YouVersion Logo
Search Icon

NAHUME 3

3
Ninife e madimabe
1Ho madimabe motse
o kganathetseng madi,
o tletseng thetso,
o tletseng le kgapo,
motse o sa kgaotseng ho lobela!
2Ho lla sephadi, makoloi a a kititsa,
dipere di a kgema, ho lla tlhako,
le kariki tsa ntwa di a kgehlemana.
3Bapalami ba dipere ba a kgoroha,
sabole di a tsekema,
marumo a a phatsima!
Ditopo ke mofela, di robellane feela,
bongata ba tsona ha bo na palo,
batho ba kgothometseha
hodima tsona.
4Ninife e otlwa jwalo
hobane e le seotswa,
boloi ba yona
bo ke ke ba ba ba bolelwa,
ka bootswa ba yona e hohela ditjhaba,
ka boloi ba yona
e fetole merabe makgoba.
5“Wena Ninife, ke a o lwantsha,”
ho rialo Morena wa mabotho.
“Ke tla o hlobodisa, ke o tsodise.
Ke tla pepesetsa ditjhaba
bofeela ba hao,
mebuso e bone tse dihlong tsa hao.
6Ke tla o silafatsa,
ke o hlabise dihlong,
ke o etse
sebonwang-se-bonwa-ke-bohle.
7Bohle ba o bonang
ba tla o baleha, ba re:
‘Motse wa Ninife o fetohile masupi,
ekaba ke mang ya tla o llela?’
Ke tla fumana mang
ya tla o tshedisa?”
8Na o lokile ho feta Tebese,
e neng e hahilwe bopong la Nile,
e neng e potapotilwe ke metsi?
Lewatle le ne le e haheleditse,
metsi a lona a e etseditse lerako.
9Kushe le Egepeta di ne di e hlomella,
di e hlomella, ho se na moedi;
Pute le Lebia tsona di e thusetsa.
10Empa le yona Tebese
e ile ya haptjwa,
tjhaba sa yona sa iswa bothopuweng.
Mateanong a diterata tsohle,
bana ba yona ba pshatlakanngwa;
mahosana a yona a laolwa ka lotho,
yaba bahlomphehi ba yona
ba a tlangwa,
ba tlangwa ka mahlaahlela.
11Le wena Ninife, o tla tahwa,
o tahwe, o be o thekesele,
o batle moo
o ka ipatelang sera teng.
12Qhobosheane tsohle tsa hao
di ka fate tsa feiye,
fate tsa feiye tse butswang pele:
Ha di hlohlorwa, di a wa,
di wela ka hanong la moji wa tsona.
13Ako tadime mabotho a hao,
kaofela a itshwanela le basadi feela!
Dikgoro tsa naha ya hao di ahlame,
di ahlametse
hore dira tsa hao di kene;
mollo o tjhesitse mekwallo ya tsona.
14Ikgelle metsi,
o itokisetse thibella,
qhobosheane tsa hao o di matlafatse;
tjheka letsopa, o dube seretse,
ebe jwale o bopa setene!
15Mollo o tla o tjhesetsa hona teng,
sabole e o bolaele hona moo,
e o je sa ditsie di kumola dijalo.
Ata, o ikatise sa ditsienyane,
o ikatise jwaloka bookgolane!
16O ekeditse palo ya bahwebi ba hao,
wa e eketsa
ho feta naledi tsa lehodimo.
Jwalokaha ditsie di ye di je,
ebe di a ikela,
le bona ba tla o ja, ebe ba a ikela.
17Balebedi ba hao
ba itshwanela le ditsie,
bangodi ba hao
ba ka boiyane ba ditsie,
tse itshwarellang marakong
mohla mohatsela,
ere ha le tjhaba, di futhumala, di fofe,
di fofele moo
ho seng motho ya tsebang.
18Oho, wena kgosi ya Asiria,
babusi ba hao ba kgalehile,
mahosana a hao a ipaqametse fatshe.
Tjhaba sa hao
se qhalakane dithabeng,
ha ho le ya mong ya se phuthang.
19Leqeba la hao ha le na pheko,
leoma la hao le isa lefung.
Bohle ba utlwang
ditaba tsena tsa hao,
ba opela ho wa ha hao mahofi.
Ke mang
ya phonyohileng sehloho sa hao,
sehloho sa hao se sa kgaotseng?

Currently Selected:

NAHUME 3: SSO89SO

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in

YouVersion uses cookies to personalize your experience. By using our website, you accept our use of cookies as described in our Privacy Policy