YouVersion Logo
Search Icon

MATHEU 24

24
Jesu o bolela tshenyeho ya Tempele
(Mar. 13:1,2; Luka 21:5,6)
1Ha Jesu a tloha Tempeleng a tsamaya, barutuwa ba hae ba tla ho yena, ba mmontsha mehaho ya Tempele. 2A ba botsa, a re: “Na tsee kaofela le a di bona? Ruri ke a le bolella hore ha ho na lejwe le tla sala hodima le leng mona; a tla heletswa kaofela.”
Qaleho ya ditlokotsi
(Mar. 13:3-13; Luka 21:7-19)
3Yare ha a ntse a dutse Thabeng ya Mehlwaare, barutuwa ba hae ba tla ho yena boinotshing, ba re: “Ako re bolelle: Dintho tsee di tla etsahala neng? Pontsho e tla ba efe ya ho tla ha hao le ya ho fela ha mehla ya kajeno?”
4Jesu a ba araba, a re: “Hlokomelang, le se ke la tshoha le kgeloswa ke motho ofe kapa ofe! 5Ba bangata ba tla tla ka lebitso la ka, ba re: ‘Ke nna Kreste,’ mme ba tla kgelosa ba bangata. 6Le tla utlwa mekgosi ya dintwa le madume a dintwa. Hlokomelang, le se ke la tshoha. Hona eka kgona ho etsahale, empa ha e eso be bofelo. 7Ditjhaba di tla tsohelana matla le mebuso e futuhelane; ho tla ba le ditlala tsa sekoboto le ditshisinyeho tsa lefatshe dibakeng tse ngata. 8Dintho tsena tsohle ke qaleho ya ditlokotsi.
9“Mohlang oo ba tla neelana ka lona hore le hlokofatswe, mme ba tla le bolaya. Ditjhaba tsohle di tla le hloya ka baka la lebitso la ka. 10Jwale ba bangata ba tla wa, ba ekane, ba hloyane. 11Ho tla hlaha baporofeta ba bohata ba bangata, ba kgelose ba bangata, 12mme ka baka la ho ata ha bokgopo lerato la ba bangata le tla qepha. 13Empa ya tla tiisetsa ho fihlela qetellong, yena o tla pholoswa. 14Molaetsa ona o molemo wa Mmuso o tla phatlalatswa lefatsheng lohle, e le bopaki ho ditjhaba tsohle, mme ebe jwale ho tla bofelo.”
Tlokotsi tse kgolo
(Mar. 13:14-23; Luka 21:20-24)
15“Ha le bona Manyala a Tshenyeho a eme Sebakeng se halalelang, kamoo ho ileng ha bolelwa kateng ke moporofeta Daniele, mmadi a utlwisise se bolelwang! 16Mohlang oo ba leng Judea ba balehele dithabeng; 17motho ya sehlohlolong sa ntlo a se ke a ba a theoha ho ya ntsha thepa ka tlung ya hae; 18le motho ya masimong a se ke a ba a kgutlela hae ho ya lata seaparo sa hae. 19Ho tla ba madimabe baimana le batswetse ba matsatsi ao! 20Rapelang hore paleho ya lona e se be ka nako ya mariha kapa ka tsatsi la Sabatha, 21hobane mohlang oo ho tla ba le ditlokotsi tse kgolo, tse esong ho be teng ho tloha tshimolohong ya lefatshe ho fihlela jwale, mme ha di sa tla ba teng hape. 22Hojane nako eo ha e tlo kgutsufatswa ho ne ho se motho le ya mong ya neng a tla pholoha, empa nako eo e tla kgutsufatswa ka baka la bakgethwa. 23Mohlang oo haeba motho a ka re ho wena: ‘Bona, Kreste ke enwa!’ kapa: ‘Bona, ke eo!’ le se ke la ba la dumela, 24hobane bo-Kreste ba bohata le baporofeta ba bohata ba tla hlaha, mme ba tla etsa dipontsho le dimakatso tse kgolo hore, haeba ho ka etsahala, ba tle ba kgelose le bona bakgethwa. 25Jwale, ke le boleletse e sa le pele.
26“Ka baka leo, haeba ba re ho lona: ‘Bonang, o teng feelleng!’ le se ke la ya teng; kapa: ‘Bonang, o phaposing!’ le se ke la ba la dumela, 27hobane jwalokaha lehadima le tsekema ho tloha botjhabela le be le yo fihla bophirimela, le ho tla ha Mora Motho ho tla ba jwalo. 28Kae le kae moo sefifi se leng teng matlaka a tla bokana teng.”
