YouVersion Logo
Search Icon

DIPALO 7

7
Dinyehelo tsa ho halaletsa aletare
1Ka letsatsi leo Moshe a qetileng ho hloma Tente ya Morena ka lona, a e tlotsa, a e halaletsa hammoho le dijana tsohle tsa yona; le aletare, le dijana tsohle tsa yona, le tsona a di tlotsa, a di halaletsa. 2Ha etswa nyehelo ke mahosana a Iseraele, ao e neng e le dihlooho tsa matlo a bo-ntata wona; ke wona mahosana a merabe, a neng a hlokometse ho balwa ha setjhaba. 3Mahosana a tlisa nyehelo kapele ho Morena, e le makoloi a tsheletseng a nang le ditente, le dipholo tse leshome le metso e mmedi; koloi kanngwe e le ya mahosana a mabedi, pholo e le nngwe e le ya kgosana e le nngwe. A di tlisa kapele ho Tente ya Morena.
4Morena a bua ho Moshe, a re: 5“Amohela dinyehelo tsa mahosana ana, e le hore dintho tsena di tle di sebediswe ha ho sebeletswa ka Tenteng ya Morena. O di abele Balevi, monna ka mong o mo abele ho ya ka mosebetsi wa hae.”
6Moshe a amohela makoloi le dipholo, a di abela Balevi. 7Makoloi a mabedi le dipholo tse nne a di abela bara ba Gereshone, ho ya ka mosebetsi wa bona. 8Makoloi a mane le dipholo tse robedi a di abela bara ba Merari, ho ya ka mosebetsi wa bona. Ba ne ba laolwa ke Itamare, mora wa moprista Arone. 9Empa bara ba Kohate ha a a ka a ba nea letho, hobane mosebetsi wa bona e ne e le wa ho jara dintho tse halalelang tsa Sehalalelo.
Nyehelo ya kgalaletso
10Mahosana a tlisa nyehelo ya kgalaletso ya aletare, mohla e tlotswang, mme mahosana ao a etsa nyehelo ya wona kapele ho aletare. 11Morena a re ho Moshe: “Kgosana e nngwe le e nngwe, e le inotshi, e etse nyehelo ya yona ya kgalaletso ya aletare ka letsatsi la yona.”
12Kgosana e ileng ya etsa nyehelo ya yona ka letsatsi la pele ya eba Naheshone, mora wa Aminadabe, wa morabe wa Juda. 13Nyehelo ya hae ya eba mokeke o le mong wa silefera, oo boima ba wona e neng e le kilo e le nngwe le halofo; le sekotlolo se le seng sa silefera, seo boima ba sona e neng e le dikeramo tse makgolo a robedi, tse lekantsweng ka tekanyo e sebediswang ka Sehalalelong. Bobedi ba tsona di ne di tletse phofo e thumisehileng, e dubilweng ka ole, e le nyehelo ya dijo. 14Le lefiswana le le leng la kgauta, leo boima ba lona e neng e le dikeramo tse lekgolo le leshome, le tletseng mokubetso. 15Le pohwana e le nngwe, le pheleu e le nngwe, le nku e le nngwe e tona e nang le selemo, e le tsa nyehelo ya setjheso; 16le phooko e le nngwe ya nyehelo e tlosang sebe. 17Bakeng sa sehlabelo sa nyehelo ya teboho ya eba dipholo tse pedi, le dipheleu tse hlano, le diphooko tse hlano, le dinku tse hlano tse tona, tse nang le selemo. Ena ya eba nyehelo ya Naheshone, mora wa Aminadabe.
