YouVersion Logo
Search Icon

DIPALO 11

11
Setjhaba se a korotla
1Setjhaba sa korotla haholo moo Morena a ntseng a utlwa. Ha Morena a utlwa, bohale ba hae ba tlokoma, mollo wa Morena wa se laimela, wa tjhesa meedi ya diahelo lore! 2Setjhaba sa llela Moshe, yaba Moshe o rapela Morena, mme mollo wa kokobela. 3Sebaka seo ba se rea lebitso la Tabera, hobane ke moo mollo wa Morena o neng o tuke hara bona.
4Letshwelehadi la baditjhaba le neng le tsamaya le Baiseraele la lakatsa nama haholo. Bana ba Iseraele le bona ba boela ba lla, ba re: “Ke mang ya tla re fa nama, hore re je? 5Re hopotse ditlhapi tseo re neng re di ja ha re sa le Egepeta, re sa di reke; le mokopu, le mahapu, le dishaloto, le eiye, le konofolo. 6Re feletswe ke matla! Ha ho na letho ho hang, haese manna ana ao re a bonang!”
7Manna a ne a tshwana le peo e tshweunyana sebopeho sa wona se tshwana le sa mamina a difate a monko o monate. 8Setjhaba se ne se ye se tsamaye hohle, se a bokelle, se a sile ka lelwala, kapa se a tulele lefudung, se a phehe ka dipitsa, se etse maqebekwane. A ne a latsweha jwaloka moqathane o phehilweng ka ole. 9Ha phoka e ne e lala diahelong bosiu, manna a ne a lala le yona.
Thapelo ya Moshe
10Moshe a utlwa setjhaba se lla hohle, malapeng a sona, motho ka mong a lla a le monyakong wa tente ya hae. Kgalefo ya Morena ya tlokoma haholo, mme Moshe a swaba haholo. 11Yaba Moshe o re ho Morena: “Ke ka baka lang ha o entse mohlanka wa hao tjee? Ke ka baka lang ha o sa nkgauhele, o mpelesitse mojaro wa setjhaba see sohle? 12Na ke nna ya emotseng setjhaba see sohle? Na ke nna ya se tswetseng, ha o re ho nna: ‘Ba sike sefubeng sa hao, jwalokaha mohodisi a sika lesea, o ba ise naheng eo ke e hlapanyeditseng bo-ntata bona’? 13Nama ya ho fepa setjhaba see sohle ke tla e fumana kae? Se a ntelela, se re: ‘Re fe nama, re je!’ 14Ke sitwa ho jara setjhaba sena sohle ke le mong, hobane se nkimela haholo. 15Haeba o nketsa tjena, hlo mpolaye hona jwale, ke a o rapela, haeba o nkgauhetse, e le hore ke se ke ka bona bomadimabe ba ka.”
Ho kgethwa baholo ba mashome a supileng
16Morena a re ho Moshe: “Ntlisetse banna ba mashome a supileng, bao e leng baholo ba setjhaba sa Iseraele, bao o tsebang hore ke baholo le baokamedi ba setjhaba sa Iseraele. O ba tlise ka Tenteng ya Morena, ba eme teng hammoho le wena. 17Ke tla theohela teng, ke bue le wena. Ke tla nka karolo e nngwe ya moya o ho wena, ke ba abele yona. Ba tla jarisana mojaro wa setjhaba sena le wena, hore o se ke wa o jara o le mong.
18“O tle o re ho setjhaba: ‘Itlhwekisetseng letsatsi la hosasane, mme le tla ja nama, hobane Morena o utlwile le lla, le re: Ke mang ya tla re fa nama, hore re je? Re ne re phela hamonate Egepeta! Ka baka leo, Morena o tla le fa nama, mme le tla ja. 19Ha le ka ke la e ja ka tsatsi le le leng, kapa ka matsatsi a mabedi, kapa ka matsatsi a leshome, kapa ka matsatsi a mashome a mabedi, 20empa le tla e ja kgwedi kaofela, ho fihlela e etswa ka dinko, e ba e le tena, hobane le lahlile Morena ya ntseng a le hara lona, la ba la lla kapele ho yena, la re: Ke ka baka lang re ileng ra tloha Egepeta?’ ”
