YouVersion Logo
Search Icon

DIPALO 14

14
Setjhaba se fetohela Morena
1Setjhaba sohle sa phahamisa mantswe, sa howa haholo, sa lla bosiu bohle. 2Bana ba Iseraele bohle ba korotlela Moshe le Arone, mme setjhaba sohle sa re ho bona: “Hoja re hlile ra shwella naheng ya Egepeta, kapa ebe re shwetse lehwatateng lena! 3Ke hobaneng ha Morena a re tlisa naheng ee, hore re tlo bolawa ka sabole? Basadi ba rona le bana ba rona ba tla hapuwa. Na ha ho molemo hore re kgutleleng Egepeta?”
4Ba buisana ba le bang, ba re: “A re ikgetheleng moetapele, re kgutleleng Egepeta.”
5Yaba Moshe le Arone ba itihela fatshe ka difahleho kapele ho phutheho yohle ya setjhaba sa bana ba Iseraele. 6Joshua, mora wa Nune, le Kalebe, mora wa Jefune, e leng ba ba neng ba ilo hlwela naha, ba hahola diaparo tsa bona. 7Ba re ho setjhaba sohle sa bana ba Iseraele: “Naha eo re tsamaileng hara yona ho e hlwela, ke naha e ntle haholo. 8Haeba Morena a kgahlilwe ke rona, o tla re fihlisa naheng eo, a re nee yona, e leng naha e phallang lebese le mahe a dinotshi. 9Feela le se ke la fetohela Morena, mme le se ke la tshaba baahi ba naha eo, hobane rona re tla ba ripitla. Ha ba sa na mosireletsi, athe rona o na le rona. Le se ke la tshaba.”
10Yare ha setjhaba sohle se re se ba tlepetsa ka majwe, tlotla ya Morena ya iponahatsa ka Tenteng ya Morena ho bana ba Iseraele bohle.
Morena o a ahlola
11Morena a re ho Moshe: “Setjhaba see se tla nnyedisa ho fihlela neng? Se tla hana ho ntumela ho fihlela neng, leha se bone dipontsho tsohle tseo ke di entseng hara sona? 12Ke tla se otla ka lefu la sewa, ke se timetse, empa ka wena ke tla etsa setjhaba se matla ho feta sena.”
13Jwale Moshe a re ho Morena: “Baegepeta ba tla utlwela taba ena, hore o ntshitse setjhaba sena hara bona ka matla a hao. 14Ba tla tsebisa baahi ba naha ena, ba utlwileng hore wena, Morena, o teng kahara setjhaba sena; le hore wena, Morena, se o bona thaka tsa mahlo di tadimane; le hore leru la hao le se okametse, motsheare o se etella pele o le kahara leru le lopaletseng, bosiu o le kahara kganare ya mollo. 15Jwale ha o ka bolaya setjhaba sena sohle, ditjhaba tse utlwileng botumo ba hao di tla re: 16‘Kahobane Morena o sitilwe ho fihlisa setjhaba sena naheng eo a neng a se hlapanyetse hore o tla se nea yona, ke ka hona a se bolaetseng lehwatateng.’
17“Jwale ke a o rapela: matla a Morena a ke a be maholo, jwalokaha o ne o bue, wa re: 18‘Morena o dieha ho halefa, o na le mohau o moholo, o tshwarela bokgopo le ditlolo, empa a ke ke a tlohela ho otla ba molato; o otla bana le ditloholo ka baka la bokgopo ba bo-ntata bona, ho isa molokong wa boraro le wa bone.’ 19Ke a o rapela: ako tshwarele setjhaba sena bokgopo ba sona, ho ya ka mosa wa hao o moholo, jwalokaha o nnile wa se tshwarela ho tloha Egepeta ho fihlela jwale.”
20Yaba Morena o re: “Ke se tshwaretse ho ya ka kopo ya hao. 21Empa ke hlapanya ka bophelo ba ka, le ka tlotla ya Morena e tletseng lefatsheng lohle: 22batho bohle ba boneng tlotla ya ka le dipontsho tsa ka tseo ke di entseng Egepeta le lehwatateng, empa ba ntekileng ka makgetlo ana a leshome, ba hana ho mamela lentswe la ka; 23ruri ba ke ke ba bona naha eo ke e hlapanyeditseng bo-ntata bona; le bohle ba nnyedisitseng ba ke ke ba e bona. 24Empa mohlanka wa ka Kalebe, kaha yena o na le moya o sa tshwaneng le wa ba bang bana, mme o ile a ntatela ka ho tlala, ke tla mo finyeletsa naheng eo a kileng a ya ho yona, mme ditloholo tsa hae di tla e rua. 25Kaha Baamaleke le Bakanana ba ahile ka kgohlong ya naha eo, hosasane lona le kgelohe, le lebe lehwatateng, ka tsela e yang Lewatleng la Lehlaka.”