Ho tla ha Mora Motho
(Mar. 13:24-27; Luka 21:25-28)
29“Hanghang kamora ditlokotsi
tsa matsatsi ao,
letsatsi le tla fifala,
kgwedi ha e na ho bonesa;
dinaledi di tla wa lehodimong,
mabotho a mahodimo
a tla tsukutleha.
30“Jwale pontsho ya Mora Motho e tla hlaha lehodimong, merabe yohle ya lefatshe e tla ikotla difuba ka dillo, mme e tla bona Mora Motho a etla a le hodima maru a lehodimo, ka matla le ka tlotla e kgolo. 31O tla roma mangeloi a hae ka terompeta e modumo o moholo, mme a tla phutha bakgethwa ba hae ba etswa diqoleng tse nne tsa lefatshe, ba etswa pheletsong e ka nqena ya mahodimo ho isa ho e ka nqane.”
Thuto ka sefate sa feiye
(Mar. 13:28-31; Luka 21:29-33)
32“Ithuteng ka setshwantsho sa sefate sa feiye. Ha lekala la sona le nolofala, le fuputsa mahlaku, le ye le tsebe hore lehlabula le haufi. 33Ka mokgwa o jwalo, le lona ha le bona dintho tsena tsohle, tsebang hore o haufi, o monyako. 34Ruri ke a le bolella, moloko ona o ke ke wa fela tseo tsohle di eso etsahale. 35Lehodimo le lefatshe di tla fela, empa mantswe a ka a ke ke a fela.”
Ha ho ya tsebang nako
(Mar. 13:32-37; Luka 17:26-30,34-36)
36“Empa letsatsi leo le hora eo, ha ho ya di tsebang, esita le mangeloi a lehodimo kapa Mora, ha a di tsebe, haese Ntate a le mong feela. 37Jwaloka mehleng ya Nowe, ho tla ba jwalo ha Mora Motho a etla. 38Mehleng eo, e bileng pele ho morallo wa metsi, batho ba ne ba eja, ba enwa, ba nyala, ba nyadisa, ho fihlela letsatsing leo Nowe a neng a kene arekeng ka lona. 39Ha ba a ka ba tseba ho fihlela morallo wa metsi o fihla, o ba hohola kaofela. Ho tla ha Mora Motho le hona ho tla ba jwalo. 40Mohlang oo ba babedi ba tla ba masimong, e mong o tla nkwa, e mong a siuwe; 41basadi ba babedi ba tla be ba sila lelwaleng, e mong o tla nkwa, e mong a siuwe.
42“Ka hona fadimehang, hobane ha le tsebe letsatsi leo Morena wa lona a tla tla ka lona. 43Le a tseba hore hoja monga ntlo a tseba nako eo leshodu le tla tla ka yona bosiu, a ka be a ile a fadimeha, mme a se ke a dumela hore ntlo ya hae e thuuwe. 44Ka baka leo, le lona itokiseng, hobane Mora Motho o tla tla ka nako eo le sa e lebellang.”
Mohlanka ya tshepahalang le ya sa tshepahaleng
(Luka 12:41-48)
45“Jwale ke ofe mohlanka ya tshepahalang, ya bohlale, eo monga hae a mmeileng ho laola ba lelapa la hae, hore a ba fepe ka nako e lokelang?
46“Ho lehlohonolo mohlanka eo ereng ha monga hae a fihla, a mo fumane a etsa jwalo. 47Ruri ke a le bolella, o tla mo etsa modisa wa maruo wohle a hae. 48Empa haeba e le mohlanka ya kgopo, o tla re ka pelong: ‘Monga ka o dieha ho tla,’ 49ebe o qala ho otla balekane ba hae ba bohlanka, mme a je, a nwe le matahwa. 50Monga mohlanka eo o tla tla ka letsatsi leo mohlanka a sa le lebellang, le ka nako eo a sa e tsebeng, 51mme o tla mo kgabelaka, a mmee hara baikaketsi, moo ho tla ba le dillo le ditsikitlano tsa meno.”

Currently Selected:

MATHEU 24: SSO89SO

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in

YouVersion uses cookies to personalize your experience. By using our website, you accept our use of cookies as described in our Privacy Policy