YouVersion Logo
Search Icon

MATHEU 18

18
E moholo Mmusong wa mahodimo
(Mar. 9:33-37; Luka 9:46-48)
1Ka nako eo barutuwa ba tla ho Jesu, ba re: “E moholo Mmusong wa mahodimo ke mang?”
2Jesu a bitsa ngwana, a mo emisa kapele ho bona, 3a re: “Ruri ke re ho lona, ha le sa fetohe la tshwana le bana, le ke ke la kena Mmusong wa mahodimo. 4Ka baka leo, ya ikokobetsang jwaloka ngwana enwa ke yena e moholo Mmusong wa mahodimo. 5Mang kapa mang ya amohelang ngwana ya jwaloka enwa lebitsong la ka, o a nkamohela.”
Meleko
(Mar. 9:42-48; Luka 17:1,2)
6“Mang kapa mang ya dihelang sebeng e mong wa ba banyenyane bana ba dumelang ho nna, ho molemo ho yena hore a tlamellwe lelwala molaleng, mme a dihelwe bodibeng ba lewatle. 7Ho madimabe lefatshe ka baka la dikgopiso. Dikgopiso di tlameha ho hlaha, empa ho madimabe motho eo dikgopiso di hlahang ka yena.
8“Haeba letsoho la hao kapa leoto la hao le o dihela sebeng, le pome, o le lahle; ho molemo ho wena ho kena bophelong o le tsohane kapa kotwane ho ena le ho lahlelwa mollong o sa timeng o ena le matsoho a mabedi kapa maoto a mabedi. 9Ha leihlo la hao le o dihela sebeng, le honye, o le lahle; ho molemo ho wena ho kena bophelong o le moihlwe, ho ena le ho lahlelwa mollong wa dihele o le mahlo a mabedi.”
Setshwantsho sa nku e lahlehileng
(Luka 15:3-7)
10“Hlokomelang hore le se ke la nyedisa e mong wa ba banyenyane bana, hobane ke a le bolella: Mangeloi a bona a lehodimong, a bona sefahleho sa Ntate ya mahodimong kamehla. 11Mora Motho o tlile ho pholosa se neng se lahlehile.
12“Le reng na? Ha motho e ena le dinku tse lekgolo, mme e nngwe ya tsona e lahleha, na a ke ke a siya tse mashome a robong a metso e robong dithabeng, a ya batla e lahlehileng? 13Haeba a ka e fumana, ruri ke re ho lona, o tla e thabela ho feta tse mashome a robong a metso e robong tse sa kang tsa lahleha. 14Ka mokgwa o jwalo, Ntata lona ya mahodimong ha a rate hore ho timele le ya mong wa ba banyenyane bana.”
Motho ya etsang sebe
(Luka 17:3)
15“Ha ngwaneno a o sitetswe, eya, o mo nyatse le le inotshi. Haeba a o mamela, e tla ba o hapile pelo ya hae. 16Empa ha a sa o mamele, nka motho a le mong kapa ba babedi, e le hore taba efe kapa efe e tiiswe ka bopaki ba batho ba babedi kapa ba bararo, 17empa ha a hana ho ba mamela, bolella kereke; haeba a hana ho mamela le yona kereke, mo tadime e le mohedene le molekgetho.
18“Ruri ke re ho lona: Tsohle tseo le di tlamang lefatsheng di tla tlangwa lehodimong, mme tsohle tseo le di lokollang lefatsheng di tla lokollwa lehodimong.
19“Hape ke re ho lona: Haeba ba babedi ba lona ba eba ntsweleng nthong e nngwe le e nngwe eo ba e kopang lefatsheng, ba tla e etsetswa ke Ntate ya mahodimong, 20hobane moo ba babedi kapa ba bararo ba phuthehetseng teng ka lebitso la ka, ke teng hara bona.”
Setshwantsho sa ya sa tshwareleng
21Jwale Petrose a tla ho yena, a re: “Morena, ngwaneso ha a ntse a ntshitelwa ke tla mo tshwarela hakae? Hasupa na?”
22Jesu a re ho yena: “Ke re ho wena e seng hasupa, empa ha mashome a supileng hasupa.
23“Ka baka leo, Mmuso wa mahodimo o ka tshwantshwa le kgosi e itseng, e ratileng ho hlahlobisana boemo ba tshebetso le bahlanka ba yona. 24Eitse ha e qala ho etsa jwalo, ya tlisetswa e mong ya nang le molato wa tjhelete e ditalenta tse kete tse leshome. 25Kaha a ne a hloka seo a neng a ka lefa ka sona, monga hae a laela hore a rekiswe hammoho le mosadi wa hae, le bana ba hae, le tsohle tseo a nang le tsona, mme ho lefshwe.
26“Empa mohlanka a itihela maotong a hae, a re: ‘Nkgauhele, ke tla o lefa tsohle.’ 27Monga mohlanka eo a mo utlwela bohloko, a mo lokolla, a mo leballa molato.
28“Empa hoba mohlanka eo a tswe, a kopana le e mong wa balekane ba hae ba bohlanka, ya neng a ena le molato wa didenare tse lekgolo ho yena. A mo tshwara, a mo kgama, a re: ‘Lefa molato wa hao!’
29“Molekane wa hae a itihela maotong a hae, a mo rapela, a re: ‘Nkgauhele, ke tla o lefa.’ 30Empa yena a hana, a ya mo hlahlela tjhankaneng ho fihlela a ka lefa molato. 31Ha balekane ba hae ba bohlanka ba bona se etsahetseng, ba swaba haholo, mme ba ya phetela monga bona tsohle tse etsahetseng.
32“Yaba monga hae o a mmitsa, o re ho yena: ‘Mohlanka ya kgopo, ke o lebaletse molato wohle hobane o ile wa nthapela. 33Na e ne e se tshwanelo hore le wena o hauhele molekane wa hao, jwalokaha le nna ke ile ka o hauhela?’ 34Monga hae a halefa, a mo neela bahlokofatsi ho fihlela a ka lefa molato kaofela.
35“Le Ntate ya mahodimong o tla le etsa jwalo, ha le sa tshwarelane bohle ka pelo tsa lona tsohle.”

Currently Selected:

MATHEU 18: SSO89SO

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in

YouVersion uses cookies to personalize your experience. By using our website, you accept our use of cookies as described in our Privacy Policy