Setjhaba se ahlolelwa ho korotla
26Morena a bua ho Moshe, le ho Arone, a re: 27“Setjhaba see se kgopo, se nkorotlelang, ke tla se mamella ho fihlela neng? Ke utlwile ho korotla ha bana ba Iseraele, hoo ba nkorotlelang ka hona. 28Ere ho bona: ‘Ke hlapanya ka bophelo ba ka, ho rialo Morena; ruri ke tla le etsa ho ya kamoo ke utlwileng le bua kateng. 29Ditopo tsa lona di tla rapalla lehwatateng lena; lona bohle ba badilweng ha ho balwa setjhaba, bohle ba dilemo di mashome a mabedi ho ya hodimo, ba ileng ba nkorotlela; 30ruri le ke ke la finyella naheng eo ke hlapantseng hore ke tla le ahisa ho yona, haese Kalebe, mora wa Jefune, le Joshua, mora wa Nune. 31Empa bana ba lona, bao le itseng ba tla hapuwa, bona ke tla ba finyeletsa naheng eo, mme ba tla tseba naha eo le e hanneng. 32Athe ha e le lona, ditopo tsa lona di tla rapalla lehwatateng lena. 33Bana ba lona ba tla lelera lehwatateng ka dilemo tse mashome a mane, ka baka la ho se tshepahale ha lona, ho fihlela ditopo tsa lona di timellela lehwatateng. 34Jwalokaha le ile la hlwela naha ka matsatsi a mashome a mane, le tla jara bokgopo ba lona ka dilemo tse mashome a mane, e leng hore letsatsi ka leng le lekana le selemo. Kahoo le tla tseba hore na ho ntwantsha ke eng.’ 35Nna, Morena, ke buile. Ruri hona ke tla ho etsa ho setjhaba sena sohle se kgopo, se ikopantseng ho ntwantsha. Se tla timella lehwatateng lena, se shwelle teng.”
36Banna bao Moshe a neng a ba rometse ho ya hlwela naha, bao ho kgutleng ha bona ba ileng ba etsa hore setjhaba se mo korotlele, ka ho se bolella ditaba tseo e seng tsa nnete; 37banna bana ba tlisitseng ditaba tseo e seng tsa nnete, ba ile ba bolawa ke lefu la sewa ba le kapele ho Morena. 38Empa ha e le Joshua, mora wa Nune, le Kalebe, mora wa Jefune, ba ile ba phela ho ba neng ba ilo hlwela naha.
Morero wa ho futuha o a folotsa
(Dipo. 1:41-46)
39Moshe a phetela bana ba Iseraele bohle ditaba tsena, mme setjhaba sa lla haholo. 40Setjhaba sa tsoha e sa le hosasa, sa nyolohela hodima tlhoro ya thaba, sa re: “Bonang re mona, re tla ya sebakeng seo Morena a buileng ka sona, hobane re sitilwe.”
41Empa Moshe a re: “Ke ka baka lang ha le tlola taelo ya Morena, ha e le moo ho bonahala hore e ke ke ya atleha? 42Se keng la nyoloha, hobane Morena ha a yo hara lona, mme dira tsa lona di tla le hlola. 43Baamaleke le Bakanana ba se ba le emetse, mme ba tla le bolaya ka sabole. Kaha le furaletse tsela ya Morena, Morena a ke ke a ba le lona.”
44Empa ba nna ba pheella ho nyolohela tlhorong ya thaba, feela areka ya selekane, mmoho le yena Moshe, ya se ke ya tswa diahelong. 45Jwale Baamaleke le Bakanana ba neng ba ahile dithabeng ba theoha, ba hlola Baiseraele, ba ba phaladisa ho ya fihla Horema.

Currently Selected:

DIPALO 14: SSO89SO

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in

YouVersion uses cookies to personalize your experience. By using our website, you accept our use of cookies as described in our Privacy Policy