YouVersion Logo
Search Icon

DIPALO 21

21
Bakanana ba a hlolwa
(Dipa. 33:40)
1Ha kgosi Arada wa Mokanana, ya neng a ahile Negebe, a utlwa hore Iseraele o ntse a etla ka tsela ya Atarime, a lwantsha Baiseraele, mme a hapa ba bang ba bona. 2Yaba Iseraele o a hlapanya, o re ho Morena: “Ruri haeba o ka mpha matla a ho hlola setjhaba sena, ke tla ripitla metse ya sona ho hang.” 3Morena a utlwa Iseraele, mme a mo fa matla a ho hlola Bakanana. Baiseraele ba ripitla Bakanana le metse ya bona ho hang. Yaba sebaka seo ba se rea lebitso la Horema.
Noha ya lethose
4Ho tloha thabeng ya Hore ba tsamaya ka tsela e yang Lewatleng la Lehlaka, hore ba kekolohe naha ya Edomo. Setjhaba sa fellwa ke mamello tseleng. 5Setjhaba sa nyatsa Modimo le Moshe, sa re: “Ke hobaneng ha le re nyolotse Egepeta, hore re tlo shwela moo lehwatateng? Mona ha ho na dijo, ha ho na le metsi, re tenehile le ke dijo tsena tse mpe!”
6Yaba Morena o romela dinoha tse mahloko hara setjhaba, tsa loma batho, mme Baiseraele ba bangata ba eshwa. 7Setjhaba sa tla ho Moshe, sa re: “Re entse sebe, hobane re lwantshitse Morena, le wena re o lwantshitse. Ako rapele Morena hore a tlose dinoha tsena hara rona.” Moshe a rapella setjhaba.
8Morena a re ho Moshe: “Bopa noha e mahloko, o e fanyehe sefateng. E mong le e mong ya lomilweng, ha a e tadima o tla fola.” 9Moshe a bopa noha ka lethose, a e fanyeha sefateng. E ne e ye ere ha mang kapa mang ya lomilweng ke noha a tadima noha ena ya lethose, ebe o a fola.
Ho uwa dikgohlong tsa Moabe
10Bana ba Iseraele ba tswela pele leetong, mme ba ya hloma Obote. 11Ho tloha Obote ba ya hloma masuping a dithabeng tsa Abarime, lehwatateng le ka botjhabela ho Moabe. 12Ho tloha moo ba tswela pele leetong, ba ya hloma kgohlong ya Serede. 13Ho tloha moo ba tswela pele leetong, ba ya hloma ka nqane ho Arenone e lehwatateng le nametseng ho ya fihla moeding wa Baamore, hobane Arenone ke wona moedi wa Bamoabe le Baamore. 14Ke ka hona, Bukeng ya dintwa tsa Marena, ho thweng:
“Wahebe e Sufa,
le dikgohlwana tsa Arenone;
15le methipoloha ya dikgohlwana
tse lelemellang diahelong tsa Are,
tse sikang le moedi wa Moabe.”
16Ho tloha moo ba tswela pele leetong, ba ya Sedibeng. Ke sona sediba seo Morena a ileng a bua ho Moshe ka sona, a re: “Bokanya setjhaba kaofela, mme ke tla se fa metsi.”
17Ke ha Baiseraele ba bina pina, ba re:
“Runyarunya, wena sediba;
lona se bineleng!
18Sediba se tjhekilweng ke mahosana,
sa habollwa ke marena a setjhaba,
ka lere la kgosi
le ka mare a marena.”
Ho tloha Sedibeng ba ya Matana; 19ho tloha Matana ba ya Nahaleele, mme ho tloha Nahaleele ba ya Bamote; 20ho tloha Bamote ba ya kgohlong e naheng ya Moabe, kahodimo ho Pisega, e okametseng lehwatata.
21Jwale Baiseraele ba romela maqosa ho Sihone, kgosi ya Baamore, hore a re:
22“Re dumelle re fete hara naha ya hao. Re ke ke ra kgelohela masimong, kapa dirapeng tsa morara; re ke ke ra nwa le metsi a didiba; re tla itsamaela feela mmileng o moholo wa kgosi, ho fihlela re ba re tlola moedi wa hao.”
23Empa Sihone a se ke a dumella Baiseraele ho tshela moedi wa hae. A bokanya setjhaba sa hae kaofela, a tswa, a futuhela Baiseraele lehwatateng. A ya fihla Jahase, moo a ileng a lwana le Baiseraele teng. 24Baiseraele ba bolaya Sihone ka sabole, ba hapa naha ya hae, ho tloha Arenone ho ya fihla Jaboko, le ho ya fihla naheng ya bana ba Amone, hobane moedi wa bana ba Amone o ne o raletswe.
25Baiseraele ba hapa metse ena yohle, mme ba aha metseng yohle ya Baamone, e leng Heshebone le metsana e mathokong a yona. 26Heshebone e ne e le motsemoholo wa Sihone, kgosi ya Baamore. Ke yena Sihone ya neng a lwantshe kgosi ya pele ya Moabe, a hapa naha yohle ya kgosi eo ho ya fihla Arenone. 27Ke ka hona baroki ba reng:
“Lona, tloong Heshebone!
Ho hahwe motse wa Sihone, o tiye.
28“Mollo o qhomme Heshebone,
kgabo ya tlola motseng wa Sihone,
ya metsa Are-Moabe,
le marena a dihlaba tsa Arenone.
29O madimabe hakaakang,
wena Moabe!
Le timetse lona, tjhaba sa Kemoshe!
O tlohetse bara ba hae
ho ba baphaphathehi,
baradi ba hae ho ba batshwaruwa,
batshwaruwa ba Sihone,
kgosi ya Baamore.
30“Re ba timeditse ho hang,
ho tloha Heshebone
ho ya fihla Dibone,
ra ba nanaola ho ya fihla Nofa,
Kgabo ya laima
ho ya fihla Medeba.”
31Ka mokgwa ona Baiseraele ba aha naheng ya Baamore.
32Moshe a romela dihlwela Jasere. Baiseraele ba hapa Jasere le metse e mathokong a yona, ba leleka Baamore ba neng ba ahile moo.
Oge o a hlolwa
33Baiseraele ba thinya, ba nyoloha ka tsela e yang Bashane. Oge, kgosi ya Bashane, a tswa a ena le setjhaba sa hae sohle, a ba futuhela, mme a ba lwantsha Ederei.
34Morena a re ho Moshe: “O se ke wa mo tshaba, hobane yena, mmoho le setjhaba sa hae sohle, le naha ya hae, ke nehelane ka yena matsohong a hao. O tla mo etsa seo o neng o se etse Sihone, kgosi ya Baamore, ya neng a ahile Heshebone.”
35Ba bolaya Oge, le bara ba hae, le setjhaba sa hae sohle, ho fihlela ho se le ya mong ya setseng. Naha ya hae ya eba ya bona.

Currently Selected:

DIPALO 21: SSO89SO

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in

YouVersion uses cookies to personalize your experience. By using our website, you accept our use of cookies as described in our Privacy Policy