YouVersion Logo
Search Icon

MAELE 12

12
1Ya ratang ho lauwa o rata tsebo,
ya hloileng ho kgalengwa
ke phoofolo ya naha;
2ya lokileng
Morena o a mo hauhela,
ya merero e mebe
yena o a mo ahlola.
3Bokgopo
ha bo ke be bo bope motho,
ba lokileng bona
ba ke ke ba sisinngwa.
4Mosadi ya lokileng
ke moqhaka ho monna wa hae,
ya hlabisang dihlong
yena ke mofetshe,
ke mofetshe
o jang monna hae masapo.
5Merero ya ya lokileng e nepahetse,
keletso tsa ya kgopo di tletse thetso.
6Polelo tsa ya kgopo
ke maraba a ho bolaya,
empa tsa ya lokileng
tsona di a pholosa.
7Ho hlolwa ha ba kgopo
ke ho fela ha bona,
athe lapa la ya lokileng
lona le tiya kamehla.
8Motho o babatswa
ka baka la bohlale ba hae,
empa ya pelo e kgopo
yena o a nyediswa.
9Ho molemo ho nyatswa
o ena le kgoba le le leng,
ho ena le ho hlomphuwa
o bolawa ke tlala.
10Ya lokileng
o baballa phoofolo ya hae,
mohau wa ya kgopo
o kwetlile sehloho.
11Ya lemang masimo a hae
o tla tjhaya haholo,
ya pheellang mafeela
yena o hloka kelello.
12Ya kgopo o labalabela
qhoqha ya mahahapa,
empa ya lokileng yena o a atleha.
13Motho ya kgopo
puo tse mpe tsa hae di a mo kgata,
empa ya lokileng
yena o phema tsietsi.
14Motho e mong o atlehiswa
ke dipuo tsa hae,
athe e mong o putswa
ho ya ka mesebetsi ya hae.
15Tsela ya sethoto
e bonahala e lokile ho sona,
empa ya bohlale o amohela keletso.
16Sethoto se sitwa ho itshwara
ha se halefa,
empa ya bohlale
o iphapanyetsa dikgopiso.
17Paki ya sebele
e bua nnete eo e e tsebang,
empa ya bohata yona e bua leshano.
18Polelo tsa ya phasolohang
di hlaba jwaloka sabole,
leleme la ya bohlale lona le a fodisa.
19Polelo tsa nnete di hlola kamehla,
athe leshano ha le na mokoka.
20Pelong tsa ba rerang bobe
ho tletse thetso,
empa tsa ba rerang kgotso
tsona di tletse thabo.
21Ba lokileng
ba ke ke ba hlahelwa ke ditsietsi,
empa ba kgopo
ba tla aparelwa ke bobe.
22Morena o hloile motho
ya buang leshano,
empa ya buang nnete
yena o a mo thabisa.
23Mohlalefi ha a boledisake
tsebo ya hae,
sethoto sona
se pepesa bothoto ba sona.
24Ya sebetsang ka thata
ke yena ya tla busa,
empa sekgoba sona
se tla fetoha lekgoba.
25Ho feha matshwafo
ho nyahamisa pelo ya motho,
polelo e monate yona e a e thoba.
26Ya lokileng ke mohlala
ho ba ahisaneng le yena,
ba kgopo ba tsamaya
tseleng e kgelosang.
27Sekgoba se kgutla tsholong
se itlhophere,
athe tjhai ya sehwai e sasamatsa disiu.
28Tsela tse lokileng di isa bophelong,
di kutlehile hantle, ha di ise timelong.

Currently Selected:

MAELE 12: SSO89SO

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in

YouVersion uses cookies to personalize your experience. By using our website, you accept our use of cookies as described in our Privacy Policy