YouVersion Logo
Search Icon

MALAKIYA 1

1
1Ona ke molaetsa wa Morena. Morena a bua ho Baiseraele ka molomo wa Malakiya, a re:
Morena o rata Baiseraele
2“Ke a le rata,” ho rialo Morena.
“Empa lona le a mpotsa, le re: ‘O re bontshitse jwang hore o a re rata?’
“Na Esau e ne e se ngwanabo Jakobo?” ho rialo Morena. “Leha ho le jwalo ke ile ka rata Jakobo, 3Esau yena ka mo hloya, ka fetola dithaba tsa hae matswatlare, lefa la hae lona ka le tlohella dibatana tsa naha.”
4Baedomo ba ka nna ba re: “Leha re ripitlilwe, re tla boela re tsosa dithako tsa rona,” empa Morena wa mabotho o bua tjena: “Ba tla haha, empa nna ke tla heletsa. Ba tla bitswa Naha e Kgopo, ba bitswe setjhaba seo Morena a se halefelang kamehla.”
5Tsena le tla di bona ka mahlo a lona, ebe le re: “Morena o moholo; boholo ba hae bo tsejwa le ka nqane ho meedi ya naha ya Iseraele!”
Morena o kgalemela baprista
6“Mora o hlompha ntatae, mohlanka le yena o hlompha monga hae. Haeba nna ke le ntata lona, ha le ntlhomphe keng? Haeba nna ke le monga lona, ha le ntshabe keng?” ho rialo Morena wa mabotho. “Lona baprista, ke lona ba tlontlollang lebitso la ka.
“Empa le a mpotsa, le re: ‘Re tlontlolotse lebitso la hao jwang?’
7“Aletareng ya ka le nyehela ka dijo tse silafetseng.
“Empa le a mpotsa, le re: ‘Re o hlompholotse jwang?’
“Ke ha le re tafole ya Morena e a eiseha. 8Na ke hantle ha le nyehela ka phoofolo e foufetseng, le nketsetsa sehlabelo ka phoofolo e hlotsang kapa e kulang? Lekang feela le nyehelle mmusi wa lona ka phoofolo e jwalo! Na hoo ho ka mo thabisa? Na le ka amoheleha ho yena?” ho rialo Morena wa mabotho.
9“Jwale lona le re: ‘A re ipiletseng ho Morena hore a re hauhele.’ Na a ka le amohela ka dinyehelo tse jwalo?” ho rialo Morena wa mabotho.
10“Hoja e mong wa lona a ka mpa a kwala mamati a Tempele, le tle le se ke la hotetsa mello e se nang thuso hodima aletare ya ka! Ha ke a le thabela ho hang!” ho rialo Morena wa mabotho. “Le nyehelo e tswang matsohong a lona ha nka ke ka e amohela. 11Ho tloha botjhabela ho isa bophirimela, lebitso la ka le tla ba leholo hara ditjhaba. Dibakeng tsohle ke tla nyehellwa ka sehlabelo sa mokubetso, le sa dinyehelo tse hlwekileng, hobane lebitso la ka le tla ba leholo hara ditjhaba,” ho rialo Morena wa mabotho.
12“Empa lona le ntlontlolla ka ho bua ka tafole ya Morena, le re: ‘E silafetse!’ Le ka dijo tsa yona le re: ‘Di a nyediseha!’ 13Le bile le re: ‘Ke ntho e tenang hakaakang!’ mme le e swenyetsa dinko,” ho rialo Morena wa mabotho.
“Ha le tlisa phoofolo e utswitsweng, kapa e hlotsang, kapa e kulang, mme le nnyehella ka yona, na nka e amohela matsohong a lona?” ho rialo Morena. 14“Ho madimabe mothetsi eo ereng ha a ena le phoofolo e tona mohlapeng wa hae, e ka amohelehang, a ikane hore o tla nyehela ka yona, empa ebe o etsetsa Morena sehlabelo ka e nang le sepha! Etswe nna ke kgosi e kgolo,” ho rialo Morena wa mabotho, “mme ke lokela ho hlomphuwa hara ditjhaba.”

Currently Selected:

MALAKIYA 1: SSO89SO

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in

YouVersion uses cookies to personalize your experience. By using our website, you accept our use of cookies as described in our Privacy Policy