YouVersion Logo
Search Icon

MAELE 22

22
1Bitso le letle le molemo
ho feta maruo a mangata,
ho hlompheha ho molemo
ho feta silefera kapa kgauta.
2Morui le mofutsana
ba tshwana ka sena:
Bobedi ba bona
ba bopilwe ke Morena.
3Motho ya sedi o bona kotsi,
a e balehe;
ya se nang tsebo o hahamalla pele,
a be a yo wela.
4Boikokobetso le ho tshaba Morena
di tlisa leruo le tlotla le bophelo.
5Meutlwa le maraba
di tseleng ya ya kgopo,
empa ya ipaballang
yena o tla di qoba.
6Ruta ngwana tsela ya ho phela,
ha a hodile a ke ke be a fapoha.
7Barui ba laola mafutsana;
moadimuwa o fetoha
kgoba la moadimi.
8Ya jalang bokgopo o kotula ditsietsi,
kgalefo ya hae
e ke ke ya mo thusa ka letho.
9Motho ya fanang a thabile
o tla hlohonolofatswa,
hobane yena o fepa mafutsana.
10Leleka mosomi
mme qabang di tla fela,
diphapang le mahlapa
le tsona di kgaotse.
11Ya ratang pelo e hlwekileng,
eo polelo tsa hae di tletseng mohau,
kgosi e tla ba motswalle wa hae.
12Mahlo a Morena
a fadimehela tsebo,
empa o nyopisa polelo
tsa ya sa tshepahaleng.
13Sekgoba se re: “Tau ke ena kantle!”
kapa se re:
“Ke tla bolaelwa diterateng!”
14Molomo wa sehlola
ke lemena le tebileng;
ya halefetsweng ke Morena
o tla wela ka ho lona.
15Bothoto bo tlameletswe
ka pelong ya ngwana,
empa thupa ya tayo
e tla bo falatsa ka ho yena.
16Ya tlatlapang mofutsana
ho ikekeletsa leruo,
a bile a etsetsa barui dimpho,
o tla futsaneha.
Maele a mashome a mararo
17Thea tsebe
o mamele polelo tsa ba bohlale,
o ele hloko
ho ithuta tseo ke di tsebang,
18hobane ho monate
ha o di boloka ka pelong ya hao,
kaofela ha tsona
di dutse molomong wa hao.
19Kajeno ke hlile ke ruta wena,
wena ka seqo,
e le hore o tlo tsebe
ho tshepa Morena.
20Ke o ngoletse
polelo tse mashome a mararo,
tse nang le keletso le tsebo,
21tse o rutang botshepehi
le ho bua nnete,
ya o rommeng o tlo mmolelle nnete.
1
22O se tlatlape mofutsana
hobane e le mofutsana,
o se sotle bahloki ka kgotla,
23hobane Morena
o tla emela nyewe ya bona;
ba ba jeleng
le bona Morena o tla ba fedisa.
2
24O se ke wa etsa setswalle
le motho ya bohale,
o se tlwaelane le sefelapelwana,
25esere wa ithuta mekgwa ya sona,
yaba le wena o a tshwaswa.
3
26O se ke wa ikana
ka ho etsa tshepiso,
o se itlame
ho lefa melato ya ba bang.
27Ha o hloka seo o lefang ka sona
ba tla o hlakola
esita le moalo wa hao.
4
28O se ke wa tlosa
mekolokotwane ya kgale,
e hlonngweng
ke baholoholo ba hao.
5
29Ha o bona motho
wa setsebi sa mesebetsi,
tseba eo o tla sebeletsa dikgosi,
ha a ka ke a sebeletsa bathwana.

Currently Selected:

MAELE 22: SSO89SO

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in

YouVersion uses cookies to personalize your experience. By using our website, you accept our use of cookies as described in our Privacy Policy