YouVersion Logo
Search Icon

DIPALO 24

24
1Ha Bileame a bona hore ho thabisa Morena ho hlohonolofatsa Iseraele, ha a ka a hlola a ya batla tsa boloi jwaloka pele, empa a tadima lehwatateng. 2Ha a phahamisa mahlo, a bona Baiseraele ba hlomile ho ya ka meloko ya bona. Moya wa Modimo wa mo fihlela, 3mme a porofeta, a re:
“Bileame, mora wa Beore,
o porofeta tjena,
ho porofeta monna
ya mahlo a tjhatsi,
4ho porofeta monna
ya utlwang lentswe la Modimo,
ya bonang dipono
tsa Ya Matla wohle,
ya welang fatshe
mahlo a hae a ntse a bona.
5“Ditente tsa hao, Jakobo,
di kgahleha hakaakang!
Diahelo tsa hao, Iseraele,
di ntle hakaakang!
6“Di nametse hole jwaloka dikgohlo,
jwaloka masimo
mabopong a dinoka,
jwaloka makgala
a hlomilweng ke Morena,
jwaloka fate tsa dikedare pela metsi!
7Metsi a phalla dinkgong tsa hao,
peo ya hae
e tla ba metsing a mangata,
kgosi ya hae
e tla ba kgolo ho feta Akake,
mmuso wa hae o tla phahamiswa.
8“Modimo ya mo ntshitseng Egepeta,
o matla jwaloka nare.
O tla hlola ditjhaba,
e leng dira tsa hae,
a bjabjaretse masapo a tsona,
a ba bolaye ka metsu
ya diqha tsa hae.
9A borame, a qatjhame jwaloka tau,
le jwaloka tauhadi.
Ke mang ya tla mo tsosa?
“Ya o hlohonolofatsang
a hlohonolofatswe,
ya o rohakang a rohakwe!”
10Balake a halefela Bileame haholo, mme a opa diatla tsa hae, a re ho Bileame: “Ke o bitseditse hore o tlo rohaka dira tsa ka, empa bona, o bile o di hlohonolofaditse ka makgetlo a mararo! 11Jwale he, balehela haeno. Ke ne ke hopotse hore ke tla o hlompha haholo, empa ke mona Morena o o timme hlompho eo.”
12Bileame a re ho Balake: “Na ha ke a ka ka bolella maqosa ao o neng o a romile, ka re: 13‘Leha Balake a ka mpha ntlo ya hae e tletse silefera le kgauta, nke ke ka tlola taelo ya Morena ka ho etsa ho lokileng kapa ho hobe, ke tla bua feela seo Morena a reng ke se bue’?”
Bileame o porofeta la ho qetela
14“Jwale bona, ke ya setjhabeng sa heso. A nke ke o hlokomedise seo setjhaba sa heso se tla se etsa setjhaba sa hao ka matsatsi a tlang.” 15Bileame a porofeta, a re:
“Bileame, mora wa Beore,
o porofeta tjena,
monna ya mahlo a tjhatsi
o a porofeta,
16ho porofeta monna
ya utlwang lentswe la Modimo,
ya nang le tsebo
ya Ya Hodimodimo;
ya bonang dipono
tsa Ya Matla wohle,
ya welang fatshe
mahlo a hae a ntse a bona.
17“Ke a mmona,
empa e seng hona jwale,
ke a mmoha,
empa a se haufi le nna:
Ho tla ropoha naledi
e etswa ho Jakobo,
ho phahame lere la puso
le etswa ho Iseraele;
le tla hlathaka bohle ba Moabe,
le ripitle bana bohle ba Shete.
18O tla hapa Edomo, a e rue,
Seire, sera sa hae,
le yona o tla e rua.
Iseraele o tla nne a matlafale,
19Jakobo o busa dira tsa hae,
mme o timetsa masalla a motseng.”
20Bileame a tadima Baamaleke, mme a porofeta, a re:
“Amaleke
setjhaba sa pele hara ditjhaba,
empa qetellong se tla timella ruri.”
21A tadima Bakene, mme a porofeta, a re:
“Leaho la hao
ke qhobosheane e thata,
sehlaha sa hao
se hahilwe hodima lefika;
22leha ho le jwalo, lona Bakene,
le tla timetswa,
Asure e tla le hapa,
le be bathopuwa.”
23Bileame a porofeta hape, a re:
“Jo! ke mang ya ka phelang
ha Modimo a etsa tjee?
24Empa dikepe
di tla tswa lebopong la Kitime,
di siye Asure le Ebere e le lesupi,
empa qetellong
le tsona di tla timela.”
25Bileame a ema, a tsamaya, a kgutlela ha habo. Balake le yena a ikela ka tsela ya hae.

Currently Selected:

DIPALO 24: SSO89SO

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in

YouVersion uses cookies to personalize your experience. By using our website, you accept our use of cookies as described in our Privacy Policy