YouVersion Logo
Search Icon

MAELE 23

23
6
1Ha o dula tafoleng,
o eja le mmusi,
hopola hantle
hore na o dutse le mang;
2haeba o itseba o le monyollo,
ako itshware, o je jwaloka motho;
3o se kgalle dimenyemenye tsa hae,
hoba hase dijo empa e le maraba.
7
4O se ka itja matla hore o ithuise;
eba le bohlale ba ho itshwara.
5Ha o re maruo hedi!
o tla bona a sa nyametse,
hobane a tla fela a mele mapheo,
a fofele hodimo sa ntsu,
sa ntsu e le sepakapakeng.
8
6Se je dijo tsa ya lekgonatha,
o se ke wa kgalla
dimenyemenye tsa hae,
7hobane kamehla
o nahana theko ya tsona.
O re ho wena: “Eja, o nwe,”
feela pelo ya hae yona ha e rialo.
8O tla hlatsa le thathana
eo o e jeleng,
ebe mantswe a hao
a monate a teboho a senyehile.
9
9O se ikgathatse ho bua le sethoto,
hoba se tla nyedisa
bohlale ba dipuo tsa hao.
10
10O se ke wa tlosa
mokolokotwane wa kgale,
kapa wa hapa masimo a dikgutsana,
11hoba Mosireletsi wa tsona o matla,
ke yena ya tla emela nyewe ya tsona.
11
12Pelo ya hao
e thahaselle ho ithuta,
tsebe tsa hao
di mamele puo tse nang le tsebo.
12
13Se hlokise ngwana wa hao kgalemo,
thupa ke mosesetso
e ke ke ya mmolaya.
14Mo sasare ka leswai,
o tla mo phemisa lefu.
13
15Mora ka, haeba o le bohlale,
le nna ke tla thaba;
16pelo ya ka e tla nyakalla
ha o bua seo e leng nnete.
14
17Pelo ya hao
e se kgahlwe ke baetsadibe,
empa kamehla
o tjhesehele ho tshaba Morena.
18Ruri o sa na le seo
o se tshepileng kamoso,
mme tshepo ya hao
e ke ke ya ba ya fela.
15
19Mamela, mora ka, o tlo hlalefe,
o tsamaye tseleng e nepahetseng.
20Se tsamaye le ba itlopang veine,
kapa ba kgetshelakang dinama,
21hoba matahwa le menyollo
e a futsaneha
ho tsherehana ho e apesa marantha.
16
22Mamela ntatao ya o tswetseng,
O se nyedise mmao ha a tsofetse.
23Reka nnete le bohlale
le tayo le kutlwisiso,
mme o se ke wa ba wa di rekisa.
24Ntata ya lokileng
o nyakalla haholo;
ya nang le mora ya bohlale
o itumela ka yena.
25Ntatao le mmao ba ke ba thabe,
mmao ya o tswetseng a ke a nyakalle!
17
26Mora ka, ako nnee pelo ya hao,
mahlo a hao a kgahlwe,
a kgahlwe ke metsamao ya ka,
27hobane seotswa
ke lemena le tebileng,
seraburabu sona
ke mokoti o patisaneng;
28se lalla jwaloka senokwane,
se atisa dihlola hara banna.
18
29Ya madimabe ke mang?
Ya hlomohileng ke mang?
Ya dikgang ke mang?
Ya tletlebang ke mang?
Ya meupa ya bosawana ke mang?
Ya mahlomafubedu ke mang?
30Ke ba hlanyetsang veine,
ba yang ho latswa veine
e tswakilweng.
31O se ke wa tadima veine
ha e le kgubedu,
ha e phophoma kahara mopotjwana,
ha e re lelele! hamonate mmetsong.
32E qetella ka ho loma jwaloka noha,
mahloko a tjhatjhametse
jwaloka a marabe.
33Mahlo a hao
a tla bona pono disele,
kelello ya hao
e nahane dintho tse ferekanyang.
34O tla ba jwaloka ya robetseng
bodibeng ba lewatle,
ya paqameng
hodima mehala ya sekepe.
35O tla re: “Ba nkotlile,
empa ha ke a utlwa bohloko!
Ba ntjhapile,
empa ha ke utlwe letho!
Ekaba ke tla tsoha neng,
ke tswe ke tshwara mohotswana,
ke o tshwara hape?”

Currently Selected:

MAELE 23: SSO89SO

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in

YouVersion uses cookies to personalize your experience. By using our website, you accept our use of cookies as described in our Privacy Policy