21Moshe a re: “Batho ba ditaaso bao ke nang le bona ke dikete tse makgolo a tsheletseng, empa o re: ‘Ke tla ba fa nama eo ba tla e ja kgwedi kaofela!’ 22Na ba tla hlabelwa mehlape ya dinku le ya dikgomo hore e ba lekane? Kapa ebe ba tla tshwasetswa ditlhapi tsohle tsa lewatle, hore di tle di ba lekane?”
23Yaba Morena o re ho Moshe: “Na ho na le se ka sitang Morena? Jwale o tla bona hore na lentswe la ka le tla phethahala kapa tjhe.”
Baholo ba newa Moya
24Moshe a tswa, a bolella setjhaba mantswe a Morena. A phutha banna ba mashome a supileng ba bao e leng baholo ba setjhaba, a ba emisa ho potapota Tente ya Morena. 25Yaba Morena o theoha a le lerung, o bua ho Moshe. A nka karolo e nngwe ya Moya o ho Moshe, a e abela banna ba mashome a supileng, bao e leng baholo. Eitse ha Moya o dula hodima bona, ba porofeta, empa ba ba ba kgaotsa.
26Empa banna ba babedi ba ne ba setse diahelong. Lebitso la e mong wa bona e ne e le Eledade, la e mong e le Medade. Le bona Moya o ile wa dula hodima bona. E ne e le ba bang ba ba neng ba ngotswe bukeng, empa bona ba sa ka ba ya ka Tenteng ya Morena; yaba bona ba porofeta ba le diahelong. 27Mohlankanyana a matha, a bolella Moshe, a re: “Bo-Eledade le Medade ba ntse ba porofeta ka diahelong!”
28Yaba ho bua Joshua, mora wa Nune, lehlahana la Moshe, e leng e mong wa banna ba hae ba kgethilweng, o re: “Moshe, monga ka, ba thibele!”
29Empa Moshe a re ho yena: “Na o ntjhwela mona? Eka batho bohle ba Morena e ka be e le baporofeta, Morena a theolele Moya wa hae hodima bona.” 30Yaba Moshe le baholo ba Iseraele ba kgutlela diahelong.
Dikwekwe
31Ha tsoha moya o tswang ho Morena, wa tlisa dikwekwe tse tswang lewatleng; wa di hasanya diahelong, le ho potapota. Bonamo ba sebaka seo di neng di se kwahetse, ho tloha mahlakoreng wohle a diahelo, e ne e le sa leeto la letsatsi ho tloha diahelong; di ne di fofa, di phahametse lefatshe ka bophahamo bo ka etsang methara e le nngwe. 32Setjhaba sa ema ka maoto letsatsi leo lohle, le bosiu bohle, le ka letsatsi lohle le latelang, sa bokella dikwekwe. Ya neng a bokeletse hanyenyane o ne o bokeletse tse ka bang boima ba dikilo tse sekete. Ba di beka dihwapa, ba di aneha ho potapota diahelo. 33Yare ba sa ntse ba lomme nama, ba eso e hlafune le ho e hlafuna, kgalefo ya Morena ya ba laimela, Morena o otla setjhaba ka sewa se tshabehang.
34Sebaka seo ba se rea lebitso la Mabitla a Meharo, hobane ke moo batho ba meharo ba neng ba epelwe teng. 35Setjhaba sa tswela pele leetong ho tloha Mabitleng a Meharo, ho ya fihla Haserote, yaba se emisa teng.

Currently Selected:

DIPALO 11: SSO89SO

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in

YouVersion uses cookies to personalize your experience. By using our website, you accept our use of cookies as described in our Privacy Policy