18Ka letsatsi la bobedi ha nyehela Netanele, mora wa Suare, kgosana ya Isakare. 19A etsa nyehelo ya mokeke o le mong wa silefera, oo boima ba wona e neng e le kilo e le nngwe le halofo; le sekotlolo se le seng sa silefera, seo boima ba sona e neng e le dikeramo tse makgolo a robedi, tse lekantsweng ka tekanyo e sebediswang ka Sehalalelong. Bobedi ba tsona di ne di tletse phofo e thumisehileng, e dubilweng ka ole, e le nyehelo ya dijo. 20Le lefiswana le le leng la kgauta, leo boima ba lona e neng e le dikeramo tse lekgolo le leshome, le tletseng mokubetso. 21Le pohwana e le nngwe, le pheleu e le nngwe, le nku e le nngwe e tona e nang le selemo, e le tsa nyehelo ya setjheso. 22Le phooko e le nngwe ya nyehelo e tlosang sebe. 23Bakeng sa sehlabelo sa nyehelo ya teboho ya eba dipholo tse pedi, le dipheleu tse hlano, le diphooko tse hlano, le dinku tse hlano tse tona, tse nang le selemo. Ena ya eba nyehelo ya Netanele, mora wa Suare.
24Ka letsatsi la boraro ha nyehela kgosana ya bana ba Sebulone, e leng Eliabe, mora wa Helone. 25Nyehelo ya hae ya eba mokeke o le mong wa silefera, oo boima ba wona e neng e le kilo e le nngwe le halofo; le sekotlolo se le seng sa silefera, seo boima ba sona e neng e le dikeramo tse makgolo a robedi, tse lekantsweng ka tekanyo e sebediswang ka Sehalalelong. Bobedi ba tsona di ne di tletse phofo e thumisehileng, e dubilweng ka ole, e le nyehelo ya dijo. 26Le lefiswana le le leng la kgauta, leo boima ba lona e neng e le dikeramo tse lekgolo le leshome, le tletseng mokubetso. 27Le pohwana e le nngwe, le pheleu e le nngwe, le nku e le nngwe e tona e nang le selemo, e le tsa nyehelo ya setjheso. 28Le phooko e le nngwe ya nyehelo e tlosang sebe. 29Bakeng sa sehlabelo sa nyehelo ya teboho ya eba dipholo tse pedi, le dipheleu tse hlano, le diphooko tse hlano, le dinku tse hlano tse tona, tse nang le selemo. Ena ya eba nyehelo ya Eliabe, mora wa Helone.
30Ka letsatsi la bone ha nyehela kgosana ya bana ba Rubene, e leng Elesure, mora wa Shedeure. 31Nyehelo ya hae ya eba mokeke o le mong wa silefera, oo boima ba wona e neng e le kilo e le nngwe le halofo; le sekotlolo se le seng sa silefera, seo boima ba sona e neng e le dikeramo tse makgolo a robedi, tse lekantsweng ka tekanyo e sebediswang ka Sehalalelong. Bobedi ba tsona di ne di tletse phofo e thumisehileng, e dubilweng ka ole, e le nyehelo ya dijo. 32Le lefiswana le le leng la kgauta, leo boima ba lona e neng e le dikeramo tse lekgolo le leshome, le tletseng mokubetso. 33Le pohwana e le nngwe, le pheleu e le nngwe, le nku e le nngwe e tona e nang le selemo, e le tsa nyehelo ya setjheso. 34Le phoofolo e le nngwe ya nyehelo e tlosang sebe. 35Bakeng sa sehlabelo sa nyehelo ya teboho ya eba dipholo tse pedi, le dipheleu tse hlano, le diphooko tse hlano, le dinku tse hlano tse tona, tse nang le selemo. Ena ya eba nyehelo ya Elesure, mora wa Shedeure.
36Ka letsatsi la bohlano ha nyehela kgosana ya bana ba Simeone, e leng Shelomiele, mora wa Surishadai. 37Nyehelo ya hae ya eba mokeke o le mong wa silefera, oo boima ba wona e neng e le kilo e le nngwe le halofo; le sekotlolo se le seng sa silefera, seo boima ba sona e neng e le dikeramo tse makgolo a robedi, tse lekantsweng ka tekanyo e sebediswang ka Sehalalelong. Bobedi ba tsona di ne di tletse phofo e thumisehileng, e dubilweng ka ole, e le nyehelo ya dijo. 38Le lefiswana le le leng la kgauta, leo boima ba lona e neng e le dikeramo tse lekgolo le leshome, le tletseng mokubetso. 39Le pohwana e le nngwe, le pheleu e le nngwe, le nku e le nngwe e tona e nang le selemo, e le tsa nyehelo ya setjheso. 40Le phooko e le nngwe ya nyehelo e tlosang sebe. 41Bakeng sa sehlabelo sa nyehelo ya teboho ya eba dipholo tse pedi, le dipheleu tse hlano, le diphooko tse hlano, le dinku tse hlano tse tona, tse nang le selemo. Ena ya eba nyehelo ya Shelomiele, mora wa Surishadai.
