YouVersion Logo
Search Icon

MAELE 20

20
1Veine ke moikakasi,
jwala bo baka lerata,
ya kgeloswang ke tsona
o hloka bohlale.
2Kgalefo ya kgosi
e jwaloka tau ha e puruma,
ya halefisang kgosi o ipea tsietsing.
3Ke tlotla ho kgaohana le diqabang,
sethoto sona ke maratahelele!
4Sekgoba ha se ke se lema
ka nako ya teng,
ha ho kotulwa se a kopa,
ha se fumane letho.
5Pelong ya motho
merero e ka metsi a bodiba,
ya nang le kutlwisiso
yena o a e fihlela.
6Motho ka mong
o ithorisa ka molemo wa hae,
ya tshepahalang
yena a ka fumanwa ke mang?
7Metsamao ya ya lokileng
ha e na kodi,
bana ba hae ba tla hlohonolofala.
8Kgosi ha e dutse
tulong sa yona sa kahlolo,
ka mahlo a yona
e tsheka bobe bohle.
9Ke mang ya ka reng:
“Ke hlwekisitse pelo ya ka,
nna ke hlwekile ha ke na sebe?”
10Tekanyo tse pedi tse sa lekaneng,
esita le boima bo sa lekaneng,
bobedi ke manyala,
ke manyala mahlong a Morena.
11Ngwana o tsejwa ka ketso tsa hae,
e ka ba tse ntle, e ka ba tse lokileng.
12Tsebe e mamelang
le leihlo le bonang,
bobedi ba tsona
di entswe ke Morena.
13Se rate boroko, esere wa futsaneha;
se robale, o tlo atelwe ke tjhai.
14“Ha e a loka! Ha e a loka!”
ho rialo moreki.
Ha a furalla a tsamaye a ithorisa.
15Kgauta e teng
le mabenyane a bohlokwa a teng,
empa molomo o bolelang tsebo
ke lehakwe la bohlokwa.
16Ya itlamang ka molato wa e mong,
o mo nkele kobo ya hae,
o e bee paneng ha a itlamme
ka molato wa motho eo.
17Dijo tse fumanweng ka bolotsana
di monate ho motho,
empa hamorao molomo wa hae
o tlala lehlohlojane.
18Rala merero ya hao
ka ho batla keletso,
ntwa o e lwane
o se o fumane keletso.
19Ya ratang ditshebo
o hlahatsa makunutu,
motho wa lehehle
eka kgona o mo kwekwetle.
20Haeba motho
a rohaka ntatae kapa mmae,
bone la hae le tla tingwa
hoja ho le lefifi.
21Leruo le bokellwang
ka potlako sethathong,
qetellong le ke ke
la hlohonolofatswa.
22Se ke wa re:
“Bobe ke tla bo phetetsa ka bobe!”
Lebella Morena, o tla o namolela.
23Tekanyo tse pedi tse sa lekaneng
ke manyala mahlong a Morena;
dikala tsa bolotsana
le tsona ha di mo thabise.
24Mehato ya motho
e laolwa ke Morena,
ebe jwale motho
tsela a ka e tseba jwang?
25Ho abela Morena mpho ka potlako
ke leraba ho motho,
ebe hamorao o ipelaetsa
ka boitlamo ba hae.
26Kgosi e bohlale e hlokola ba kgopo,
e ba ahlole e se na kutlwelobohloko.
27Bone la Morena
ke wona moya wa motho,
le bonesa bokahare
ba pelo ya motho.
28Kgosi e sireletswa
ke lerato le botshepehi
terone ya yona e tsitsiswa ke lerato.
29Tlotla ya batjha ke matla a bona,
moriri o moputswa
ke bokgabane ba maqheku.
30Mehwabadi
ke yona pheko ya bokgopo,
meupa e hlwekisa bokahare ba pelo.

Currently Selected:

MAELE 20: SSO89SO

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in

YouVersion uses cookies to personalize your experience. By using our website, you accept our use of cookies as described in our Privacy Policy