YouVersion Logo
Search Icon

MATHEU 4

4
Jesu o a lekwa
(Mar. 1:12,13; Luka 4:1-13)
1Yaba Jesu o iswa ke Moya feelleng ho ya lekwa ke Diabolosi. 2A itima dijo ka matsatsi a mashome a mane, le ka masiu a mashome a mane, a nto lapa. 3Moleki a mo atamela, a re: “Haeba o Mora wa Modimo, ere majwe ana a fetohe bohobe!”
4A mo araba, a re: “Ho ngotswe, ho thwe:
“ ‘Motho a ke ke a phela
ka bohobe feela,
empa o tla phela le ka polelo
e nngwe le e nngwe
e tswang molomong wa Modimo.’ ”
5Yaba Diabolosi o mo nka a mo isa motseng a halalelang, mme a mmea tlhorong ya Tempele, 6a re ho yena: “Haeba o Mora wa Modimo, itihele, hobane ho ngotswe, ho thwe:
“ ‘O tla laela mangeloi a hae,
mme a tla o kgakeletsa ka diatla,
esere leoto la hao
la kgoptjwa ke lejwe.’ ”
7Jesu a re ho yena: “Le teng ho ngotswe, ho thwe: ‘O se ke wa leka Morena Modimo wa hao.’ ”
8Hape Diabolosi a mo nka, a mo isa thabeng e telelehadi, a mmontsha mebuso yohle ya lefatshe le maruo a yona, 9a re ho yena: “Tsena tsohle ke tla o fa tsona ha o ka itihela fatshe, wa nkgumamela.”
10Empa Jesu a re ho yena: “Tloha, Satane! Ho ngotswe, ho thwe:
“ ‘O tla kgumamela Morena
Modimo wa hao,
o sebeletse yena a nnotshi.’ ”
11Jwale Diabolosi a mo tlohela, mme bonang, mangeloi a atamela, a mo sebeletsa.
Jesu o qala tshebetso ya hae Galelea
(Mar. 1:14,15; Luka 4:14,15)
12Yare ha Jesu a utlwa hore Johanne o tshwerwe, a ya Galelea. 13A tloha Nasaretha, a tla aha Kapernauma e lebopong la letsha, tikolohong ya Sebulone le Nafthali, 14e le hore ho tle ho phethahale ho boletsweng ke moporofeta Esaya, ha a re:
15“Lefatshe la Sebulone
le lefatshe la Nafthali,
nqa lewatle, mose ho Jorodane,
Galelea ya baditjhaba,
16setjhaba se neng se dutse lefifing
se bone lesedi le leholo,
mme ba neng ba dutse lefatsheng
la lefu le lefifing
ba tjhabetswe ke lesedi.”
17Ho tloha nakong eo, Jesu a qala ho ruta, a re: “Bakang, hobane Mmuso wa mahodimo o atametse!”
Jesu o bitsa batshwasi ba bane ba ditlhapi
(Mar. 1:16-20; Luka 5:1-11)
18Yare ha Jesu a sika le letsha la Galelea, a bona bara ba babedi ba motho, Simone ya bitswang Petrose le Andrease ngwanabo, ba ntse ba akgela letlowa letsheng, hobane e ne e le batshwasi ba ditlhapi. 19A re ho bona: “Ntshaleng morao, mme ke tla le etsa batshwasi ba batho.” 20Hanghang ba tlohela matlowa a bona, ba mo latela.
21Hoba a fetele pele, a bona bara ba bang ba babedi ba motho, Jakobo mora wa Sebedea le Johanne ngwanabo, ba ena le ntata bona Sebedea ka sekepeng, ba ntse ba lokisa matlowa a bona, mme a ba bitsa. 22Hanghang ba tlohela sekepe le ntata bona, ba latela Jesu.
Jesu o a ruta, o fodisa ba bangata
(Luka 6:17-19)
23Jesu a tsamaya le Galelea yohle, a ntse a ruta matlung a thapelo a teng, a phatlalatsa molaetsa o molemo wa Mmuso, a fodisa mafu le malwetse wohle setjhabeng. 24Setumo sa hae sa utlwahala Siria yohle, mme ha tliswa ho yena bohle ba jewang ke mafu a mefutafuta, ba imetsweng ke mahloko, ba nang le bademona, ba shwang sethwathwa, le diritsa, mme a ba fodisa. 25A ba a latelwa ke matshwelehadi a tswang Galelea, Dekapolese, Jerusalema, Judea le mose ho Jorodane.

Currently Selected:

MATHEU 4: SSO89SO

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in

YouVersion uses cookies to personalize your experience. By using our website, you accept our use of cookies as described in our Privacy Policy