42Ka letsatsi la botshelela ha nyehela kgosana ya bana ba Gade, e leng Eleasafo, mora wa Deuele. 43Nyehelo ya hae ya eba mokeke o le mong wa silefera, oo boima ba wona e neng e le kilo e le nngwe le halofo; le sekotlolo se le seng sa silefera, seo boima ba sona e neng e le dikeramo tse makgolo a robedi, tse lekantsweng ka tekanyo e sebediswang ka Sehalalelong. Bobedi ba tsona di ne di tletse phofo e thumisehileng, e dubilweng ka ole, e le nyehelo ya dijo. 44Le lefiswana le le leng la kgauta, leo boima ba lona e neng e le dikeramo tse lekgolo le leshome, le tletseng mokubetso. 45Le pohwana e le nngwe, le pheleu e le nngwe, le nku e le nngwe e tona e nang le selemo, e le tsa nyehelo ya setjheso. 46Le phooko e le nngwe ya nyehelo e tlosang sebe. 47Bakeng sa sehlabelo sa nyehelo ya teboho ya eba dipholo tse pedi, le dipheleu tse hlano, le diphooko tse hlano, le dinku tse hlano tse tona, tse nang le selemo. Ena ya eba nyehelo ya Eleasafo, mora wa Deuele.
48Ka letsatsi la bosupa ha nyehela kgosana ya bana ba Efraime, e leng Eleshama, mora wa Amihude. 49Nyehelo ya hae ya eba mokeke o le mong wa silefera, oo boima ba wona e neng e le kilo e le nngwe le halofo; le sekotlolo se le seng sa silefera, seo boima ba sona e neng e le dikeramo tse makgolo a robedi, tse lekantsweng ka tekanyo e sebediswang ka Sehalalelong. Bobedi ba tsona di ne di tletse phofo e thumisehileng, e dubilweng ka ole, e le nyehelo ya dijo. 50Le lefiswana le le leng la kgauta, leo boima ba lona e neng e le dikeramo tse lekgolo le leshome, le tletseng mokubetso. 51Le pohwana e le nngwe, le pheleu e le nngwe, le nku e le nngwe e tona e nang le selemo, e le tsa nyehelo ya setjheso. 52Le phooko e le nngwe ya nyehelo e tlosang sebe. 53Bakeng sa sehlabelo sa nyehelo ya teboho ya eba dipholo tse pedi, le dipheleu tse hlano, le diphooko tse hlano, le dinku tse hlano tse tona, tse nang le selemo. Ena ya eba nyehelo ya Eleshama, mora wa Amihude.
54Ka letsatsi la borobedi ha nyehela kgosana ya bana ba Manase, e leng Gamaleele, mora wa Pedasure. 55Nyehelo ya hae ya eba mokeke o le mong wa silefera, oo boima ba wona e neng e le kilo e le nngwe le halofo; le sekotlolo se le seng sa silefera, seo boima ba sona e neng e le dikeramo tse makgolo a robedi, tse lekantsweng ka tekanyo e sebediswang ka Sehalalelong. Bobedi ba tsona di ne di tletse phofo e thumisehileng, e dubilweng ka ole, e le nyehelo ya dijo. 56Le lefiswana le le leng la kgauta, leo boima ba lona e neng e le dikeramo tse lekgolo le leshome, le tletseng mokubetso. 57Le pohwana e le nngwe, le pheleu e le nngwe, le nku e le nngwe e tona e nang le selemo, e le tsa nyehelo ya setjheso. 58Le phooko e le nngwe ya nyehelo e tlosang sebe. 59Bakeng sa sehlabelo sa nyehelo ya teboho ya eba dipholo tse pedi, le dipheleu tse hlano, le diphooko tse hlano, le dinku tse hlano tse tona, tse nang le selemo. Ena ya eba nyehelo ya Gamaleele, mora wa Pedasure.
