YouVersion Logo
Search Icon

DIPALO 27

27
Baradi le bona ke majalefa
1Jwale ha atamela baradi ba Selofehade, mora wa Hefere, mora wa Gileade, mora wa Makiri, mora wa Manase, ba morabe wa Manase, mora wa Josefa. Ana ke mabitso a baradi bao: Mahela, le Nowa, le Hogela, le Mileka, le Tiresa. 2Ba ema kapele ho Moshe, le kapele ho moprista Eleasare, le kapele ho mahosana, le kapele ho setjhaba sohle, monyakong wa Tente ya Morena, mme ba re: 3“Ntata rona o ile a shwella lehwatateng. O ne a se sehlopheng sa ba neng ba ikopantse, ba lwantsha Morena, e leng ba sehlopha sa Kora. Empa o ile a shwa ka baka la sebe sa hae. O ne a se na bara. 4Ke hobaneng lebitso la ntata rona le ntshwang hara ba lelapa? Na ke hobane a se na mora? Re neeng lefa jwaloka bana babo ntata rona.”
5Moshe a bea taba ya bona kapele ho Morena. 6Morena a bua ho Moshe, a re: 7“Baradi ba Selofehade ba nepile. Ba nee lefa jwaloka bana babo ntata bona; etsa hore lefa la ntata bona e be la bona.
8“O bue ho bana ba Iseraele, o re: ‘Ha monna a eshwa a se na mora, lefa la hae o tla le abela moradi wa hae. 9Haeba monna eo a se na moradi, lefa la hae o le abele bana babo. 10Haeba a se na bana babo, lefa la hae o le abele bana babo ntatae. 11Haeba ntatae a se na bana babo, lefa la hae o le abele mong ka yena, ya haufi le yena ka tswalano, hore a le je. Ona e tla ba molao wa toka ho bana ba Iseraele, jwalokaha Morena a laetse Moshe.’ ”
Joshua o kgethelwa ho hlahlama Moshe
(Dipo. 31:1-8)
12Morena a re ho Moshe: “Hlwella thabeng ena ya Abarime, mme o tadime naha eo ke e neileng bana ba Iseraele. 13Kamora hoba o e bone, le wena o tla orosetswa setjhabeng sa heno, jwaloka moholwane wa hao Arone, 14hobane ha setjhaba se ne se belaela ka nna, bobedi ba lona le ile la mphetohela ha le le lehwatateng la Sine, la hana ho bonahatsa ho halalela ha ka ka metsi, moo setjhaba se ntseng se bona.” Metsi ana ke metsi a Meriba e Kadeshe, lehwatateng la Sine.
15Moshe a bua ho Morena, a re: 16“Morena Modimo wa meya yohle, le wa batho bohle, a ke a kgethele setjhaba sena monna, 17ya tla se etella pele, ya tla tswa le sona, ya tla kgutla le sona, e le hore setjhaba sa Morena se se ke sa ba jwaloka dinku tse hlokang modisa.”
18Morena a re ho Moshe: “Nka Joshua, mora wa Nune, monna ya nang le Moya wa ka, o mmee matsoho, 19o mo ise kapele ho moprista Eleasare, le kapele ho setjhaba sohle, o mo nee ditaelo moo se ntseng se bona. 20O mo abele a mang a matla a hao, e le hore setjhaba sohle sa bana ba Iseraele se tle se mo mamele. 21O tla ema kapele ho moprista Eleasare, yena a mmotsetse diqeto tsa Morena, ka ho sebedisa lejwe la Urime. Ka taelo ya Joshua bana bohle ba Iseraele ba tla tswa, mme ba tla kgutla ba ena le yena, le setjhaba sohle.”
22Moshe a etsa jwalokaha Morena a mo laetse. A tlisa Joshua kapele ho moprista Eleasare, le kapele ho setjhaba sohle, 23a mmea matsoho, a mo laya, jwalokaha Morena a boleletse Moshe.

Currently Selected:

DIPALO 27: SSO89SO

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in

YouVersion uses cookies to personalize your experience. By using our website, you accept our use of cookies as described in our Privacy Policy