YouVersion Logo
Search Icon

BAFILIPI 1

1
Tumediso
1Nna Paulosi, le Timothea, bahlanka ba Kreste Jesu, re dumedisa badumedi bohle bao e leng ba Kreste Jesu, ba leng Filipi, le baokamedi, le basebeletsi ba kereke, re re: 2Mohau le kgotso ya Modimo Ntata rona le ya Morena Jesu Kreste di ke di be le lona.
Paulosi o rapella Bafilipi
3Ke leboha Modimo wa ka kamehla ha ke le hopola, 4mme kamehla ha ke le rapella bohle, ke ka thabo ke rapelang, 5hobane le ile la kopanela molaetsa o molemo wa Kreste le nna, ho tloha letsatsing la pele ho fihlela kajeno. 6Ke kgodisehile hore ya qadileng mosebetsi ona o motle hara lona o tla o ntshetsa pele ho fihlela Letsatsing la ho tla ha Kreste Jesu.
7Ho a lokela hore ke be le maikutlo a jwalo ka lona bohle, kaha le le pelong ya ka kamehla, lona bohle ba nang le kabelo lehlohonolong la ka, leha ke le ditlamong, leha ke fumane sebaka sa ho buella kapa ho tiisa molaetsa o molemo. 8Modimo ke paki ya kamoo ke le hlolohetsweng kateng ka lerato le kang la Kreste Jesu.
9Thapelo ya ka ke hore le ekeletswe lerato le nang le tsebo le kutlwisiso yohle hoyahoile, 10hore le tle le tsebe ho hlalohanya tse nang le thuso. Kahoo le tla hloka kodi le molato mohla Letsatsi la ho tla ha Kreste, 11le tlale ho loka ho tswang ho Kreste, e tle e be tlotla le thoriso ho Modimo.
Ho nna, bophelo ke Kreste
12Bana beso, ke rata ho le tsebisa hore tse ntlhahetseng di entse hore molaetsa o molemo o atlehe haholo. 13Ba ntlo ya bobusisi kaofela, le ba bang bohle, ba tseba hantle hore ke ditlamong ka baka la Kreste, 14mme bana babo rona ba bangata ba tshepile Morena ka ho tiya ka baka la ditlamo tsa ka, hoo ba leng sebete ho feta pele ho bolela lentswe la Modimo ba sa tshabe letho.
15Ke nnete, ba bang ba phatlalatsa tsa Kreste ka mona le ka kgang, empa ba bang ba etsa jwalo ka dipelo tse ntle. 16Ha e le bona ba etsa ka lerato, ba ntse ba tseba hore nna ke kwano ka baka la ho buella molaetsa o molemo. 17Ba pele bona ba bolela tsa Kreste ka kgang, ka sepheo se sebe, ba hopotse hore ba tla nkekeletsa matshwenyeho ha ke ntse ke le ditlamong. 18Ho nang? Ha feela Kreste a ntse a bolelwa ka mokgwa ofe kapa ofe, e ka ba ka boiketsiso kapa ka nnete, hoo ho a nthabisa, mme ke tla nne ke ho thabele.
19Ke tseba hore, ka dithapello tsa lona le ka thuso ya Moya wa Jesu Kreste, qetello ya tsena tsohle e tla ba pholoho ya ka. 20Seo ke se lebeletseng, mme ke se tshepileng, ke sena: Ha ke na ho swabiswa ke letho, empa jwale le kamehla ke na le tshepo e tiileng ya hore Kreste o tla tlotliswa ka nna, leha nka shwa kapa ka phela. 21Ho nna, bophelo ke Kreste, mme lefu le molemo ho feta. 22Empa haeba ho phela lefatsheng ho ka nthusa ho phetha mosebetsi wa bohlokwa, ke tla kgetha eng? Ha ke tsebe. 23Ke qakilwe ke ntho tsena tse pedi: Ke lakatsa ho falla bophelong bona, ke yo ba le Kreste, mme hona ho molemo ka ho fetisisa, 24empa ho phela lefatsheng ho ntse ho hlokahala haholo, ka baka la lona. 25Jwale ke kgodisehile, mme ke a tseba hore ke tla nne ke phele, ke dule le lona bohle, le tle le fumane katleho le thabo tumelong. 26Ha ke se ke boetse ho lona hape, le tla tseba ho ithorisa haholo ka nna ho Kreste Jesu.
27Feela le ke le phele ka mokgwa o tshwanelang molaetsa o molemo wa Kreste, e le hore, leha nka tla ho le bona kapa ka sitwa, ke nne ke utlwe hore le ntse le tiile, le moyamong, mme ka maikutlo a le mang le lwanela tumelo e hlahiswang ke molaetsa o molemo. 28Le se ke la tshoswa ke bahanyetsi le ka mohla. Ho bao hona e tla ba pontsho ya hore ba tla timela, mme lona le pholohe, ebile e le ka thato ya Modimo. 29Lona le filwe lehlohonolo, e seng feela la ho dumela ho Kreste, empa le la ho mamella mahloko ka baka la hae. 30Le lwana ntwa e tshwanang le eo le boneng ke e lwana, eo le utlwang hore le jwale ke sa e lwana.

Currently Selected:

BAFILIPI 1: SSO89SO

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in

YouVersion uses cookies to personalize your experience. By using our website, you accept our use of cookies as described in our Privacy Policy