60Ka letsatsi la borobong ha nyehela kgosana ya bana ba Benjamine, e leng Abidane, mora wa Gidoni. 61Nyehelo ya hae ya eba mokeke o le mong wa silefera, oo boima ba wona e neng e le kilo e le nngwe le halofo; le sekotlolo se le seng sa silefera, seo boima ba sona e neng e le dikeramo tse makgolo a robedi, tse lekantsweng ka tekanyo e sebediswang ka Sehalalelong. Bobedi ba tsona di ne di tletse phofo e thumisehileng, e dubilweng ka ole, e le nyehelo ya dijo. 62Le lefiswana le le leng la kgauta, leo boima ba lona e neng e le dikeramo tse lekgolo le leshome, le tletseng mokubetso. 63Le pohwana e le nngwe, le pheleu e le nngwe, le nku e le nngwe e tona e nang le selemo, e le tsa nyehelo ya setjheso. 64Le phooko e le nngwe ya nyehelo e tlosang sebe. 65Bakeng sa sehlabelo sa nyehelo ya teboho ya eba dipholo tse pedi, le dipheleu tse hlano, le diphooko tse hlano, le dinku tse hlano tse tona, tse nang le selemo. Ena ya eba nyehelo ya Abidane, mora wa Gidoni.
66Ka letsatsi la leshome ha nyehela kgosana ya bana ba Dane, e leng Ahiesere, mora wa Amishadai. 67Nyehelo ya hae ya eba mokeke o le mong wa silefera, oo boima ba wona e neng e le kilo e le nngwe le halofo; le sekotlolo se le seng sa silefera, seo boima ba sona e neng e le dikeramo tse makgolo a robedi, tse lekantsweng ka tekanyo e sebediswang ka Sehalalelong. Bobedi ba tsona di ne di tletse phofo e thumisehileng, e dubilweng ka ole, e le nyehelo ya dijo. 68Le lefiswana le le leng la kgauta, leo boima ba lona e neng e le dikeramo tse lekgolo le leshome, le tletseng mokubetso. 69Le pohwana e le nngwe, le pheleu e le nngwe, le nku e le nngwe e tona e nang le selemo, e le tsa nyehelo ya setjheso. 70Le phooko e le nngwe ya nyehelo e tlosang sebe. 71Bakeng sa sehlabelo sa nyehelo ya teboho ya eba dipholo tse pedi, le dipheleu tse hlano, le diphooko tse hlano, le dinku tse hlano tse tona, tse nang le selemo. Ena ya eba nyehelo ya Ahiesere, mora wa Amishadai.
72Ka letsatsi la leshome le motso o mong ha nyehela kgosana ya bana ba Ashere, e leng Pagiele, mora wa Okerane. 73Nyehelo ya hae ya eba mokeke o le mong wa silefera, oo boima ba wona e neng e le kilo e le nngwe le halofo, le sekotlolo se le seng sa silefera, seo boima ba sona e neng e le dikeramo tse makgolo a robedi, tse lekantsweng ka tekanyo e sebediswang ka Sehalalelong. Bobedi ba tsona di ne di tletse phofo e thumisehileng, e dubilweng ka ole, e le nyehelo ya dijo. 74Le lefiswana le le leng la kgauta, leo boima ba lona e neng e le dikeramo tse lekgolo le leshome, le tletseng mokubetso. 75Le pohwana e le nngwe, le pheleu e le nngwe, le nku e le nngwe e tona e nang le selemo, e le tsa nyehelo ya setjheso, 76le phooko e le nngwe e tlosang sebe. 77Bakeng sa sehlabelo sa nyehelo ya teboho ya eba dipholo tse pedi, le dipheleu tse hlano, le diphooko tse hlano, le dinku tse hlano tse tona tse nang le selemo. Ena ya eba nyehelo ya Pagiele, mora wa Okerane.
