YouVersion Logo
Search Icon

MAELE 21

21
1Pelo ya kgosi
e ka atleng tsa Morena,
o e isa moo a ratang
sa metsi a molatswana.
2Motho o bona tsela tsohle tsa hae,
o di bona di nepahetse,
empa Morena ke yena
ya lekolang pelo.
3Ho etsa ho lokileng
le ho phetha toka
ho amoheleha ho Morena
ho feta sehlabelo.
4Fahleho se hwapileng
le pelo e ikgohomosang,
e leng lebone la ba kgopo, ke sebe!
5Merero ya ya mafolofolo
e mo tlisetsa nala,
lepotlapotla lona le ikisa bofumeng.
6Tlotlo le fumanwang
ka ho bua leshano
ke mouwane o fetang
le leraba la lefu.
7Dikgoka tsa ba kgopo
di tla ba timetsa,
hoba ba hana ho etsa ho lokileng.
8Tsela ya ba molato
e matswedintsweke,
boitshwaro ba ba hlokang kodi
bo otlolohile.
9Ho molemo
ho iphelela sekgutlwaneng,
kahodima marulelo a ntlo,
ho ena le ho phela
le mmadikomang,
ho phela le yena
ka tlung e le nngwe.
10Motho ya kgopo o labalabela bobe,
ha a qenehele ya ahisaneng le yena.
11Ha mosomi a otlwa,
ya se nang tsebo o a hlalefa;
ha ya bohlale a rutwa,
yena o fumana tsebo.
12Modimo ya lokileng
o hlahloba lapa la ya kgopo,
o timetsa ya kgopo
ka baka la bokgopo ba hae.
13Ya ithibang ditsebe
ha mofutsana a lla,
le yena o tla lla,
empa a ke ke a mamelwa.
14Mpho ya lekunutu
e thethefatsa bohale,
tjotjo e kgwaetsweng ka kobong,
e kokobetsa kgalefo e tlokomang.
15Ha ho sebetswa ka toka
ba lokileng ba a thaba,
athe ba kgopo
bona ba tlalwa ke tshabo.
16Ya kgelohang tsela ya kutlwisiso
pheletso ya hae
ke ho phomola hara bafu.
17Ya hlanyetsang menyaka
o tla fumaneha,
ya ratang veine le dimenyemenye
ha a ka ke a rua.
18Ya kgopo o rekiswa
bakeng sa ya lokileng,
ya sa tshepahaleng
yena bakeng sa ya kgabane.
19Ho molemo
ho iphelela hara lehwatata,
ho ena le ho phela
le nkwapo, mmadikomang.
20Lapeng la ya bohlale
ho tletse menono, le maruo,
athe sethoto sona
se hafaka se sa qenehele.
21Ya thahasellang ho loka le lerato
o tla fumana bophelo
le toka le tlotla.
22Ya bohlale
o hlasela qhobosheane ya bahale,
a heletse marako ao ba a tshepileng.
23Ya kwalang molomo,
a tshwara leme la hae,
o iphemisa
hore a se kene ditsietsing.
24Moikgohomosi ya mabefi
o bitswa “mosomi”,
boikakaso ba hae ha bo na tekanyo.
25Takatso ya sekgoba ke lefu ho sona,
se leqe ho sebetsa,
ho sebetsa ka matsoho a sona;
26se qeta letsatsi se lakatsa,
se sa fumane,
empa ya lokileng
o fana a sa kganane.
27Sehlabelo sa ya kgopo
se a nyonyeha,
haholo ha a se etsa
ka morero o mobe.
28Paki ya leshano e tla timela,
polelo tsa ya qalang ka ho mamela
di a amoheleha.
29Ya kgopo
o sosobanya sefahleho,
ya lokileng
o hlokomela metsamao ya hae.
30Ha ho bohlale, kelello, kapa morero
o ka atlehang ha Morena a sa o rate.
31Pere e kwetlisetswa tsatsi la ntwa,
empa tlholo yona ke ya Morena.

Currently Selected:

MAELE 21: SSO89SO

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in

YouVersion uses cookies to personalize your experience. By using our website, you accept our use of cookies as described in our Privacy Policy