bafumanehi,
e ba ahlolelang ka toka,
terone ya yona
e tla tsitsa kamehla yohle.
15Thupa le kgalemo di tlisa bohlale,
empa ngwana ya tlohetsweng feela,
o hlabisa mmae dihlong.
16Ha ba kgopo ba anafala,
bokgopo bo a eketseha;
empa ba lokileng
ba tla bona ha ba timela.
17Kgalema mora wa hao,
o tla fumana phomolo,
le moya wa hao o nyakalle.
18Tjhaba se sa senolelwang ditaba,
se iketsetsa borata,
empa ho lehlohonolo
ya bolokang molao.
19Lekgoba le ke ke la kgalengwa
ka ho buiswa feela,
le hoja le utlwisisa,
le ke ke la phetha taelo.
20Motho eo ereng ha a bua
a phasolohe,
o ka tshepa sethoto
ho ena le yena.
21Ya bokotsang kgoba la hae
ha a le hodisa,
le tla qetella le mo hlokela teboho.
22Motho ya bohale o baka diqabang,
ya hlonameng
yena o tletse bokgopo.
23Boikakaso ba motho bo a mo diha,
empa boikokobetso
bo mo tlisetsa hlompho.
24Motswalle wa leshodu o itlhoile,
o utlwa thohako, empa ha a e natse,
25Ho tshaba batho
ke ho itjhehela leraba,
empa ya tshepang Morena
o tla bolokeha.
26Ba bangata
ba batla ho ratwa ke mmusi,
empa motho
o fumana toka ho Morena feela.
27Ba lokileng ba nyonya ba sa lokang,
ba sa lokang ba nyonya ba lokileng.

Currently Selected:

MAELE 29: SSO89SO

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in

YouVersion uses cookies to personalize your experience. By using our website, you accept our use of cookies as described in our Privacy Policy