YouVersion Logo
Search Icon

MATHEU 3

3
Thuto ya Johanne Mokolobetsi
(Mar. 1:1-8; Luka 3:1-9,15-17; Joh. 1:19-28)
1Mehleng eo ha hlaha Johanne Mokolobetsi; a ruta feelleng la Judea, 2a re: “Bakang, hobane Mmuso wa mahodimo o atametse!” 3Ke yena ya boletsweng ke moporofeta Esaya, ha a re:
“Lentswe la ya howang feelleng
le re:
‘Lokisang mmila wa Morena,
le otlolle ditsela tsa hae!’ ”
4Johanne o ne a apara seaparo se entsweng ka boya ba kamele, a itlama ka leqhama la letlalo thekeng; dijo tsa hae e ne e le ditsie le mahe a dinotshi tsa naha. 5Jwale batho ba Jerusalema, le ba Judea yohle, le ba phuleng yohle ya Jorodane ba tswela ho yena, 6ba kolobetswa ke yena nokeng ya Jorodane, ba ntse ba ipolela dibe tsa bona.
7Empa ha a bona Bafarisi le Basaduke ba bangata ba etla ho kolobetswa, a re ho bona: “Madinyane a marabe, ke mang ya le boleletseng hore le ka baleha bohale bo tlang? 8Bontshang ka diketso hore le bakile, 9mme le se ke la nahana, la re: ‘Ntata rona ke Aborahama,’ hobane ke a le bolella hore Modimo o na le matla a ho hlahisetsa Aborahama bana ka majwe ana. 10Selepe se se se beilwe metsong ya difate; sefate sefe kapa sefe se sa beheng ditholwana tse monate se tla rengwa, se lahlelwe mollong.
11“Ha e le nna, ke le kolobeletsa pako ka metsi. Athe ya tlang kamorao ho nna o mpheta ka matla, hoo ke sa tshwaneleng ho mo rola meqathatso; yena o tla le kolobetsa ka Moya o Halalelang le ka mollo. 12Seoloso se letsohong la hae, mme o tla fiedisisa seotlo sa hae, a bokelle koro ya hae sesiung, mmoko wona a o tjhese mollong o sa timeng.”
Jesu o a kolobetswa
(Mar. 1:9-11; Luka 3:21,22)
13Yaba Jesu o fihla nokeng ya Jorodane a etswa Galelea, a tla ho Johanne hore a kolobetswe ke yena. 14Empa Johanne a leka ho mo thiba, a re: “Eka kgona e be nna ya kolobetswang ke wena, athe wena o tla ho nna?”
15Jesu a mo araba, a re: “Lesa, jwale, hobane ka tsela ena re lokela ho phethahatsa hohle ho lokileng.” Johanne a dumela.
16Hanghang hoba Jesu a kolobetswe, a tswa metsing, mme bonang, a bulelwa mahodimo, a bona Moya wa Modimo o theoha e ka leeba, o etla hodima hae; 17ha utlwahala lentswe le tswang mahodimong, le reng: “Enwa ke Mora wa ka eo ke mo ratang, ya nkgahlang!”

Currently Selected:

MATHEU 3: SSO89SO

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in

YouVersion uses cookies to personalize your experience. By using our website, you accept our use of cookies as described in our Privacy Policy