YouVersion Logo
Search Icon

MAELE 13

13
1Mora ya bohlale
o mamela thuto ya ntatae,
empa moikakasi
ha a natse kgalemo.
2Motho o kgola tholwana tse monate,
tholwana tsa dipuo tsa hae,
ya sa tshepahaleng
yena o lapetse mahahapa.
3Ya tshwarang leme la hae
o baballa bophelo ba hae,
ya phasolohang feela
yena o tla timela,
4Sekgoba se a lakatsa,
empa ha se fumane letho,
sekgothadi se a atleha,
se kgotsofatswa ke tsohle.
5Motho ya lokileng o hloile leshano,
ya kgopo ha a na dihlong,
o a swabisa.
6Toka e sireletsa ya lokileng,
bokgopo bona
bo kudupanya baetsadibe.
7E mong o iketsa morui,
a se na letho,
e mong a iketse mofutsana,
a hafa ka nkatana.
8Bophelo ba motho
bo ka lopollwa ka maruo a hae,
mofumanehi yena
ha a ke a sokelwa ke motho.
9Lebone la ya lokileng
le tuka haholo,
empa bone la ya kgopo
lona le tla tingwa.
10Dikgang di hlahiswa ke boikakaso,
bohlale bo fumanwa
ho ba mamelang dikeletso.
11Maruo a bolotsana a tla fela hang,
a kolletswang kahanyane
wona a a eketseha.
12Tshepo e sa phethahaleng
e nyahamisa pelo,
takatso tse phethahatswang
di ka fate sa bophelo.
13Ya nyefolang dikeletso
o tla timela,
ya bolokang molao
o tla amohela moputso.
14Thuto ya ya bohlale
ke sediba sa bophelo,
e phemisa motho maraba a lefu.
15Kelello e tjhatsi ho bohle
e a kgahleha,
tsela ya ba sa tshepahaleng
e isa timelong.
16Motho ya bohlale
o sebetsa ka kelello,
sethoto sona
se pepesa bothoto ba sona.
17Leqosa le kgopo
le welwa ke ditsietsi,
moromuwa ya tshepahalang
o tlisa tse molemo.
18Bofuma le dihlong
di wela ya hanang kgalemo,
tlotla e aparela
ya sa haneng ho nyatsuwa.
19Se labalabelwang ha se fihletswe
se a thabisa,
dithoto tsona ha di rate ho tela bobe.
20Ya tsamayang le bahlalefi
o a hlalefa,
molekane wa dithoto
yena o a thotofala.
21Bobe bo salama baetsadibe,
ba lokileng bona
ba putswa ka tse molemo.
22Monna ya lokileng
o siela tloholo tsa hae lefa,
leruo la moetsadibe
ke lefa la ba lokileng.
23Masimong a mofutsana
tjhai e ba ngata,
ba hlokang toka bona ba a e fedisa.
24Motho ya sa shapeng mora hae
o mo hloile,
athe ya ratang mora hae
yena o a mo kgalema.
25Ya lokileng o a ja,
a ikgotsofatse,
empa ya kgopo
yena o ngongorehela dijo.

Currently Selected:

MAELE 13: SSO89SO

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in

YouVersion uses cookies to personalize your experience. By using our website, you accept our use of cookies as described in our Privacy Policy