YouVersion Logo
Search Icon

MATHEU 14

14
Polao ya Johanne Mokolobetsi
(Mar. 6:14-29; Luka 9:7-9)
1Ka nako eo kgosi Heroda a utlwa botumo ba Jesu. 2A re ho basebeletsi ba hae: “Motho eo ke Johanne Mokolobetsi; o tsohile bafung; ka baka leo, matla a hlollang a sebetsa ka ho yena.”
3Heroda o ne a ile a tshwara Johanne, a mo tlama, mme a mo kenya tjhankaneng ka baka la Herodiase, mohatsa moena hae Filipi. 4Johanne o ne a ile a re ho Heroda: “Ha ho dumellehe hore o mo nyale.” 5Heroda o ne a rata ho mmolaya, empa a tshaba batho, hobane ba ne ba tadima Johanne e le moporofeta.
6Mohla mokete wa kgopotso ya tswalo ya Heroda, moradi wa Herodiase a etsa motjeko pontsheng ho bona, mme a kgahlisa Heroda; 7ka baka leo, a mo tshepisa ka ho ikana hore o tla mo fa eng kapa eng eo a ka e kopang.
8Ka ho susumetswa ke mmae, morwetsana a re: “Mphe hona mona, ka mokeke, hlooho ya Johanne Mokolobetsi.”
9Mmusisi a swaba, empa ka baka la kano ya hae, le ka baka la ba leng dijong le yena, a laela hore a e newe. 10Yaba o laela hore Johanne a kgaolwe hlooho tjhankaneng. 11Hlooho ya hae ya tliswa ka mokeke, ya newa morwetsana, mme yena a e isa ho mmae. 12Barutuwa ba Johanne ba tla, ba nka setopo, ba se epela; ba nto ya tsebisa Jesu.
Jesu o fepa ba dikete tse hlano
(Mar. 6:30-44; Luka 9:10-17; Joh. 6:1-14)
13Yare ha Jesu a utlwa pehi eo, a tloha moo ka sekepe, a ikela nahathothe boinotshing. Matshwele ha a utlwa a mo latela ka maoto, a etswa metseng. 14Ha Jesu a etswa sekepeng, a bona letshwelehadi, a utlwela batho bohloko, mme a fodisa bakudi ba bona.
15Ha ho phirima, barutuwa ba hae ba tla ho yena, ba re: “Mona ke nahathothe, mme nako e se e ile; lokolla batho bana, ba tle ba yo ithekela dijo metseng.”
16Empa Jesu a re ho bona: “Ha ho hlokahale hore ba tsamaye; ba fepeng e le lona.”
17Ba re ho yena: “Mona ha re na letho haese dinkgwa tse hlano le ditlhapi tse pedi.”
18A re: “Ntlisetseng tsona mona.” 19Hoba a laele matshwele ho dula jwanng, a nka dinkgwa tseo tse hlano le ditlhapi tseo tse pedi, a lelalla lehodimong, a boka, a ngwatha dinkgwa, a di nea barutuwa, mme ba di abela matshwele. 20Ba eja bohle, ba kgora; yaba ho bokellwa makumane a setseng, mme a tlatsa diroto tse leshome le metso e mmedi. 21Ba jeleng e ne e le banna ba ka bang dikete tse hlano, ho sa balwe basadi le bana.
Jesu o tsamaya hodima metsi
(Mar. 6:45-52; Joh. 6:15-21)
22Kapelepele Jesu a laela barutuwa ba hae ho kena ka sekepeng, ho mo etella pele ho ya mose wane, ha yena a ntse a qhala matshwele. 23Hoba a a qhale, a nyolohela thabeng ho ya rapela boinotshing, ha ba ha phirima a ntse a le mong hona moo. 24Sekepe sona se ne se se se le hole le lebopo, se tsukutlwa ke maqhubu, hobane se ne se tobane le moya.
25Kameso, Jesu a ya ho bona a tsamaya hodima metsi. 26Ha barutuwa ba mmona a tsamaya hodima metsi, ba tshoha, ba re: “He! ke sethotsela!” mme ba bokolla ke ho tshaba.
27Yaba Jesu o phakisa a bua le bona, a re: “Kgobang matshwafo! Ke nna, se tshabeng!”
28Petrose a mo araba, a re: “Morena, haeba ke wena, ntaele hore ke tle ho wena ke tsamaya hodima metsi.”
29A re: “Tloo!” Yaba Petrose o tswa sekepeng, o tsamaya hodima metsi, o leba ho Jesu. 30Empa ha a utlwa moya wa sefefo a tshoha, a qala ho teba, mme a howa, a re: “Morena, mpholose!”
31Hanghang Jesu a nanabetsa letsoho, a mo phamola, a re ho yena: “Wena ya tumelo e fokolang! O belaetse ka lebaka lang?”
32Hoba ba kene ka sekepeng, moya wa teba. 33Ba neng ba le ka sekepeng ba mo kgumamela, ba re: “Kannete o Mora wa Modimo!”
Jesu o fodisa bakudi Genesareta
(Mar. 6:53-56)
34Yare ha ba se ba tsheletse mose, ba fihla lebopong la Genesareta. 35Ha banna ba sebaka seo ba se ba mo tsebile, ba hlaba mokgosi sebakeng seo sohle, mme batho ba mo tlisetsa bohle ba kulang. 36Ba mo kopa hore a ba dumelle ho ama feela qola ya seaparo sa hae mme bohle ba e amileng ba fola.

Currently Selected:

MATHEU 14: SSO89SO

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in

YouVersion uses cookies to personalize your experience. By using our website, you accept our use of cookies as described in our Privacy Policy