YouVersion Logo
Search Icon

DIPALO 23

23
1Bileame a re ho Balake:
“Nkgahele dialetare tse supileng mona, mme o nnyehelle ka pohwana tse supileng, le ka dipheleu tse supileng.” 2Balake a etsa jwalokaha Bileame a mo kopile. Balake le Bileame ba nyehela ka pohwana le pheleu hodima aletare e nngwe le e nngwe.
3Jwale Bileame a re ho Balake: “Ema pela nyehelo ya hao ya setjheso, mme ke tla tsamaya, mohlomong Morena o tla tla nkgahlanyetsa. Eng kapa eng eo a mpontshang yona, ke tla o bolella yona.” Bileame a ikela a le inotshi hodima leralla le se nang letho.
Boporofeta ba pele ba Bileame
4Modimo a kopana le Bileame, mme Bileame a re ho yena: “Ke hlophile dialetare tse supileng, mme hodima e nngwe le e nngwe ke nyehetse ka pohwana le ka pheleu.”
5Morena a bolella Bileame hore na a tle a reng, a nto re ho yena: “Kgutlela ho Balake mme o bue tjena.”
6Bileame a kgutlela ho Balake, mme a mo fumana a ntse a eme pela nyehelo ya hae ya setjheso, a ena le mahosana wohle a Moabe. 7Bileame a porofeta, a re:
“Balake, kgosi ya Moabe,
e tswang thabeng tsa botjhabela,
o ntlisitse kwano ke etswa Arame.
‘Tloo o nthohakele Jakobo!
Tloo o halefele Baiseraele.’
8Nka rohaka e mong jwang,
ya sa rohakwang ke Modimo?
Nka halefela jwang,
eo Modimo a sa mo halefelang?
9E, ka mmona ke le qhoweng
e hodima mafika,
Ka mmona ke le hodima maralla.
Sena ke setjhaba
se ahileng se le inotshi,
se ke keng sa balellwa
hara tjhaba tse ding.
10Ke mang ya ka balang
ditloholo tsa Jakobo?
Ke mang ya ka balang
karolo ya bone ya Baiseraele?
A nke ke shwe lefu la ba lokileng!
Pheletso ya ka
e ke e tshwane le ya hae.”
11Balake a re ho Bileame: “O nkentse jwang? Ke o bitseditse hore o tlo rohaka dira tsa ka, empa jwale o bile o di hlohonolofaditse!”
12Bileame a mo arabela, a re: “Na ha ho jwalo? Ha ke a tshwanela ho bua seo Morena a itseng ke se bue?”
Boporofeta ba bobedi ba Bileame
13Balake a re ho Bileame: “Ke a o rapela; a re ke re ye le wena sebakeng se seng hape, moo o tla bona dira tsa ka ha o le hona teng. Ha o ka ke wa di bona kaofela, empa o tla bona karolonyana ya tsona feela. O nthohakele tsona o le hona moo.” 14A mo isa tshimong ya Sofime, hodima qhowa ya Pisega. A haha dialetare tse supileng, mme hodima e nngwe le e nngwe a nyehela ka pohwana le pheleu.
15Bileame a re ho Balake: “Ema mona pela nyehelo ya hao ya setjheso. Ke tla kopana le Morena mose mane.”
16Morena a kopana le Bileame, a mmolella hore na a tle a reng, mme a re: “Kgutlela ho Balake, o bue tjena.”
17Bileame a fihla ho Balake, mme a mo fumana a ntse a eme pela nyehelo ya hae ya setjheso, a ena le mahosana wohle a Moabe. Balake a botsa Bileame, a re: “Morena o itseng?”
18Bileame a boela a porofeta, a re:
“Tsoha Balake, o mamele!
Ntshekehele tsebe, mora wa Sipore.
19Modimo hase motho
hoo a ka buang leshano,
hase mora wa motho
hoo a ka inyatsang.
Na seo a se bolelang
a ke ke a se etsa?
Na seo a se buileng
a ke ke a se phetha?
20Bona, ke laetswe
hore ke hlohonolofatse;
o hlohonolofaditse,
mme nke ke ka fetola.
21“Ho ho phoso
eo a e boneng ho Jakobo,
ha ho bokgopo
boo a bo boneng ho Iseraele.
Morena Modimo wa hae,
o na le yena,
ba a mo thoholetsa,
ba re ke kgosi ya bona.
22Modimo ya ba ntshitseng Egepeta,
o matla jwaloka nare.
23Ha ho boloi ho Jakobo,
ha ho bonohe ho Iseraele.
Ka nako ya teng ho tla thwe
ho Jakobo le ho Iseraele:
‘Modimo o sebeditse hakaakang!’
24Bona, setjhaba se tla tlola
jwaloka tauhadi,
le yena o tla tlola
jwaloka tauhadi.
E ke ke ya qatjhama
e eso je phoofolo,
e enwa le madi a se bolailweng.”
25Balake a re ho Bileame: “O se ke wa se rohaka ho hang, kapa wa se hlohonolofatsa ho hang.”
26Bileame a arabela, a re: “Na ha ke a ka ka o bolella hore sohle seo Modimo a se bolelang ke tshwanela ho se etsa?”
Boporofeta ba boraro ba Bileame
27Balake a re ho Bileame: “Tloo, ke a o rapela: Ke tla o isa sebakeng se seng hape. Mohlomong ho tla thabisa Modimo hore o nthohakele sona ha o le moo.” 28Balake a isa Bileame qhoweng ya Peore, e okametseng lehwatata.
29Bileame a re ho Balake: “Nkgahele dialetare tse supileng mona, mme o nnyehelle ka dipohwana tse supileng, le ka dipheleu tse supileng.” 30Balake a etsa jwalokaha Bileame a mo kopile, mme a nyehela ka pohwana le ka pheleu hodima aletare e nngwe le e nngwe.

Currently Selected:

DIPALO 23: SSO89SO

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in

YouVersion uses cookies to personalize your experience. By using our website, you accept our use of cookies as described in our Privacy Policy