YouVersion Logo
Search Icon

MMIKIYA 7

7
Boitshwaro ba Baiseraele bo bodile
1Ke madimabe hakaakang!
Ke ka motho
ya reng o kgola tholwana,
ya reng o kgola tsa hlabula
athe ha di yo.
Ke ka rapa sa morara
se kgwahlapisitswe;
ha ho lesihla la morara
le ka jewang,
ha ho feiye ya pele
eo nka e lakatsang.
2Ba hlomphang Modimo
ha ba sa le yo lefatsheng,
ha ho le ya mong
ya etsang ho lokileng;
bohle ba laletse ho tsholla madi,
motho o tjhehile ngwanabo,
o mo tjhehile ka letlowa.
3Ka matsoho a bona
ba ithutile ho etsa bokgopo,
ba bile ba bo etsa ba kgothetse;
mmusi o batla hore
a ntshetswe dimpho,
moahlodi yena o amohela tjotjo;
ba matla ba laela hore
ho phethwe ditakatso,
takatso tsa bona tse kgopo,
ba loha mano jwalo ba le hammoho.
4Ya lokileng ho ba feta
o ka hlabahlabane,
ya tshepahalang ho ba feta
o ka lekgwakgwa
le baletswe ka leoka.
Letsatsi la balebedi ba hao le fihlile,
letsatsi leo
Modimo a tla o otla ka lona,
nako ya hore ba ferekane
jwale e fihlile.
5O se tshepe ya ahisaneng le wena,
motswalle le yena
o se ke wa mo tshepa;
esita le ho yena mosadi wa hao,
o ele hloko
seo o se buang ho yena.
6Mora o hlompholla ntatae,
moradi o fetohela mmae,
ngwetsi e fetohela matsalayo,
ba lapa la motho
ke bona dira tsa hae.
7Empa nna ke tla lebella Morena,
ke lebelle Modimo,
Mopholosi wa ka;
Modimo wa ka o tla nkutlwa.
Morena o tla pholosa setjhaba sa hae
8Wena sera sa ka,
o se ke wa nyakalla ka nna!
Leha nka wa ke tla boela ke tsohe;
leha nka dula lefifing
Morena o tla mponesetsa.
9Ke sitetswe Morena, ke entse sebe,
kahoo kgalefo ya Morena
ke tla e mamella,
ke e mamelle ho fihlela a ntwanela,
a ntwanela, a nnea tokelo ya ka.
Morena o tla nkisa,
a nkise kganyeng ya hae,
teng ke bone ho loka ha hae.
10Ke moo dira tsa ka di tla bona,
di bone, di aparelwe ke dihlong,
tsona dira tse neng
di bua ho nna, di re:
“O kae Morena Modimo wa hao?”
Ke tla bona
ha di hatakelwa ka maoto,
di hatakelwa sa qhafutso diterateng.
11Tsatsi le tla fihla
la ho tsosa marako a motse,
tsatsi la ho atolosa meedi ya lona.
12Mohla tsatsi leo
batho ba tla tla ho lona,
ba tle ba etswa Asiria le Egepeta,
ba etswa Egepeta,
ba etswa Euferatese;
ba tle ba etswa mawatleng wohle,
ba tle ba etswa dithabeng tsohle.
13Lefatshe le tla fetoha nanaola,
le fetohe nanaola
ka baka la baahi ba lona,
le fetohe nanaola
ka baka la diketso tsa bona.
Morena o hauhela Baiseraele
14Morena, ka lere la hao
alosa mohlape wa hao,
alosa mohlape oo e leng lefa la hao,
mohlape o dulang
o le inotshi kahara moru,
o dulang
kahara makgulo a nonneng;
o ke o fule Bashane le Gileade,
o fule teng
jwaloka mehleng ya boholoholo.
15“Ke tla bontsha tjhaba sa ka,
ke se bontshe dimakatso,
ke se bontshe tsona
sa mohla se tswang Egepeta.”
16Ditjhaba di tla bona,
di hlajwe ke dihlong,
le hoja di le matla;
ditjhaba di tla makala,
di be di hlollwe,
le tsebe tsa tsona di be di thibane.
17Di tla nyeka lerole jwaloka dinoha,
di le nyeke
sa dihahabi di holoba fatshe.
Di tla tswa diahelong tsa tsona
di thothomela,
di retelehele ho Morena,
Morena Modimo wa rona,
di retelehele ho yena di tshohile,
di tshohile haholo hobane di o tshaba.
18Ke Modimo ofe
ya tshwanang le wena?
Ya tshwarelang dibe, a leballe ditlolo
tsa masalla a setjhaba sa hae?
Wena o Modimo
ya sa halefeleng ruri,
wena o Modimo
ya thabelang ho hauhela.
19O tla boela o re utlwela bohloko,
makgopo a rona o a hatakella fatshe,
dibe tsa rona
o di lahlela botebong ba lewatle.
20O tla bontsha Jakobo,
o mmontshe botshepehi ba hao,
Aborahama le yena o mo hauhele,
jwalokaha o ila wa hlapanya,
wa hlapanyetsa bo-ntata rona
mehleng ya kgalekgale.

Currently Selected:

MMIKIYA 7: SSO89SO

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in

YouVersion uses cookies to personalize your experience. By using our website, you accept our use of cookies as described in our Privacy Policy