YouVersion Logo
Search Icon

NEHEMIA 2

2
Nehemia o ya Jerusalema
1Ka kgwedi ya Mmesa, ka selemo sa mashome a mabedi sa puso ya kgosi Aretaseresese, veine e ne e beilwe kapele ho yena. Ka nka veine ena, ka e nea kgosi. Pele ho mona, ke ne ke eso ka ke ema kapele ho kgosi ke hlorile. 2Yaba kgosi e re ho nna: “Ke ka lebaka lang ha o bonahala o hlorile, empa o sa kule? Hona ho supa hore moya wa hao o a ngongoreha.”
Yaba ke tshoha haholo. 3Ka re ho kgosi: “Kgosi a e ke e re phelele! Ke tlamehile ho hlora, hobane motse oo mabitla a bo-ntate a leng ho wona, o fetohile lesupi, mme mamati a wona a tjhesitswe ka mollo.”
4Jwale kgosi ya re ho nna: “O rata ha ke o etsetsa eng?”
5Yaba ke rapela Modimo wa mahodimo. Ka re ho kgosi: “Haeba kgosi e ka kgahlwa, mme eba e hauhetse mohlanka wa yona, a e ke e nthome naheng ya Juda, motseng oo mabitla a bo-ntate a leng ho wona, e le hore ke tle ke o tsose.”
6Mofumahadi o ne a dutse lehlakoreng la kgosi, ha kgosi e re ho nna: “Leeto la hao le tla nka nako e kae, mme o kgutle neng?” Kgosi ya ananela kopo ena ya ka, ya ntumella hore ke tsamaye. Ka e bolella hore na ke tla nka nako e kae.
7Ka boela ka re ho kgosi: “Haeba kgosi e ka kgahlwa, a nke ke newe mangolo a yang ho babusi ba naha e ka bophirimela ho noka ya Euferatese, e le hore ba tle ba ntumelle ke fete, ke be ke yo fihla naheng ya Juda. 8Hape ke newe le lengolo le yang ho Asafo, molebedi wa moru wa kgosi, e le hore a tle a mphe difate tse tla etsa menyako ya qhobosheane, e pela Tempele, le ya lerako la motse, le ya ntlo ya ka ya bodulo.”
Kgosi ya amohela kopo ya ka, hobane Modimo wa ka o ne a ntlhohonolofaditse.
9Ha ke fihla ho babusi ba naha e ka bophirimela ho noka ya Euferatese, ka ba nea mangolo a kgosi. Kgosi e ne e rometse balaodi ba mabotho, le bahlabani ba palamang, hore ba tsamaye le nna.
10Ha bo-Sanebalate wa Mohore, le Tobiya wa Moamone, eo e neng e le mohlanka wa mmuso, ba utlwela taba ena ya hore ho fihlile monna ya tlilo ntlafatsa tsa bophelo ba bana ba Iseraele, ba tshwenyeha haholo.
Nehemia o hlahloba marako a Jerusalema
11Ka fihla Jerusalema, mme ka ba moo ka matsatsi a mararo. 12Ka tsoha hara bosiu ke ena le banna ba mmalwana. Ka se ke ka bolella motho, seo Modimo wa ka a itseng ke tlo se etsetsa motse wa Jerusalema. Ho ne ho se na phoofolo le e nngwe, haese eo ke neng ke e palame.
13Ka tswa hara bosiu jwalo, ka feta Monyakong o ka Kgohlong, ka feta le Sedibeng sa Kganyapa, ka fihla Monyakong wa Thotobolo. Ka hlahloba marako a Jerusalema a heleditsweng, le mamati a wona a tjhesitsweng. 14Yaba ke fetela Monyakong wa Sediba, le Letshaneng la Kgosi, empa ho ne ho se moo phoofolo eo ke neng ke e palame e neng e ka feta le teng. 15Ka nyolosa jwalo le bosiu, ke ikgohlile ka molatswana; ka nna ka hlahloba lerako, ka nto kgutla, ka kena ka Monyako wa Kgohlo. 16Babusi ba ne ba sa tsebe moo ke ileng teng, kapa seo ke ileng ho se etsa; esita le Bajuda, le baprista, le mahosana, le babusi, le ba bang ba neng ba sebetsa, ke ne ke eso ka ke ba bolella letho.
17Yaba ke re ho bona: “Le bona tsietsi eo re leng hara yona, le kamoo Jerusalema e leng lesupi kateng, le kamoo menyako ya yona e tjhesitsweng kateng. Tloong, re haheng lerako la Jerusalema, re tle re se ke ra ba le sekgobo.” 18Ka ba bolella kamoo Modimo wa ka a ileng a ntlhohonolofatsa kateng; ka ba bolella le seo kgosi e mpoleletseng sona.
Yaba ba re: “A re qaleng ho tsosa lerako!” Ba kena mosebetsing ona o kgabane ka mafolofolo.
19Empa ha bo-Sanebalate wa Mohore, le Tobiya wa Moamone, eo e neng e le mohlanka wa mmuso, le Gashemu wa Moarabia, ba utlwela hona, ba re soma, ba re nyedisa, mme ba re: “Ke ntho nngwe ee, eo le e etsang? Na le fela le fetohela kgosi?”
20Yaba ke a ba araba, ke re ho bona: “Modimo wa mahodimo ke yena ya tla re atlehisa; ka baka lena, rona, bahlanka ba hae, re tla ema ka maoto, re hahe. Ha e le lona, mona Jerusalema, ha le na kabelo, kapa tokelo, kapa sefika.”

Currently Selected:

NEHEMIA 2: SSO89SO

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in

YouVersion uses cookies to personalize your experience. By using our website, you accept our use of cookies as described in our Privacy Policy