YouVersion Logo
Search Icon

MATHEU 19

19
Jesu o ruta ka tsa tlhalano
(Mar. 10:1-12)
1Yare hoba Jesu a qete dipolelo tsena, a tloha Galelea, a fihla naheng ya Judea, mose ho Jorodane. 2Matshweletshwele a mo latela, mme a a fodisetsa teng.
3Bafarisi ba tla ho yena, ba mmotsa potso ho mo leka, ba re: “Na ho a dumelleha hore motho a hlale mosadi wa hae ka lebaka lefe kapa lefe?”
4A araba, a re: “Na ha le eso bale hore tshimolohong Mmopi ‘o ile a etsa e motona le e motshehadi?’ 5Mme a re: ‘Ka baka lena monna o tla tlohela ntatae le mmae, a matahane le mosadi wa hae, mme ba babedi bao ba tla fetoha ntho e le nngwe.’ 6Kahoo ha ba sa le ba babedi, e se e le ntho e le nngwe. Seo Modimo a se kopantseng se se ke sa arohanngwa ke motho.”
7Ba re ho yena: “Jwale ke ka baka lang Moshe a laetseng hore mosadi ‘a newe lengolo la tlhalo, mme a hlalwe?’ ”
8A re ho bona: “Ka baka la bothata ba dipelo tsa lona, Moshe o ile a le dumella ho hlala basadi ba lona, empa tshimolohong ho ne ho se jwalo. 9Ke a le bolella hore mang le mang ya hlalang mosadi wa hae, haese ka baka la bohlola, a nyala e mong, o a feba.”
10Barutuwa ba hae ba re ho yena: “Haeba boo ke boemo ba ditaba tsa monna le mosadi, ha ho molemo ho nyala.”
11A re ho bona: “Hase bohle ba amohelang polelo ena, e amohelwa feela ke ba abetsweng jwalo, 12hobane ho na le ba tswetsweng e le mahaole; ho na le mahaole a entsweng mahaole ke batho, mme ho na le ba ikentseng mahaole ka baka la Mmuso wa mahodimo. Ya ka amohelang hona, a ke a ho amohele.”
Jesu o hlohonolofatsa bana
(Mar. 10:13-16; Luka 18:15-17)
13Yaba bana ba tliswa ho Jesu hore a ba bee matsoho, a ba rapelle, empa barutuwa ba kgalemela ba ba tlisang.
14Jesu a re: “Lesang bana ba tle ho nna. Le se ke la ba thibela ho tla ho nna, hobane Mmuso wa mahodimo ke wa ba jwaloka bona.” 15A ba bea matsoho, a ikela.
Mohlankana wa morui
(Mar. 10:17-31; Luka 18:18-30)
16Monna e mong a tla ho Jesu, a re: “Moruti, nka etsa eng e molemo, hore ke tle ke be le bophelo bo sa feleng?”
17A mo araba, a re: “Ke ka baka lang ha o mpotsa ka se molemo? O mong feela ya molemo. Haeba o batla ho kena bophelong, boloka Melao.”
18A mmotsa, a re: “Melao efe?”
Jesu a re: “O se ke wa bolaya; o se ke wa feba; o se ke wa utswa; o se ke wa etseletsa motho e mong; 19hlompha ntatao le mmao, mme o rate wa heno jwalokaha o ithata.”
20Mohlankana a re ho yena: “Tsena tsohle ke di bolokile; ke sa hloka eng?”
21Jesu a araba, a re ho yena: “Haeba o batla ho phetheha, eya, o rekise maruo a hao, o abele mafutsana tjhelete eo, mme o tla ba le letlotlo lehodimong; jwale o tle, o ntatele.”
22Empa mohlankana ha a utlwa polelo ena a tsamaya a swabile, hobane o ne a ruile haholo.
23Jesu a re ho barutuwa ba hae: “Ruri ke a le bolella: Ho tla ba thata hore morui a kene Mmusong wa mahodimo. 24Hape ke re ho lona: Ho bonolo hore kamele e tswe lesobeng la nale ho ena le hore morui a kene Mmusong wa Modimo.”
25Barutuwa ba hlollwa haholo ha ba utlwa hoo, ba re: “Ke mang he ya ka pholoswang?”
26Jesu a ba tadima, a re ho bona: “Hona ho sita batho, empa Modimo ha a sitwe ke letho.”
27Yaba Petrose o re ho yena: “Bona, re tlohetse tsohle, ra o latela. Ekaba re tla ba le eng?”
28Jesu a re ho bona: “Ruri ke a le bolella, mohla tsohle di ntjhafatswang, ha Mora Motho a dutse teroneng e tlotlehang ya hae, le lona ba ntatetseng le tla dula diteroneng tse leshome le metso e mmedi, le ahlole meloko e leshome le metso e mmedi ya Iseraele. 29Hape mang le mang ya tlohetseng matlo, bana babo, dikgaitsedi, ntatae, mmae, bana, kapa masimo ka baka la lebitso la ka, o tla putswa halekgolo, mme a rue bophelo bo sa feleng. 30Ba bangata bao e leng ba pele e tla ba ba ho qetela, mme ba ho qetela e be ba pele.”

Currently Selected:

MATHEU 19: SSO89SO

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in

YouVersion uses cookies to personalize your experience. By using our website, you accept our use of cookies as described in our Privacy Policy