YouVersion Logo
Search Icon

MATHEU 15

15
Moetlo wa baholoholo
(Mar. 7:1-23)
1Yaba Bafarisi ba bang le Ditsebi tse ding tsa Molao ba tla ho Jesu ba etswa Jerusalema, ba re: 2“Ke ka baka lang ha barutuwa ba hao ba sa hlomphe moetlo wa baholoholo? Ha ba hatlele ha ba eja.”
3A ba araba, a re: “Ho ya kang ha lona, ka baka la ho boulela moetlo wa lona, le tlola taelo ya Modimo? 4Modimo o itse: ‘Hlompha ntatao le mmao,’ mme hape a re: ‘Ya rohakang ntatae kapa mmae a bolawe.’ 5Empa lona le re, ha motho a ena le seo a ka thusang ntatae kapa mmae ka sona, feela a re: ‘Hona ke mpho ho Modimo,’ 6ha ho sa hlokahala hore a hlomphe ntatae. Ka baka la moetlo wa lona he, le fetotse taelo ya Modimo lefeela. 7Baikaketsi ting! Esaya o porofetile hantle ka lona, ha a re:
8“ ‘Setjhaba sena se ntlhompha
ka melomo ya sona feela,
empa dipelo tsa sona
di hole le nna;
9se nkgumamella lefeela,
empa se ruta dithuto
tseo e leng ditaelo tsa batho!’ ”
Dintho tse silafatsang motho
(Mar. 7:14-23)
10Jesu a bitsa letshwele, a re ho lona: “Mamelang, le utlwisise! 11Se kenang ka molomo ha se silafatse motho, empa se tswang ka molomo ke sona se mo silafatsang.”
12Yaba barutuwa ba tla ho yena, ba re: “Na o a tseba hore Bafarisi ba kgopisitswe ke seo o ileng wa se bua?”
13A ba araba, a re: “Semela se seng le se seng se sa lengwang ke Ntate ya mahodimong se tla motsulwa. 14Ba tloheleng, ke difofu tse tataisang difofu tse ding. Haeba sefofu se tataisa sefofu se seng, bobedi di tla wela ka lengopeng.”
15Petrose a re ho yena: “Ako re qaqisetse se bolelwang ke setshwantsho sena.”
16Jesu a re: “Na le lona le ntse le hloka kutlwisiso? 17Na ha le utlwisise hore se kenang ka molomo se fetisetswa maleng, se nto lahlwa mohlabeng? 18Empa tse tswang ka molomo di tswa pelong, mme ke tsona tse silafatsang motho; 19hobane pelong ho tswa mehopolo e kgopo: polao ya sehloho, bofebe, bohlola, boshodu, bopaki ba leshano le diketseletso. 20Tsena ke tsona tse silafatsang motho, empa ho ja, motho a sa hlapa matsoho, ha ho mo silafatse.”
Tumelo ya mosadi wa Mokanana
(Mar. 7:24-30)
21Jesu a tloha moo a ya dibakeng tsa Tire le Sidone. 22Yaba mosadi wa Mokanana, ya tswang teng, o tla a howa, a re: “Morena, Mora Davida, nkutlwele bohloko! Moradi wa ka o tshwenngwa hampe ke modemona.” 23Empa Jesu a se ke a mo araba. Barutuwa ba hae ba tla, ba mo kopa, ba re: “Mo leleke! Bona kamoo a howang a re setse morao kateng!” 24Jesu a araba, a re: “Ha ho moo ke romilweng, haese dinkung tsa ntlo ya Iseraele tse lahlehileng.”
25Empa mosadi a tla, a itihela maotong a hae, a re: “Nthuse, Morena!”
26Yaba Jesu o re: “Hase hantle ho nka bohobe ba bana, bo akgellwe dintja.”
27Mosadi a re: “Ke nnete, Morena, empa le tsona dintja di ja makumane a wang tafoleng ya monga tsona.”
28Jesu ha a utlwa hona, a re: “Mosadi, tumelo ya hao e kaakang! A ho etswe kamoo o lakatsang kateng!” Mme ho tloha nakong yona eo moradi wa hae a fola.
Jesu o fodisa batho ba bangata
29Hoba Jesu a tlohe sebakeng seo, a nka tsela e tsamayang pela letsha la Galelea, a nyolohela thabeng, a dula teng. 30Matshweletshwele a tla ho yena, a tlisa dihlotsa, difofu, diritsa, dimumu, le ba bang ba bangata, a ba bea pela maoto a hae, mme Jesu a ba fodisa. 31Batho ba hlollwa haholo ha ba bona dimumu di bua, dihlotsa di fodile, diritsa di tsamaya, difofu di bona, mme ba tlotlisa Modimo wa Iseraele.
Jesu o fepa ba dikete tse nne
(Mar. 8:1-10)
32Jesu a bitsa barutuwa ba hae, a re ho bona: “Ke utlwela batho bana bohloko, kahobane ba bile le nna matsatsi a mararo, mme ha ba na letho leo ba ka le jang. Ha ke lakatse ho ba qhala ba eso je, esere mohlomong ba fellwa ke matla tseleng.”
33Barutuwa ba re ho yena: “Ekaba hara lefeella lee re ka fumana hokae bohobe bo lekaneng ho kgorisa letshwele le lekaale?”
34Jesu a ba botsa, a re: “Le na le dinkgwa tse kae?” Ba re: “Ke dinkgwa tse supileng le ditlhatswana tse seng kaenyana.”
35Hoba a laele batho hore ba dule fatshe, 36a nka dinkgwa tse supileng le ditlhatswana; a leboha Modimo, yaba o a ngwatha, o nea barutuwa ba hae, mme bona ba abela matshwele. 37Bohle ba eja, ba kgora, mme ha ba bokella makumane a setseng ba tlatsa diroto tse supileng tse kgolo. 38Ba jeleng e ne e le banna ba dikete tse nne, ho sa balwe basadi le bana. 39Yaba o qhala matshwele, o kena ka sekepeng, o ya naheng ya Magadane.

Currently Selected:

MATHEU 15: SSO89SO

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in

YouVersion uses cookies to personalize your experience. By using our website, you accept our use of cookies as described in our Privacy Policy