78Ka letsatsi la leshome le metso e mmedi ha nyehela kgosana ya bana ba Nafthali, e leng Ahira, mora wa Enane. 79Nyehelo ya hae ya eba mokeke o le mong wa silefera, oo boima ba wona e neng e le kilo e le nngwe le halofo, le sekotlolo se le seng sa silefera, seo boima ba sona e neng e le dikeramo tse makgolo a robedi, tse lekantsweng ka tekanyo e sebediswang ka Sehalalelong. Bobedi ba tsona di ne di tletse phofo e thumisehileng, e dubilweng ka ole, e le nyehelo ya dijo. 80Le lefiswana le le leng la kgauta, leo boima ba lona e neng e le dikeramo tse lekgolo le leshome, le tletseng mokubetso. 81Le pohwana e le nngwe, le pheleu e le nngwe, le nku e le nngwe e tona e nang le selemo, e le tsa nyehelo ya setjheso, 82le phooko e le nngwe ya nyehelo e tlosang sebe. 83Bakeng sa sehlabelo sa nyehelo ya teboho ya eba dipholo tse pedi, le dipheleu tse hlano, le diphooko tse hlano, le dinku tse hlano tse tona, tse nang le selemo. Ena ya eba nyehelo ya Ahira, mora wa Enane.
84Tsena e bile tsona dinyehelo tsa kgalaletso ya aletare, mohla e neng e tlotswa ke mahosana a Iseraele: mekeke ya silefera e leshome le metso e mmedi, dikotlolo tsa silefera tse leshome le metso e mmedi, mafiswana a kgauta a leshome le metso e mmedi. 85Boima ba mokeke o mong le o mong e ne e le kilo e le nngwe le halofo; ba sekotlolo se seng le se seng e le dikeramo tse makgolo a robedi. Boima ba silefera ya dijana kaofela e ne e le kilo tse mashome a mabedi a metso e supileng le dikeramo tse mashome a tsheletseng, tse lekantsweng ka tekanyo e sebediswang ka Sehalalelong. 86Le mafiswana a kgauta a leshome le metso e mmedi a tletseng mokubetso. Boima ba lefiswana le leng le le leng e ne e le dikeramo tse lekgolo le nang le leshome. Boima ba kgauta ya mafiswana kaofela e ne e le kilo e le nngwe le dikeramo tse mashome a mararo le metso e mmedi, tse lekantsweng ka tekanyo e sebediswang ka Sehalalelong.
87Diphoofolo tsohle tsa nyehelo ya setjheso e ne e le diphowana tse leshome le metso e mmedi; dipheleu tse leshome le metso e mmedi; dinku tse tona tse nang le selemo, tse leshome le metso e mmedi, le nyehelo ya dijo e tsamayang le tsona; le diphooko tse leshome le metso e mmedi tsa nyehelo e tlosang sebe. 88Diphoofolo tsohle tsa sehlabelo sa nyehelo ya teboho e ne e le diphowana tse mashome a mabedi a metso e mene, le dipheleu tse mashome a tsheletseng, le diphooko tse mashome a tsheletseng, le dinku tse tona tse nang le selemo, tse mashome a tsheletseng. Tsena ya eba tsona dinyehelo tsa kgalaletso ya aletare, ha e se e tlotsitswe.
89Ha Moshe a kena ka Tenteng ya Morena ho ya bua le Modimo, a utlwa lentswe le buang ho yena, le etswa kahodima sekwahelo se hodima areka ya selekane, pakeng tsa dikerubime tse pedi, mme yaba le bua le yena.

Currently Selected:

DIPALO 7: SSO89SO

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in

YouVersion uses cookies to personalize your experience. By using our website, you accept our use of cookies as described in our Privacy Policy