YouVersion Logo
Search Icon

DIPALO 6

6
Molao wa bakgethwa ba Modimo
1Morena a bua ho Moshe, a re:
2“Bua le bana ba Iseraele, o re ho bona: ‘Ha monna kapa mosadi a etsa kano e kgethehileng, e leng kano ya mokgethwa, ya ho ikabela Morena, 3o tla ila veine le jwala. A se ke a nwa asene e entsweng ka veine, kapa a nwa asene e tahang. A se ke a nwa lero la morara. A se ke a ja morara o motjha kapa wa mangangajane. 4Ka matsatsi wohle a bokgethwa ba hae, a se ke a ja letho le entsweng ka morara, e ka ba ditholwana tsa wona kapa makgapetla a wona.
5“ ‘Ka matsatsi wohle a ho ikanela bokgethwa, a se ke a beola moriri wa hae. Ho fihlela matsatsi a hae a ho ikabela Morena a fela, o tla halalela. O tla tlohela moriri wa hae o hole, o be sehlotho. 6Ka matsatsi wohle a hae a ho ikabela Morena, a se ke a atamela pela setopo. 7E ka ba sa ntatae, kapa sa mmae, kapa sa ngwanabo, kapa sa kgaitsedi ya hae, a se ke a itshilafatsa ka tsona, hobane kgalaletso ya Modimo wa hae e hodima hlooho ya hae. 8Ka matsatsi wohle a bokgethwa ba hae, o a halalela ho Morena.
9“ ‘Haeba motho a eshwa hanghang pela moo mokgethwa a leng teng, mme a silafatsa hlooho ya hae e halaleditsweng, o tla beola hlooho ya hae mohla letsatsi la tlhwekiso ya hae; o tla beola ka letsatsi la bosupa. 10Ka letsatsi la borobedi o tla tlisa maebanakgorwana a mabedi, kapa madinyane a mabedi a maeba, ho moprista, monyakong wa Tente ya Morena. 11Moprista o tla nyehela ka le leng e le nyehelo e tlosang sebe, mme le leng e be la nyehelo ya setjheso. O tla mo etsetsa tefelo ya sebe, hobane a entse sebe ka baka la motho eo ya shweleng, mme ka lona letsatsi leo a be a halaletse hlooho ya hae. 12O tla ikabela Morena botjha, matsatsing ao a bokgethwa ba hae, a be a tlise nku e tona e nang le selemo, e le nyehelo e tlosang molato. Empa matsatsi a pele ha a na ho ba le thuso, hobane bokgethwa ba hae bo ile ba silafatswa.
13“ ‘Ona ke molao wa mokgethwa wa Modimo. Ha matsatsi a kgalaletso ya hae a fetile, o tla tliswa monyakong wa Tente ya Morena. 14O tla tlisetsa Morena nyehelo ya hae, e leng nku e tona e nang le selemo, e se nang sepha, e le ya nyehelo ya setjheso; le nku e tshehadi e nang le selemo, e se nang sepha, e le ya nyehelo e tlosang sebe; le pheleu e le nngwe, e se nang sepha, e le ya nyehelo ya teboho. 15A tlise le seroto se nang le bohobe bo sa lomoswang, ba phofo e thumisehileng, le maqebekwane a dubilweng ka ole, le moqathane o sa lomoswang, o tlotsitsweng ka ole; le nyehelo ya bona ya dijo, le dinyehelo tsa bona tsa dino.
16“ ‘Moprista o tla di tlisa kapele ho Morena, a be a mo etsetse nyehelo e tlosang sebe, a mo etsetse le nyehelo ya setjheso. 17Ka pheleu le ka seroto se nang le bohobe bo sa lomoswang, moprista o tla etsetsa Morena sehlabelo sa nyehelo ya teboho, mme moprista a be a mo etsetse le nyehelo ya dijo, le nyehelo ya dino.
18“ ‘Mokgethwa o tla beola hlooho ya hae e halalelang, a le monyakong wa Tente ya Morena, mme a nke moriri wa hlooho eo e halalelang, a o akgele mollong o besitsweng katlasa sehlabelo sa nyehelo ya teboho.
19“ ‘Moprista o tla nka sephaka sa pheleu, se phehilweng; le leqebekwane le le leng le sa lomoswang, le ka serotong; le moqathane o le mong o sa lomoswang, mme tsena a di bee matsohong a mokgethwa, ha a qetile ho beola hlooho ya hae e halaleditsweng. 20Moprista o tla di akgotsa, e le nyehelo e akgotswang kapele ho Morena. Di a halalela, mme ke tsa moprista, hammoho le sefuba sa nyehelo e akgotswang, le sephaka sa nyehelo e phahamiswang. Kamora moo mokgethwa o tla nwa veine.
21“ ‘Ona ke molao wa mokgethwa wa Modimo, ya ikanneng. Ena ke nyehelo ya hae ho Morena, ka baka la kgalaletso ya hae, feela ho sa balwe tse ding, tseo a ka tsebang ho di tlisa. Kathoko ho tsena tse hlokwang ke molao wa kgalaletso, mokgethwa wa Modimo o tla phetha tsohle ho ya ka kano eo a ikanneng ka yona.’ ”
Tlhohonolofatso ya boprista
22Morena a bua ho Moshe, a re: 23“Bua le Arone le bara ba hae, o re: ‘Ha le hlohonolofatsa bana ba Iseraele, le re ho bona:
24“ ‘Morena a le hlohonolofatse,
a le baballe.
25Morena a le bontshe
sefahleho sa hae se kganyang kgotso,
a le hauhele.
26Morena a le tadime ka lerato,
a le nee kgotso.’
27“Ba tla rapella bana ba Iseraele ka lebitso la ka, mme nna ke tla ba hlohonolofatsa.”

Currently Selected:

DIPALO 6: SSO89SO

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in

YouVersion uses cookies to personalize your experience. By using our website, you accept our use of cookies as described in our Privacy Policy