YouVersion Logo
Search Icon

MATHEU 17

17
Tshobotsi ya Jesu e a fetoha
(Mar. 9:2-13; Luka 9:28-36)
1Kamora matsatsi a tsheletseng, Jesu a nka bo-Petrose, Jakobo le Johanne ngwanabo, a nyolohela le bona thabeng e telele, boinotshing. 2A fetoha tshobotsi a le pela bona, sefahleho sa hae sa kganya jwaloka letsatsi, diaparo tsa hae tsa eba tshweu jwaloka lesedi. 3Jwale Moshe le Elia ba iponahatsa ho bona, ba ntse ba bua le Jesu.
4Petrose a re ho Jesu: “Morena, ke hantle ha re le mona; ha o rata ke tla hloma maphephe a mararo mona, le leng e be la hao, le leng e be la Moshe, le leng e be la Elia.”
5Yare a sa bua, leru le kganyang la ba kgurumetsa, lentswe la tswa lerung, la re: “Enwa ke Mora wa ka eo ke mo ratang, ya nkgahlang; mo mameleng.”
6Ha barutuwa ba utlwa hoo, ba itihela fatshe ka difahleho, ba tshohile haholo. 7Jesu a tla ho bona, a ba ama, a re: “Emang, se tshabeng!” 8Yare ha ba phahamisa mahlo a bona ba se ke ba bona motho haese Jesu feela.
9Yare ha ba ntse ba theoha thabeng, Jesu a ba laya, a re: “Le se ke la bolella motho ka pono ena, ho fihlela ha Mora Motho a se a tsositswe bafung.”
10Barutuwa ba mmotsa, ba re: “Ke hobaneng Ditsebi tsa Molao di reng eka kgona Elia a tle pele?”
11A ba araba, a re: “Elia o hlile o a tla, mme o tla busetsa dintho tsohle madulong. 12Empa nna ke re ho lona: Elia o se a ile a tla, mme ha ba a ka ba mo tseba, empa ba ile ba mo etsa kamoo ba ratang kateng; ka mokgwa o jwalo Mora Motho le yena o tla hlokofatswa ke bona.” 13Jwale barutuwa ba utlwisisa hore o ne a bua le bona ka Johanne Mokolobetsi.
Phodiso ya moshanyana ya nang le modemona
(Mar. 9:14-29; Luka 9:37-43)
14Hoba ba fihle hara letshwele, monna e mong a tla ho Jesu, a kgumama kapele ho yena, 15a re: “Morena, hauhela mora wa ka, hobane o shwa sethwathwa, o utlwa bohloko ka ho fetisisa, mme o atisa ho wela mollong le metsing. 16Ke ile ka mo tlisa ho barutuwa ba hao, empa ba sitilwe ho mo fodisa.”
17Jesu a araba, a re: “A moloko o sa dumeleng, o kgopo! Ke tla ba le lona ho fihlela neng? Ke tla le mamella ho fihlela neneng? Mo tliseng ho nna mona!” 18Jesu a mo kgalemela, mme modemona wa tswa ho yena, moshanyana a fola ka yona nako eo.
19Jwale barutuwa ba tla ho Jesu ka lekunutu, ba re: “Ke ka baka lang rona re sitilweng ho leleka modemona?”
20A re ho bona: “Ke hobane tumelo ya lona e a fokola. Kannete ke a le bolella, ke re: Hoja le na le tumelo e kaa ka tlhaku ya mosetareta le ne le tla re ho thaba ena: ‘Sutha mona, o ye mane,’ mme e ne e tla sutha. Ha ho letho le ka le sitang. 21Mofuta ona ha o tswe haese ka thapelo le ka ho itima dijo.”
Jesu o porofeta lefu le tsoho ya hae hape
(Mar. 9:30-32; Luka 9:43-45)
22Ha ba ntse ba tsamaya hammoho Galelea, Jesu a re ho bona: “Mora Motho o se a tla neelwa matsohong a batho, 23mme ba tla mmolaya, empa o tla tsoha bafung ka tsatsi la boraro.” Yaba ba swaba haholo.
Jesu o ntsha lekgetho la Tempele
24Ha ba fihla Kaperenauma, babokelli ba lekgetho la Tempele ba tla ho Petrose, ba re: “Na moruti wa lona o ntsha lekgetho la Tempele?”
25A re: “E, o a le ntsha.”
Ha Petrose a kena ka tlung, Jesu a mo raka, a re: “Wena o reng, Simone? Mahosi a lefatshe a bokella lekgetho la kgwebo kapa la monna ho bomang? Ho bara ba wona kapa ho baditjhaba?”
26Yare ha a re: “Ho baditjhaba,” Jesu a re ho yena: “Ha ho le jwalo, bara ba lokolohile. 27Empa hore re tle re se ke ra ba kgopisa, eya lewatleng, o akgele selope, mme tlhapi eo o tla e tshwasa pele, o e nke, o e ahlamolle, mme o tla fumana setatera; o se nke, o ba nee sona ho lefella rona le wena.”

Currently Selected:

MATHEU 17: SSO89SO

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in

YouVersion uses cookies to personalize your experience. By using our website, you accept our use of cookies as described in our Privacy Policy